Mangolo a halalelang
Bopaki ba Lipaki tse Tharo


Bopaki ba Lipaki tse Tharo

Ho ke ho tsebahale ho lichaba tsohle, maloko, maleme le batho bao mosebetsi ona o tla tla ho bona: Hore rona, ka mohau oa Molimo Ntate, le oa Morena Jesu Kreste, re bone matlapa a ngotsoeng pale ena, eo e leng pale ea batho ba Nefi, le hape ba Ba-Lamane, ba habo bona, hape le batho ba Jarede, ba neng ba tsoa toreng eo ho seng ho buuoe ka eona. ’Me hape rea tseba hore li fetoletsoe ka mpho le matla a Molimo, hobane lentsoe la hae le re boleletse joalo; ka baka leo, re tseba e le ka tieo hore mosebetsi ona ke oa ’nete. ’Me hape re paka hore re bone lingoliloeng tse holima matlapa ao; ’me re li bonts’itsoe ka matla a Molimo, ’me eseng a motho. ’Me re bolela ka mantsoe a hlaphohetsoeng, hore lengeloi la Molimo le ile la theoha ho tsoa leholimong, ’me le ile la tlisa ’me la beha ponts’eng ea mahlo a rona, hore re bone le ho sheba matlapa ao, le lingoliloeng tse ho oona; ’me rea tseba hore ke ka mohau oa Molimo Ntate, le ka Morena oa rona Jesu Kreste, hore re ile ra bona ’me re paka hore lintho tsena ke ’nete. ’Me ea tsoteha mahlong a rona. Leha ho le joalo, lentsoe la Morena le ile la re laela hore re hloka ho paka ka eona; ka baka leo, hore re mamele litaelo tsa Molimo, re beha bopaki ba lintho tsena. ’Me rea tseba hore ha re na le tumelo ho Kreste, re tla tlosa mali a batho bohle liaparong tsa rona, ’me re fumanoe re sena letheba ka pela setulo sa kahlolo sa Kreste, ’me re tla phela ka ho sa feleng maholimong. ’Me tlotla e isoe ho Ntate, le ho Mora, le ho Moea o Halalelang, e leng Molimo o le mong. Amen.

Oliver Cowdery

David Whitmer

Martin Harris