Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 27


Karolo ea 27

Ts’enolo e fanoeng ho Moporofeta Joseph Smith, Harmony Pennsylvania, ka Phato 1830. Tokisetsong ea ts’ebeletso ea bolumeli moo teng selallo sa bohobe le veine se neng se tla hlohonolofatsoa, Joseph o ne a ile ho ea batla veine. O ile a eteloa ke morumuoa oa leholimo ‘me a fumana ts’enolo ena, karoloana ea eona e ile ea ngoloa ka nako eo ‘me e setseng ka Loetse e hlahlamang. Metsi joale a se a sebelisoa ho e-na sa veine ts’ebeletsong ea selallo ea kereke.

1–4, Lipapiso tse tla sebelisoa ha ho nkoa selallo lia etsoa; 5–14, Kreste le bahlanka ba hae ho tsoa mekhahlelong eohle ba tla nka selallo; 15–18, Aparang lihlomo tsohle tsa Molimo.

1 Mamelang lentsoe la Jesu Kreste, Morena oa lona, Molimo oa lona, le Mopholosi oa lona, eo lentsoe la hae le potlakang ‘me le matla.

2 Hobane, bonang, ke re ho lona, hore ha ho tsotellehe hore na le tla ja eng, kapa le tla noa eng ha le nka sellallo, haeba feela le etsa ka leihlo le leng tlotlisong ea ka—e le khopotso ho Ntate ka ‘mele oa ka oo ke o telletseng lona, le mali a ka ao a ts’ollotsoeng bakeng sa ts’oarelo ea libe tsa lona.

3 Ka baka leo, taelo eo ke le nehang eona, hore ha le na ho reka veine leha e le seno se thata sa lira tsa lona;

4 Ka baka leo, ha le na ho nka letho ntle le hore se nchafatsoe har’a lona; ee, ‘musong oona oa Ntate oo tla ahoa lefats’eng.

5 Bonang, hona ke bohlale ho ‘na; ka baka leo, le se ke la makala, hobane hora ea tla eo ke tla noa tholoana ea veine le lona lefats’eng, ‘me le Moroni, eo ke mo rometseng ho lona ho sibolla Buka ea Mormone, e nang le evangeli ea ka felletseng e sa feleng, eo ho eena ke faneng ka linotlolo tsa lingoliloeng tsa lere la Ephraime;

6 ‘Me hape le Elia, eo ho eena ke faneng ka linotlolo tsa ho phethisa tsosoloso ea lintho tsohle tse builoeng ka melomo ea baporofeta ba halalelang ho tloha lefats’e le thehiloe, malebana le matsatsi a ho qetela;

7 ‘Me hape le Johanne mora oa Sakaria, eleng Sakaria (Elia) ea ileng a mo etela ‘me a mo fa ts’episo hore o lokela ho ba le mora, ‘me lebitso la hae e lokela ho ba Johanne, ‘me o lokela ho tlatsoa ka moea oa Elia;

8 E leng Johanne eo ke mo rometseng ho lona, bahlanka baka, Joseph Smith, le Oliver Cowdery, ho le beha matsoho bakeng sa boprista ba pele boo le bo amohetseng, hore le ke le bitsoe ‘me le behoe matsoho esita le joaloka Aarone;

9 ‘Me hape Elija, eo ho eena ke faneng ka linotlolo tsa matla a ho fetolela lipelo tsa bo-ntate ho bana ba bona, le lipelo tsa bana ho bo-ntat’a bona, hore lefats’e lohle le se ke la otloa ka thohako;

10 ‘Me hape le Josefa, Jakobo, le Isaka, le Abrahama, bo-ntat’ao, bao lits’episo li lutseng ho bona;

11 ‘Me hape le Mikaele, kapa Adama, ntat’a bohle, khosana ea bohle, matsatsing a khale-khale;

12 ‘Me hape le Petrose, Jakobo, le Johanne, bao ke ba rometseng ho lona, bao ka bona ke le behileng matsoho le ho le tiisa ho ba baapostola, le lipaki tse khethehileng tsa lebitso la ka, ‘me le be le linotlolo tsa boruti ba lona le ba lintho tse ts’oanang tseo ke li senotseng ho bona;

13 Ho bao ke ba nehileng linotlolo tsa ‘muso oa ka, le mokhahlelo oa evangeli bakeng sa linako tsa ho qetela; le bakeng sa bophetheho ba linako, moo ke tlang ho bokella lintho tsohle, ka bobeli tse leholimong, le tse lefats’eng;

14 ‘Me hape le bohle bao Ntate a ‘neileng bona ho tsoa lefats’eng.

15 Ka baka leo, phahamisang lipelo tsa lona le nyakalle, ‘me le tlame matheka a lona, ‘me le inkele lihlomo tsa ka, hore le tle le hlole bobe ba letsatsi, kamor’a ho etsa tsohle, hore le tle le tsebe ho ema.

16 Emang, ka baka leo, le tlamme matheka a lona ka ‘nete, le apere mokhajoana oa ho loka, le maoto a lona a koahetsoe ka tokiso ea evangeli ea khotso, moo ke rometseng mangeloi a ka ho ba le lona;

17 Le nkile thebe ea tumelo eo ka eona le tlang ho tseba ho hlola liteko tsohle tsa e mobe;

18 ‘Me le nke helemete ea poloko, le sabole ea Moea oa ka oo ke tla o ts’ollela holim’a lona, le lentsoe la ka leo ke le senolang ho lona, ‘me ho lumellanoe malebana le lintho tsohle tseo le tla li kopa ho ‘na, ‘me le ts’epahale ho fihlela ke tla, ‘me le tla nkeloa leholimong, hore moo ke teng le tla ba teng. Amen.