Karolo ea 19
Ts’enolo e fanoeng ka Joseph Smith, Manchester, New York, mohlomong e ne le hlabula ka 1829. Paleng ea hae, Moporofeta o e hlahisa e le “taelo ea Molimo ’me eseng ea motho, ho Martin Harris, e fanoeng ke eena oa Bosafeleng.”
1–3, Kreste o na le matla ’ohle; 4–5, Batho bohle ba lokela ho baka kapa ba sotlehe; 6–12, Kahlolo ea Bosafeleng ke kahlolo ea Molimo; 13–20, Kreste o sotlehetse bohle, hore ba tle ba se ke ba sotleha haeba ba ka baka; 21–28, Ruta evangeli ea pako; 29–41, Phatlalatsang litaba tse molemo.
1 Ke ’na Alfa le Omega, Kreste Morena; ee, ke ’na eena, qalo le qetello, Molopolli oa lefats’e.
2 ’Na, ka ho fihlela le ho phetha thato ea eo ke leng oa hae, esita le eo e leng Ntate, malebana le ’na—ka ho etsa sena hore nke ke behe lintho tsohle tlas’a taolo ea ka—
3 Ke ntse ke na le matla ’ohle, esita le ho timetsa Satane le mesebetsi ea hae pheletsong ea lefats’e, le letsatsi la ho qetela la kahlolo, eo ke tla e fetisetsa ho baahi ba lefats’e, ho ahlola motho e mong le e mong ho latela mesebetsi ea hae le liketso tseo a li entseng.
4 ’Me ruri motho e mong le e mong o tlameha ho baka kapa a sotlehe, hobane ’na, Molimo, ha kena qetello.
5 Ka baka leo, ha ke hlakole likahlolo tseo ke tlang ho li fetisa, empa bomalimabe bo tla ea pele, lillo, mesarelo le litsikitlano tsa meno, ee, ho ba tla fumanoa ka letsohong la ka le le ts’ehali.
6 Leha ho le joalo, ha ho’a ngoloa hore ha hona ho ba le qetello ea tlhokofatso ena, empa ho ngotsoe tlhokofatso e sa feleng.
7 Hape, ho ngotsoe tsuo e sa feleng; ka baka leo, e tebile ho feta mangolong a mang a halalelang, hore e ka sebetsa holim’a lipelo tsa bana ba batho, hammoho bakeng sa tlotliso ea lebitso la ka.
8 Ka baka leo, ke tla hlalosa ho lona sephiri sena, hobane hoa lokela ho lona ho tseba esita le joaloka baapostola ba ka.
9 Ke bua le lona bao ba khethiloeng nthong ena, esita le joaloka ea mong, hore le ke le kene phomolong ea ka.
10 Hobane, bonang, sephiri sa bomolimo, se seholo hakakang! Hobane bonang, ha ke na qetello, ’me kahlolo e fanoang ho tsoa letsohong la ka ke kahlolo e sa feleng, hobane Ho sa feleng ke lebitso la ka. Ka baka leo—
11 Kahlolo ea bosafeleng ke kahlolo ea Molimo.
12 Kahlolo e sa feleng ke kahlolo ea Molimo.
13 Ka baka leo, ke le laela ho baka, ’me le boloke litaelo tseo le li amohetseng ka letsoho la mohlanka oa ka Joseph Smith, ka lebitso la ka;
14 ’Me ke ka matla a ka ohle le li amohetseng.
15 Ka baka leo, ke le laela ho baka—bakang, ho tloha moo ke tla le otla ka lere la molomo oa ka le ka khalefo ea ka, le ka bohale ba ka, ’me lits’otleho tsa lona li tla ba bohloko—bohloko bo joang ha le tsebe, bo tebileng joang ha le tsebe, ee, kamoo ho leng thata ka teng ho mamella ha le tsebe.
16 Hobane bonang, ’na Molimo, ke mamelletse lintho tsena bakeng sa bohle, hore ba ke ba se ke ba hlokofala ha e-ba ba ka baka.
17 Empa ha ba sa bake, ba tlameha ho hlokofala joaloka ’na.
18 Tlhokofatso eo e bakileng hore ’na, esita ke le Molimo, ea moholo-holo ka ho fetisisa, ho thothomela ka lebaka la bohloko, le ho lutla mali masojoaneng ’ohle, le ho hlokofala ’meleng le moeeng—le hore eke nka se ke ka noa senoelo seo se babang, ’me ka se qoba.
19 Leha ho le joalo, khanya e isoe ho Ntate, ’me ke entse le ho qeta boitokisetso ba ka ho bana ba batho.
20 Ka baka leo, ke le laela hape ho baka, esere ka le kokobetsa ka matla a ka ’ohle, ’me hore le ipolele libe, esere la hlokofatsoa ke likotlo tsena tseo ke buileng ka tsona, tseo tse nyenyane ka ho fetisisa, ee, esita le tekanyo e tlase ka ho fetisisa eo le kileng la e latsoa ka nako eo ke ileng ka le amoha Moea oa ka.
21 ’Me ke le laela hore le se ke la ruta letho ha e se pako, ’me le se ke la bonts’a lintho tsena ho lefats’e ho fihlela e le bohlale ho ’na.
22 Hobane ba sitoa ho mamella nama hajoale, empa lebese ba tlamehile ho le fumana; ka baka leo, ha ba tlameha ho tseba lintho tsena, esere ba timela.
23 Ithute ka ’na, mamela mantsoe a ka; tsamaea ka bonolo ba Moea oa ka, ’me u tla ba le khotso ho ’na.
24 Ke ’na Jesu Kreste; ke tlile ka thato ea Ntate, ’me ke etsa thato ea hae.
25 ’Me hape, ke u laela hore u se ke ua lakatsa mosali oa oa heno; kapa hona ho batla bophelo ba hae.
26 ’Me hape, ke u laela hore u se ke ua lakatsa thepa tsa hau, empa u fane ka tsona ka bolokolohi khatisong ea Buka ea Mormone, e nang le ’nete le lentsoe la Molimo—
27 Leo e leng lentsoe la ka ho Molichaba, hore haufi le ke le ee ho Ba-Juda, bao Ba-Lamane e leng masalla a bona, hore ba ke ba lumele evangeli eo, ’me ba se ke ba sheba ho Messia ea tlang ho tla eo a seng a tlile.
28 ’Me hape, ke u laela hore u rapele ka lentsoe hape le ka pelong ea hau; ee, ka pele ho lefats’e hape le sephiring, ponts’eng hape le lekunutung.
29 ’Me u tla bolela litaba tse molemo, ee, li phatlalatse holim’a lithaba, le libakeng tsohle tse phahameng, le har’a batho bohle bao u tlang ho lumelloa ho ba bona.
30 ’Me u tla etsa seo ka boikokobetso, u ts’epile ho ’na, u sa rohake ba rohakanang.
31 ’Me ka bolumeli u se ke ua bua, empa u tla phatlalatsa pako le tumelo ho Mopholosi, le ts’oarelo ea libe ka kolobetso, le ka mollo, ee, esita le ka Moea o Halalelang.
32 Bona, ena ke eona taelo e kholo le ea ho qetela eo ke u nehang eona malebana le taba ena; hobane sena se tla lekana bakeng sa motsamao oa hau oa letsatsi le letsatsi, esita le ho isa qetellong ea bophelo ba hau.
33 ’Me mahlomola u tla a fumana haeba u ke ke ua natsa likeletso tsena, ee, esita le timelo ea hau le thepa ea hau.
34 Fana ka karoloana ea thepa ea hau, esita le karolo ea mobu oa hau, le tsohle ntle le tse ts’ehetsang lelapa la hau.
35 Lefa sekoloto sa hau seo u lumellaneng le mophatlalatsi ka sona. Itokolle litlamong.
36 Siea ntlo le lehae la hau, ntle le ha u lakatsa ho bona lelapa la hau;
37 ’Me u bue ka bolokolohi ho bohle, ee, ruta, khothatsa, phatlalatsa ’nete, esita le ka lentsoe le phahameng, ka molumo oa thabo, u ntse u hooa—Hosana, hosana, ho rorisoe lebitso la Morena Molimo!
38 Rapela ka mehla, ’me ke tla ts’ollela Moea oa ka holim’a hau, ’me tlhohonolofatso ea hau e tla ba e kholo—ee, esita le ho feta ka moo u ka fumanang matlotlo a lefat’se le bobolu ho isa tekanyong ea lona.
39 Bona, na u ka bala sena ntle le ho thaba le ho phahamisa pelo ea hau ka nyakallo?
40 Kapa na u ka matha ha lelele u le motataisi oa sefofu?
41 Kapa u ka ikokobetsa u be bonolo, ’me u its’oare ka bohlale ka pele ho ’na? Ee, tloho ho ’na Mopholosi oa hau. Amen.