Lithuto tsa Tumelo le Lilekane
Karolo ea 1
Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith ka la 1 Pulungoana 1831, nakong ea seboka se khethehileng sa baholo ba Kereke se ileng sa ts’oareloa Hiram, Ohio. Ts’enolo tse ngata li ile tsa fumanoa ho tsoa ho Morena pele ho nako ena, ’me pokello ea tsona bakeng sa phatlalatso ka mokhoa oa buka e ne e le e ’ngoe ea litaba tse ka sehloohong tse ileng tsa ts’ohloa sebokeng seo. Karolo ena e bopa selelekela sa Morena sa lithuto tsa tumelo, lilekane, le litaelo tse fanoeng mokhahlelong oona.
1–7, Lentsoe la tlhokomeliso le ho batho bohle; 8–16, Koeneho le bokhopo li etella Ho Tla Lekhetlo la Bobeli; 17–23, Joseph Smith o bitsoa ho tsosolosa lefats’eng linnete le matla a Morena; 24–33, Buka ea Mormone ea tlisoa ’me Kereke ea ’nete ea thehoa; 34–36, Khotso e tla tlosoa lefats’eng; 37–39, Batlisisang litaelo tsena.
1 Mamelang, oho, lona batho ba kereke ea ka, ho rialo lentsoe la eo ea lulang leholimong, ’me eo mahlo a hae a leng holim’a batho bohle; e kannete ke re: Mamelang lona batho ba tsoang hole; le lona bao le leng lihlekehlekeng tsa leoatle, mamelang hammoho.
2 Hobane kannete lentsoe la Morena le ho batho bohle, ’me ha ho ea tla phonyoha; ’me ha ho leihlo le ke keng la bona, leha e le tsebe e ke keng ea utloa, leha e le pelo e ke keng ea phunyeletsoa.
3 ’Me bakoenehi ba tla hlajoa ke masoabi a maholo; hobane bokhopo ba bona bo tla boleloa ka bona holim’a matlo, ’me liphiri tsa bona li tla pepesoa.
4 ’Me lentsoe la tlhokomeliso le tla ba ho batho bohle, ka melomo ea barutuoa ba ka, bao ke ba khethileng matsatsing ana a ho qetela.
5 ’Me ba tla tsamaea ’me ha ho mang ea tla ba thiba, hobane ’na Morena ke ba laetse.
6 Bonang, ena ke tokelo ea ka le tokelo ea bahlanka ba ka, le selelekela sa ka ho buka ea litaelo tsa ka, eo ke ba fileng hore ba e phatlalatse ho lona, oho baahi ba lefats’e lena.
7 Ka baka leo, ts’abang le thothomele, oho lona batho, hobane seo ’na Morena ke ba laetseng sona se tla phethahala.
8 ’Me kannete ke re ho lona, hore bao ba tsamaeang, ba isa litaba tsena ho baahi ba lefats’e, ho bona matla a fanoe a ho tiisa ka bobeli lefats’eng le leholimong, ba sa lumeleng le bakoenehi;
9 Ee, kannete, ho ba tiisetsa ho fihlela letsatsi leo ha khalefo ea Molimo e tla ts’olleloa kantle holim’a ba khopo ntle le tekanyetso—
10 Ho fihlela letsatsi leo Morena a tlang ho tla lefisa motho e mong le e mong ho latela mesebetsi ea hae, ’me a lekanyetse ho motho e mong le e mong ho latela tekanyetso eo a e lekanyelitseng batho ba habo.
11 Ka baka leo lentsoe la Morena le ho lipheletso tsa lefats’e, hore bohle ba tlang ho utloa ba ke ba utloe:
12 Itokiseng lona, itokisetseng lona bakeng sa seo se tlang, hobane Morena o haufi;
13 ’Me khalefo ea Morena ea tuka, le sabole ea hae e hlatsoitsoe leholimong, ’me e tla oela holim’a baahi ba lefats’e.
14 ’Me letsoho la Morena le tla senoloa; ’me letsatsi lea tla leo bao ba tlang ho sitoa ho utloa lentsoe la Morena, leha e le lentsoe la bahlanka ba hae, leha e le ho mamela mantsoe a baporofeta le baapostola, ba tla khaoloa ho tsoa har’a sechaba seo;
15 Hobane ba khelohile lits’ebeletsong tsa ka, ’me ba robile selekane sa ka se sa feleng.
16 Ha ba batlane le ha Morena a theha ho loka ha hae, empa motho e mong le e mong o tsamaea ka tsela ea hae, ho latela sets’oants’o sa molimo oa hae, oo sets’oants’o sa oona se ts’oanang le sa lefats’e, ’me oo boleng ba oona e leng ba molingoana, oo o tsofalang ’me o tlang ho timela Babylona, esita le Babylona eo e kholo, eo e tlang ho oela.
17 Ka baka leo, ’na Morena, ka ho tseba tlokotsi e tlang ho tla holim’a baahi ba lefats’e, ke ile ka bitsa mohlanka oa ka Joseph Smith, ’me ka bua le eena ho tsoa leholimong, ’me ka mo fa litaelo;
18 ’Me hape ka fana ka litaelo ho ba bang, hore ba tle ba phatlalatse lintho tsena ho lefats’e; ’me sena sohle hore ho tle ho phethahale, seo se ileng sa ngoloa ke baporofeta—
19 Lintho tse fokolang tsa lefats’e li tla tla ’me li heletse tse kholo le tse matla, hore motho a tle a sitoe ho eletsa motho e mong oa habo, leha e le ho ts’epa letsoho la nama—
20 Empa hore motho e mong le e mong a ke a bue ka lebitso la Morena Molimo, esita le Mopholosi oa lefats’e;
21 Hore hape tumelo e ke e eketsehe lefats’eng;
22 Hore selekane sa ka se sa feleng se ke se thehoe;
23 Hore evangeli ea ka e felletseng e ke e phatlalatsoe ke ba fokolang le ba senang tsebo ho isa lipheletsong tsa lefats’e, le ka pele ho marena le babusi.
24 Bonang, ke Molimo ’me ke li buile; litaelo tsena ke tsa ka, ’me li ile tsa fanoa ho bahlanka ba ka mefokolong ea bona, ho latela mokhoa oa puo ea bona, hore ba ke ba tle kutloisisong.
25 ’Me ha feela ba fositse, ho ke ho tsebahale;
26 ’Me ha feela ba batlile bohlale ba ke ba laeloe;
27 ’Me ha feela ba sitiloe ba ke ba khalengoe, hore ba ke ba bake;
28 ’Me ha feela ba ne ba ikokobelitse ba ne ba ka etsoa ho ba matla, le ho hlohonolofatsoa ho tsoa holimo, ’me ba fumane tsebo nako le nako.
29 ’Me kamor’a hore a amohele lingoliloeng tsa Ba-Nefi, ee, esita le mohlanka oa ka Joseph Smith, a ka ba le matla a ho fetolela ka mohau oa Molimo, ka matla a Molimo, Buka ea Mormone.
30 ’Me hape ho bao litaelo tsena li fanoeng, ba ke ba be le matla a ho beha motheo oa kereke ena, le ho e nts’a moo e patehileng le ho tsoa lefifing, kereke eo e leng eona feela ea ’nete e phelang holim’a sefahleho sa lefats’e lohle, eo ka eona ’na, Morena, ke khahliloeng haholo, ke bua ho kereke ka kakaretso e seng ka bonngoe—
31 Hobane ’na Morena ke sitoa ho sheba sebe ka pallo e nyenyane ea tumello;
32 Leha ho le joalo, ea bakang ’me a etsa litaelo tsa Morena o tla ts’oareloa;
33 ’Me ea sa bakeng, ho eena ho tla nkoa esita le khanya eo a e fumaneng; hobane Moea oa ka o tla sitoa ho lula o na le motho ea joalo, ho rialo Morena oa Makhotla.
34 ’Me hape, kannete ke re ho lona, oho baahi ba lefats’e: ’Na Morena ke ikemiselitse ho etsa hore lintho tsena li tsebahale ho nama eohle;
35 Hobane ha ke ee ka ts’obotsi ea batho, ’me ke batla hore batho bohle ba tle ba tsebe hore letsatsi le tla ka potlako; hora ha e-so fihle, empa e haufi, ha khotso e tla tlosoa lefats’eng, ’me diabolose o tla ba le matla holim’a puso ea hae.
36 ’Me hape Morena o tla ba le matla holim’a bahalaleli ba hae, ’me o tla rena har’a bona, le ho theohela ka kahlolo holim’a Edomo kapa lefats’e.
37 Batlisisang litaelo tsena, hobane ke ’nete ’me lia ts’epahala, ’me boporofeta le lits’episo tse ka ho tsona, tsohle li tla phethahala.
38 Seo ’na Morena ke se buileng, ke se buile, ’me ha ke itatole; ’me le ha maholimo le lefats’e li ka feta, lentsoe la ka ha le na ho feta, empa tsohle li tla phethahala, hore na ke ka lentsoe la ka kapa ka lentsoe la bahlanka ba ka, hoa ts’oana.
39 Hobane talimang, le bone, Morena ke Molimo, ’me Moea oa paka, le lingoliloeng tseo ke ’nete, ’me ’nete e hlola ka ho sa feleng le ka mehla le mehla. Amen.