Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 20


Karolo ea 20

Ts’enolo ka tlhophiso ea kereke le tsamaiso, e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith Fayette kapa pela teng, New York. Likaroloana tsa ts’enolo ena li ka be li fanoe pelenyana ho lehlabula la 1829. Ts’enolo e felletseng eo ka nako eo e ileng ea tsebahala e le Lintlha le Lilekane, mohlomong e ile ea hatisoa hang kamor’a la 6 ‘Mesa 1830 (letsatsi leo kereke e ileng ea hlophisoa ka lona). Moporofeta o ngotse, “Re fumane ho eena [Jesu Kreste] tse latelang, ka moea le ka boporofeta; seo ha sea re fa feela tlhahiso-leseling, empa hape se re bonts’itse hantle letsatsi leo ka lona ho ea ka thato ea hae le taelo, re lokelang ho tsoelapele ho hlophisa kereke ea hae mona lefats’eng.”

1–16, Buka ea Mormone e netefatsa bomolimo ba mosebetsi oa mehla ea kajeno; 17–28, Lithuto tsa tumelo ka popo, ho oela, topollo, le kolobetso lia tiisoa; 29–37, Melao e tsamaisang pako, tokafatso, khalalelo, le kolobetso lia hlahisoa; 38–67, Mesebetsi ea baholo, baruti, litichere, le badiakone ea akaretsoa; 68–74, Mesebetsi ea litho, tlhohonolofatso ea bana, le mokhoa oa kolobetso oa hlahisoa; 75–84, Lithapelo tsa Selallo le melaoana e tsamaisang botho ba kereke lia fanoa.

1 Ho tsoha ha kereke ea Kreste matsatsing ana a ho qetela, e leng lilemong tse sekete makholo a robeli le mashome a mararo ho tloha ha Morena le Mopholosi Jesu Kreste a tlile ka nama, eona e hlophisitsoe ka nepo le ho thehoa ka ho lumellana le melao ea naha ea habo rona, ka thato le litaelo tsa Molimo, ka khoeli ea bone, ‘me ka letsatsi la bots’elela la khoeli e bitsoang ‘Mesa—

2 Litaelo tseo tse ileng tsa fanoa ho Joseph Smith, ea ileng a bitsoa ke Molimo, ‘me a behoa matsoho e le moapostola oa Jesu Kreste, ho ba moholo oa pele oa kereke;

3 Le ho Oliver Cowdery, eo le eena a ileng a bitsoa ke Molimo, moapostola oa Jesu Kreste, ho ba moholo oa bobeli oa kereke ena, le ho behoa matsoho ke eena;

4 ‘Me sena ho latela mohau oa Morena le Mopholosi oa rona Jesu Kreste, eo khanya eohle e lebisoang ho eena, hajoale le ka ho sa feleng. Amen.

5 Kamor’a hore kannete ho bonahatsoe ho moholo enoa oa pele hore o fumane ts’oarelo ea libe tsa hae, o ile a ts’oasoa hape ke lefeela la lefats’e;

6 Empa kamor’a hore a bake ‘me a ikokobetse ka tieo, ka tumelo, Molimo o ile a mo etela ka lengeloi le halalelang, leo sefahleho sa lona e neng e ka lehalima, ‘me leo liaparo tsa lona li neng li hloekile ho feta bosoeu bohle.

7 ‘Me a mo neha litaelo tse ileng tsa mo susumetsa;

8 ‘Me a mo neha matla a tsoang leholimong, ka mokhoa o neng o ile oa lokisoa pele, ho fetolela Buka ea Mormone;

9 E ts’etseng lingoliloeng tsa batho ba ileng ba oela, le evangeli e feletseng ea Jesu Kreste ho Balichaba hape le ho Ba-Juda;

10 E ileng ea fanoa ka ts’usumetso, ‘me e netefalitsoe ho ba bang ka ketelo ea mangeloi, ‘me e phatlalalitsoe lefats’eng ka ‘ona—

11 Ho paka ho lefats’e hore mangolo a halalelang ke ‘nete, le hore Molimo o fela a susumetsa batho ‘me o ba bitsetsa mosebetsing oa hae o halalelang ka nako ena le molokong oona, esita le melokong ea khale;

12 E le ho bonts’a hore ke Molimo o ts’oanang maobane, kajeno le ka ho sa feleng. Amen.

13 Ka baka leo, ka ho ba le lipaki tse ngata hakaalo, ka tsona lefats’e le tla ahloloa, esita le ba bangata kamorao ho mona ba tlang ho tla tsebong ea mosebetsi oona.

14 ‘Me bao ba o fumanang ka tumelo, ‘me ba sebetsa ka ho loka, ba tla fumana moqhaka oa bophelo ba bosafeleng.

15 Empa bao ba thatafatsang lipelo tsa bona ka ho se lumele, ‘me ba le latola, le tla fetoha thohako ho bona—

16 Hobane Morena Molimo o boletse; ‘me rona, baholo ba kereke, re utloile ‘me ra beha bopaki ho mantsoe a Morena ea leholimong ea khanyang, eo thoriso e isoang ho eena kamehla le mehla. Amen.

17 Ka lintho tsena rea tseba hore ho na le Molimo leholimong, ea se nang pheletso ‘me oa bosafeleng, ho tloha ka ho sa feleng ho isa ka ho sa feleng Molimo ea ts’oanang ea sa fetoheng, ‘mopi oa leholimo le lefats’e, le lintho tsohle tse ho lona;

18 ‘Me o ile a bopa motho, e motona le e mots’ehali, ka sets’oants’o sa hae le ka sebopeho sa hae, a bopa bona;

19 ‘Me a ba neha litaelo hore ba lokela ho ratana le ho mo sebeletsa, Molimo ea ‘nots’i ea phelang oa ‘nete, le hore ke eena feela eo ba lokelang ho mo khumamela.

20 Empa ka ts’ito ea melao ena e halalelang batho ba ile ba fetoha ba litakatso tsa nama le botemona, ‘me ba ile ba fetoha batho ba oeleng.

21 Ka baka leo, Molimo ea Matla ‘Ohle o ile a nehelana ka Mora oa hae ea Tsoetsoeng A ‘Nots’i, joaloka ha ho ngoliloe ka mangolong ao a halalelang a fanoeng ke eena.

22 O ile a mamella liteko empa ha ka a li mamela.

23 O ile a thakhisoa, a shoa, ‘me a tsoha hape ka letsatsi la boraro;

24 ‘Me a nyolohela leholimong, ho lula ka letsohong le letona la Ntate, ho busa ka matla ‘ohle ho latela thato ea Ntate;

25 Hore joaloka ha bongata bo ka lumela ‘me bo kolobetsoe ka lebitso la hae le halalelang, ‘me ba mamelle ho isa qetellong ka tumelo, ba lokeloa ke ho pholosoa—

26 Ha se feela bao ba ileng ba lumela ho eena kamor’a hore a tle bohareng ba nako, ka nama, empa bohle bao ho tloha qalong, esita le joaloka bongata bo neng bo le teng pele a e-tla, bo ileng ba lumela mantsoeng a baporofeta ba halalelang, ba ileng ba bua joaloka ha ba ile ba susumetsoa ka mpho ea Moea o Halalelang, bao ruri ba ileng ba paka ka eena linthong tsohle, ba lokela ho ba le bophelo ba bosafeleng,

27 Esita le bao ba tlang ho tla kamorao, ba lokelang ho lumela ho lineo le lipitso tsa Molimo ka Moea o Halalelang, o pakang ka Ntate le ka Mora;

28 Bao Ntate, Mora, le Moea o Halalelang e leng Molimo o le mong, ea se nang pheletso ‘me oa bosafeleng, ea se nang bofelo. Amen.

29 ‘Me rea tseba hore batho bohle ba lokela ho baka le ho lumela lebitsong la Jesu Kreste, ‘me ba khumamele Ntate ka lebitso la hae, ‘me ba mamelle ka tumelo lebitsong la hae ho isa qetellong, kapa ba ke ke ba bolokoa ‘musong oa Molimo.

30 ‘Me rea tseba hore tokafatso ka mohau oa Morena le Mopholosi Jesu Kreste e lokile ‘me ke ‘nete;

31 ’Me hape rea tseba, hore khalalelo ka mohau oa Morena le Mopholosi Jesu Kreste e lokile ‘me ke ‘nete, ho bohle ba ratang le ho sebeletsa Molimo ka matla le mehopolo ea bona eohle.

32 Empa ho na le monyetla oa hore batho ba ka oela ho tloha mohaung ‘me ba tloha ho Molimo ea phelang;

33 Ka baka leo e tsang hore kereke e ele hloko ‘me e rapele kamehla, esere ba oela molekong;

34 Ee, esita le ho etsa hore bao ba halalelitsoeng ho ela hloko le bona.

35 ‘Me rea tseba hore lintho tsena ke ‘nete ‘me ho latela ts’enolo tsa Johanne, leha e le ho tlatsetsa, kapa ho fokotsa ho tsoa ho boporofeta ba buka ea hae, mangolo a halalelang, kapa ts’enolo tsa Molimo tse tlang ho tla kamor’a mona ka neo le matla a Moea o Halalelang, lentsoe la Molimo, kapa bosebeletsi ba mangeloi.

36 ‘Me Morena Molimo o boletse; ‘me hlompho, matla le khanya li isoe ho lebitso la hae le halalelang, hajoale le kamehla. Amen.

37 ‘Me hape, ka tsela ea taelo ho kereke malebana le tsela ea kolobetso—Bohle ba ikokobetsang ka pele ho Molimo, ‘me ba lakatsa ho kolobetsoa, ‘me ba tla ka lipelo tse robehileng le moea o soabileng, ‘me ba paka ka pele ho kereke hore ruri ba bakile libeng tsa bona, ‘me ba ikemisetsa ho inkela lebitso la Jesu Kreste, ba na le boikemisetso ba ho mo sebeletsa ho fihlela qetellong, ‘me ruri ba bonahatsa ka mesebetsi ea bona hore ba amohetse Moea oa Kreste ho isa ts’oarelong ea libe tsa bona, ba tla amoheloa ka kolobetso ka kerekeng ea hae.

38 Mosebetsi oa baholo, baprista, baruti, badiakone, le litho tsa kereke ea Kreste—Moapostola ke moholo, ‘me ke pitso ea hae ho kolobetsa;

39 Le ho beha matsoho baholo ba bang, baprista, baruti le badiakone;

40 Le ho hlohonolofatsa bohobe le veine—mats’oao a nama le mali a Kreste—

41 Le ho tiisa bao ba kolobelitsoeng ka kerekeng, ka peho ea matsoho bakeng sa kolobetso ea mollo le Moea o Halalelang, ho ea ka mangolo a halalelang;

42 Le ho ruta, ho manolla, ho eletsa, ho kolobetsa, le ho alosa kereke;

43 Le ho netefatsa kereke ka peho ea matsoho, le ho fana ka Moea o Halalelang;

44 Le ho tsamaisa likopano tsohle.

45 Baholo ba lokela ho tsamaisa likopano joaloka ha ba tsamaisoa ke Moea o Halalelang, ho latela litaelo le ts’enolo tsa Molimo.

46 Mosebetsi oa moprista ke ho rera, ho ruta, ho manolla, ho eletsa, le ho kolobetsa, le ho hlohonolofatsa selallo,

47 Le ho etela ntlo ea setho se seng le se seng, le ho ba eletsa hore ba rapele ka ho buoa le lekunutung, le ho etsa mesebetsi eohle ea lelapa.

48 ‘Me a ka beha matsoho baprista ba bang, baruti, le badiakone.

49 ’Me o lokela ho etella pele likopano ha ho sena moholo ea teng;

50 Empa ha ho na le moholo ea teng, a ka rera feela, a ruta, a manolla, a eletsa, ’me a kolobetsa,

51 ’Me a etele ntlo ea setho se seng le se seng, a ba eletse ho rapela ka ho bua le lekunutung le ho etsa mesebetsi eohle ea lelapa.

52 Mesebetsing ena eohle, moprista o lokela ho thusa moholo haeba maemo a hloka joalo.

53 Mosebetsi oa moruti ke ho alosa kereke kamehla, ‘me a be le bona le ho ba matlafatsa;

54 ’Me a bone hore ha ho be le bokhopo ka har’a kereke, leha e le khohlano e mong ho e mong, leha e le leshano, lits’ebo, kapa ho buoana hampe;

55 ’Me a bone hore kereke e kopana hammoho khafetsa, ‘me a bone hore litho tsohle li etsa mosebetsi oa tsona.

56 ’Me o lokela ho etella pele likopano bosieong ba moholo kapa moprista—

57 ’Me o lokela ho thusoa kamehla, mesebetsing ea hae eohle ka har’a kereke, ke badiakone, haeba ho hlokahala.

58 Empa baruti kapa badiakone ha ba na matla a ho kolobetsa, ho hlohonolofatsa selallo, kapa ho beha matsoho;

59 Leha ho le joalo, ba lokela ho hlokomelisa, ho manolla, ho eletsa, le ho ruta, le ho mema bohle ho tla ho Kreste.

60 Moholo, moprista, moruti, kapa modiakone e mong le e mong o lokeloa ho behoa matsoho ho latela lineo le lipitso tsa Molimo ho eena; ‘me o lokela ho behoa matsoho ka matla a Moea o Halalelang, o leng ka ho eena ea mo behang matsoho.

61 Baholo ba bangata ba bopang kereke ena ea Kreste ba kopana sebokeng hanngoe likhoeling tse tharo, kapa nako le nako joaloka ha liboka tse boletsoeng li tla tataisa kapa ho khetha;

62 ‘Me libokeng tseo tse boletsoeng, ba lokela ho etsa mesebetsi efe kapa efe ea kereke e hlokahalang hore e etsoe ka nako eo.

63 Baholo ba lokela ho fumana litokomane tsa bona tsa tumello ho tsoa ho baholo ba bang, ka kananelo ea kereke eo ba leng ho eona, kapa ho tsoa libokeng.

64 Moprista, moruti, kapa modiakone, e mong le e mong ea behiloeng matsoho ke moprista, a ka nka lengolo ho eena ka nako, leo lengolo ha le fanoa ho moholo, le tla mo fa tokelo ho ba le tokomane ea tumello, e tla mo fa tokelo ea ho etsa mesebetsi ea pitso ea hae, kapa a ka e fumana sebokeng.

65 Ha ho motho ea lokelang ho behoa matsoho bakeng sa ofisi efe kapa efe kerekeng ena, moo ho nang le lekala le ts’oanang le hlophisitsoeng, ntle le ka khetho ea kereke eo;

66 Empa baholo ba okametseng, babishopo ba etang, litho tsa lekhotla la tsamaiso, baprista ba baholo, le baholo, ba ka ba le monyetla oa ho beha matsoho moo ho se nang lekala la kereke hore khetho e ka bitsoa.

67 Mookameli e mong le e mong oa boprista bo boholo (kapa moholo ea okametseng), mobishopo, moeletsi e moholo, le moprista e moholo, o lokela ho behoa matsoho ka tataiso ea boeletsi bo boholo kapa seboka se akaretsang.

68 Mosebetsi oa litho kamor’a hore ba fumane kolobetso—Baholo kapa baprista ba lokela ho ba le nako e lekaneng ho hlakisa lintho tsohle malebana le kereke ea Kreste ho isa kutloisisong ea bona, pele ba nka selallo le ho tiisoa ka peho ea matsoho ke baholo, hore lintho li tle li etsoe ka tatellano.

69 ’Me litho li tla bonahatsa ka pele ho kereke, hape le ka pele ho baholo, ka ho tsamaea ka ho loka le ka puisano, hore ba loketsoe ke eona, hore ho ke ho be le mesebetsi le tumelo e lumellanang le mangolo a halalelang—ho tsamaea ka ho halalela ka pele ho Morena.

70 Setho se seng le se seng sa kereke ea Kreste se nang le bana se lokela ho ba tlisa ho baholo ka pele ho kereke, ba lokelang ho beha matsoho a bona holim’a bona ka lebitso la Jesu Kreste, ‘me ba ba hlohonolofatse ka lebitso la hae.

71 Ha ho mang ea ka amoheloang ka har’a kereke ea Kreste ntle le ha a fihlile lilemong tsa boikarabello kapel’a Molimo, ’me a ka tseba ho baka.

72 Kolobetso e lokela ho etsoa ka mokhoa o latelang ho bohle ba bakang—

73 Motho ea bitsitsoeng ke Molimo ‘me a na le tokelo e tsoang ho Jesu Kreste ea ho kolobetsa, o tla theohela ka metsing le motho ea itlhahisitseng bakeng sa kolobetso, ‘me o tla re, a mo bitsa ka lebitso la hae: Joaloka ha ke romiloe ke Jesu Kreste, ke u kolobetsa ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang. Amen.

74 Ebe o tla mo inela ka metsing, ‘me a tsoe hape ka metsing.

75 Ho bohlokoa hore kereke e kopane hammoho khafetsa ho nka bohobe le veine khopotsong ea Morena Jesu;

76 ’Me moholo kapa moprista o tla se hlohonolofatsa; ’me ke ka mokhoa oona a tlang ho se hlohonolofatsa—o tla khumama le kereke ’me a bitse ho Ntate ka thapelo e hlomphehang, a re:

77 Oho Molimo, Ntate oa Bosafeleng, re u kopa ka lebitso la Mora oa hau, Jesu Kreste, ho hlohonolofatsa le ho halaletsa bohobe bona, ho meea ea bohle ba bo nkang, hore ba tle ba je e le khopotso ea ’mele oa Mora oa hau, ’me ba pake ho uena, Oho Molimo, Ntate oa Bosafeleng, hore ba ikemiselitse ho inkela lebitso la Mora oa hau, ’me ba mo hopole kamehla ’me ba boloke litaelo tsa hae tseo a ba fileng tsona; hore kamehla Moea oa hae o tle o be le bona. Amen.

78 Mokhoa oa ho hlohonolofatsa veine—o tla nka senoelo hape, ’me a re:

79 Oho Molimo, Ntate oa Bosafeleng, re u kopa ka lebitso la Mora oa hau, Jesu Kreste, ho hlohonolofatsa le ho halaletsa veine ena, ho meea ea bohle ba e noang, hore ba tle ba etse seo e le khopotso ea mali a Mora oa hau, a ts’olletsoeng bona; hore ba tle ba pake ho uena, Oho Molimo, Ntate oa Bosafeleng, hore ba mo hopole kamehla, hore Moea oa hae o tle o be le bona. Amen.

80 Setho se fe kapa se fe sa kereke ea Kreste se sitang, kapa se fumanoang se le molato, ho tla sejetsoa ka eena joaloka ha mangolo a halalelang a tataisa.

81 E tla ba mosebetsi oa likereke tse ngata, tse bopang kereke ea Kreste, ho romella e mong kapa ba bangata ba baruti ho ea libokeng tse ’maloa tse ts’oaroang ke baholo ba kereke,

82 Ka lethathamo la mabitso a litho tse ‘maloa tse ikopantseng le kereke ho tloha sebokeng se fetileng; kapa le rometsoeng ka letsoho la moprista e mong; hore lethathamo la mabitso le tloaelehileng la kereke eohle le ka bolokoa ka bukeng ea e mong oa baholo, ofe kapa ofe eo baholo ba tlang ho mo khetha nako le nako;

83 ’Me hape, haeba ba bang ba lelekoa kerekeng, hore mabitso a bona a tle a hlakoloe bukeng ea mabitso e akaretsang ea kereke.

84 Litho tsohle tse tlohang kerekeng ea moo li phelang, haeba li ea kerekeng eo li sa tsejoeng, li ka nka lengolo le pakang hore ke litho tsa kereke tse tloaelehileng ‘me li ntse li le maemong a lokileng, leo lengolo le ka tekenoang ke moholo kapa moprista haeba setho se fumanang lengolo se tsebana le moholo kapa moprista, kapa le ka tekenoa ke baruti kapa badiakone ba kereke.