Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 18


Karolo ea 18

Ts’enolo ho Moporofeta Joseph Smith, Oliver Cowdery le David Whitmer e fanoeng Fayette, New York ka Phuptjane 1829. Ho latela Moporofeta, ts’enolo ena e ile ea tsebahatsa “pitso ea baapostola ba leshome le metso e ’meli matsatsing ana a ho qetela, hape le litaelo tse amanang le ho ahoa ha Kereke.”

1–5, Mangolo a halalelang a bonts’a hore Kereke e ahoa joang; 6–8, Lefats’e le ntse le butsoa ka bokhopo; 9–16, Boleng ba meea bo boholo; 17–25, Ho fumana poloko, batho ba tlameha ho inkela lebitso la Kreste; 26–36, Pitso le thomo ea ba Leshome le Metso e ’Meli lia senoloa; 37–39, Oliver Cowdery le David Whitmer ba tla batla ba Leshome le Metso e ’Meli; 40–47, Ho fumana poloko, batho ba tlameha ho baka, ho kolobetsoa le ho boloka litaelo.

1 Joale, bona, ka lebaka la ntho eo uena, mohlanka oa ka Oliver Cowdery, u batlileng ho e tseba ho tsoa ho ’na, ke u fa mantsoe ana:

2 Bona, ke bonahalitse ho uena, ka Moea oa ka makhetlo a mangata, hore lintho tseo u li ngotseng ke ’nete; ka baka leo ua tseba hore ke ’nete.

3 ’Me haeba ua tseba hore ke ’nete, bona, ke fana ka taelo ho uena, hore u its’etlehe holim’a lintho tse ngotsoeng;

4 Hobane ka ho tsona lintho tsohle li ngotsoe malebana le motheo oa kereke ea ka, evangeli ea ka le lefika la ka.

5 Ka baka leo, haeba u tla aha kereke ea ka, holim’a motheo oa evangeli ea ka le lefika la ka, likhoro tsa lihele li ke ke tsa hlola khahlanong le uena.

6 Bona lefats’e le ntse le butsoa ka bokhopo; ’me ho hlokahala hore bana ba batho ba hlohlelletsoe pakong, ka bobeli balichaba hape le ba ntlo ea Iseraele.

7 Ka baka leo, joaloka ha u se u kolobelitsoe ka matsoho a mohlanka oa ka Joseph Smith, ho latela eane eo ke mo laetseng eona, o phethahalitse ntho eo ke mo laetseng eona.

8 ’Me joale u se ke ua makala hore ke mo bitselitse morerong oa ka, morero o tsebahalang ho ’na; ka baka leo, haeba o tla ba mafolofolo ho bolokeng litaelo tsa ka, o tla hlohonolofala ho isa bophelong ba bosafeleng; ’me lebitso la hae ke Joseph.

9 ’Me joale Oliver Cowdery, ke bua le uena, hape le ho David Whitmer ka tsela ea taelo; hobane, bonang ke laela batho bohle hohle ho baka ’me ke bua ho lona, esita le joaloka ho Paulosi moapostola oa ka, hobane le bitsitsoe esita le joaloka pitso eo a neng a e bitselitsoe.

10 Hopolang hore boleng ba meea bo boholo mahlong a Molimo;

11 Hobane, bonang, Morena le Molopolli oa lona o ile a mamella lefu nameng; ka baka leo, o ile a mamella bohloko ba batho bohle, hore batho bohle ba ke ba bake ’me ba tle ho eena.

12 ’Me o ile a tsoha hape bafung, hore a ke a tlise batho bohle ho eena, ka lipehelo tsa pako.

13 ’Me nyakallo ea hae e kholo hakaakang ho moea o bakang!

14 Ka baka leo, le bitselitsoe ho hoelehetsa pako ho batho bana.

15 ’Me haeba ho tla etsahala hore le sebetse matsatsi ’ohle a lona le hoelehetsa pako ho batho bana, ’me le tlise leha e le moea o le mong ho ’na, nyakallo ea lona e tla ba e kholo hakaakang le eena ’musong oa Ntate!

16 ’Me joale, haeba nyakallo ea lona e tla ba e kholo ka moea o le mong oo le u tlisitseng ho ’na ’musong oa Ntate, nyakallo ea lona e tla ba kholo hakaakang haeba le ka tlisa meea e mengata ho ’na!

17 Bonang, le na le evangeli ea ka ka pel’a lona, le lefika la ka le poloko ea ka.

18 Kopang ho Ntate ka lebitso la ka ka tumelo, le lumela hore le tla fuoa,’me le tla ba le Moea o Halalelang, o bonahatsang lintho tsohle tse lokelehang ho bana ba batho.

19 ’Me haeba le se na tumelo, ts’epo le lerato la sebele, le ke ke la etsa letho.

20 Ho se be le kereke eo le loanang khahlanong le eona, ntle le ha e le kereke ea diabolosi.

21 Inkeleng lebitso la Kreste, ’me le bue ’nete ka tieo.

22 ’Me joaloka ha ba bangata ba baka ’me ba kolobetsoa ka lebitso la ka, e leng la Jesu Kreste ’me ba mamella ho isa qetellong, ba joalo ba tla pholosoa.

23 Bonang, Jesu Kreste ke lebitso le fanoeng ke Ntate ’me ha ho le leng lebitso le fanoeng leo motho a ka khonang ho pholosoa.

24 Ka baka leo, batho bohle ba tlameha ho inkela lebitso leo le fanoeng ke Ntate, hobane ke ka lebitso leo ba tlang ho bitsoa ka letsatsi la ho qetela;

25 Ka baka leo, haeba ba sa tsebe lebitso leo ba bitsoang ka lona, ba tla sitoa ho ba le sebaka ’musong oa Ntate.

26 ’Me joale, bonang, ho na le ba bang ba bitselitsoeng ho phatlalatsa evangeli ea ka, ka bobeli ho Molichaba le ho Mo-Juda;

27 Ee, esita le ba leshome le metso e ’meli; ’me ba Leshome le ’Metso e ’Meli e tla ba barutuoa ba ka; ’me ba tla inkela lebitso la ka; ’me ba Leshome le Metso e ’Meli ke bona bao ba tla lakatsa ho inkela lebitso la ka ka morero oa pelo e phethahetseng.

28 ’Me haeba ba lakatsa ho inkela lebitso la ka ka morero oa pelo e phethahetseng, ba bitsetsoa hore ba ee lefats’eng lohle ho ruta evangeli ea ka ho libupuoa tsohle.

29 ’Me ke bona bao ba behiloeng matsoho ke ’na ho kolobetsa ka lebitso la ka, ho latela sane se ngotsoeng;

30 ’Me le na le seo se ngotsoeng ka pele ho lona; ka baka leo, le tlameha ho se etsa ho latela mantsoe ao a ngotsoeng.

31 ’Me joale ke bua le lona ba Leshome le Metso e ’Meli—Bonang, mohau oa ka o lekane bakeng sa lona; le tlameha ho tsamaea le otlolohile ka pele ho ’na ’me le se ke la etsa sebe.

32 ’Me bonang, le bao ba behiloeng matsoho ke ’na hore le behe ba bang matsoho hore ebe baprista le baruti; ho phatlalatsa evangeli ea ka ho latela matla a Moea o Halalelang o ka ho lona, ’me le ho latela lipitso le lineo tsa Molimo ho batho;

33 ’Me ’na Jesu Kreste, Morena oa lona le Molimo oa lona ke e buile.

34 Mantsoe ana ha se a batho kapa a motho, empa a ka; ka baka leo, le tla paka hore ke a ka ’me eseng a motho;

35 Hobane ke lentsoe la ka le a buang ho lona; hobane a fanoe ke Moea oa ka ho lona ’me ke ka matla a ka le ka khonang ho a ballana; ’me ntle le hore ebe ke ka matla a ka le ne le tla sitoa ho ba le ’ona;

36 Ka baka leo, le ka paka hore le utloile lentsoe la ka ’me le tseba mantsoe a ka.

37 ’Me joale bonang, ke fana ho uena, Oliver Cowdery hape le ho David Whitmer hore le tla batla ba Leshome le Metso e ’Meli, ba tla ba le litakatso tseo ke buileng ka tsona.

38 ’Me ka litakatso le mesebetsi ea bona, le tla ba tseba.

39 ’Me ha le ba fumane le tla ba bonts’a lintho tsena.

40 ’Me le tla oela fats’e le khumamele Ntate ka lebitso la ka.

41 ’Me le tlameha ho ruta lefats’e, le re: Le tlameha ho baka le ho kolobetsoa, ka lebitso la Jesu Kreste;

42 Hobane batho bohle ba tlameha ho baka ’me ba kolobetsoe, ’me eseng banna feela empa le basali, le bana ba seng ba fihlile lilemong tsa boikarabello.

43 ’Me joale, kamor’a hore le fumane tsena, le tlameha ho boloka litaelo tsa ka linthong tsohle;

44 ’Me ka matsoho a lona, ke tla sebetsa mosebetsi o tsotehang har’a bana ba batho, ho kholiseng ba bangata ka libe tsa bona, hore ba ke ba tle pakong, le hore ba ke ba tle ’musong oa Ntate;

45 Ka baka leo, litlhohonolofatso tseo ke le fang tsona li ka holimo ho lintho tsohle.

46 ’Me kamor’a hore le fumane sena, haeba le sa boloke litaelo tsa ka le ke la pholosoa ’musong oa Ntate.

47 Bonang, ’na, Jesu Kreste, Morena oa lona le Molimo oa lona, le Molopolli oa lona, ka matla a Moea oa ka ke a buile. Amen.