Mangolo a halalelang
Bopaki ba Moporofeta Joseph Smith


Bopaki ba Moporofeta Joseph Smith

Mantsoe a Moporofeta Joseph Smith ka ho tla ha Buka ea Mormone ke ana:

“Mantsiboea a … la mashome a mabeli a motso o mong ka Loetse [1823] … ke ile ka etsa thapelo le kopo ea boikokobetso ho Molimo ea Matla Ohle. …

“Nako eo ke ntseng ke le ketsong ea ho hoeletsa ho Molimo joalo, ke ile ka fumana khanya e hlaha ka kamoreng ea ka, e ileng ea ’na ea eketseha ho fihlela kamore e khanya ho feta mots’eare o moholo, ha hang-hang motho a ile a hlaha pela moalo oa ka, a eme moeeng, hobane maoto a hae a ne a sa thetsa fats’e.

“O ne a apere seaparo se bosoeu bo botle-tle. E ne e le bosoeu bo fetang ntho efe kapa efe ea lefatsé eo nkileng ka e bona; le ha ele ho lumela hore ke eng ntho ea lefatsé e ka etsoang hore e bonahale e le tsóeu ka ho fetisisa le ho khanya haholo. Liatla tsa hae li ne li hlobotse, hape le liphaka tsa hae, hanyane ka holima leqaqailana la seatla; joalo, hape, maoto a hae a ne a hlobotse, joale ka menoto ea hae, hanyane ka holima maqaqailana a maoto. Hlooho ea hae le molala li ne li le fela. Ke ile ka fumana hore o ne a sa apara letho ntle le seaparo sena, ka ha se ne se bulehile, hore ha ho le joalo, ke bone sefubeng sa hae.

“E ne e se fela seaparo sa hae se sesoeu ka ho fetisisa, empa le botho ba hae bo ne bo khanya ho feta kamoo nka hlalosang, ’me sebopeho sa hae eka lehalima e le kannete. Kamore e ne e khanya ka ho fetisisa, empa e sa khanye haholo joale ka haufi le ho potoloha botho ba hae. Ha ke ne ke qala ho mo sheba, ke ne ke tsóhile; empa letsoalo le ile la potlaka la ntlohela.

“O ile a mpitsa ka lebitso, ’me a re ho ’na e ne e le morumuoa ea ronngoeng ho ’na ho tsoa ho Molimo, le hore lebitso la hae e ne e le Moroni; hore Molimo o ne a ena le mosebetsi bakeng sa ka oo ke tlo u etsa; le hore lebitso la ka le tla tsebelloa botleng le bobeng hara lichaba tsohle, maloko le maleme, kapa hore le tla buuoa bobeli hantle le hampe hara batho bohle.

“O ile a re hona le buka e bolokiloeng, e ngotsoeng holima matlapa a khauta, a fanang ka pale ea baahi ba khale ba tikoloho ena, le mohloli oo ba neng ba tsoa ho oona. Hape o ile a re evangeli e phethahetseng ea ka ho sa feleng e ne e le ka hara eona, joale ka ha e ne e fanoe ke Mopholosi ho baahi bao ba khale-khale;

“Hape, hore ho ne ho ena le majoe a mabeli a thatetsoeng ka seqha sa silivera—’me majoe ana, a neng a tlameletsoe mokhajoaneng, e ne e le se bitsoang Urime le Thumanime—a neng a bolokiloe le matlapa; ’me ho nka le ho sebelisa majoe ana e ne e le ho bitsoang ‘liboni’ khale-khale kapa nakong tsa ho feta; ’me Molimo o ne a lokisitselitse morero oa phetolelo ea buka ena. …

“Hape, o ile a mpolella, hore ha ke fumana matlapa ao a seng a buile ka oona—Hore nako eo li tlang ho fumaneha ka eona ha e so phethahatsoe—Ke se ke be ka li bontsá motho ofe kapa ofe; le ha e le mokhajoana oa Urime le Thumanime; ho fela bao ke tla laeloa ho ba bontsá tsona; ha nka etsa joalo ke tla timetsoa. Ha a ntse a bua le ’na ka matlapa ao, pono e ile ea buleha kelellong ea ka moo ke ileng ka bona sebaka seo matlapa o bolokiloeng ho sona, le hona ka ho hlaka le ka ho khethahala hoo ke ileng ka tseba sebaka seo ha ke se etetse.

“Kamora puisano eo, ke ile ka bona khanya e neng e le ka kamoreng hang e qala ho phutheha ho potoloha botho ba ea neng a ntse a bua le ’na, ’me e ile ea tsoela pele ho etsa joalo ho fihlela kamore e sala e le lefifi hape, ntle le ho mo potoloha; ha hang-hang ke ile ka bona, kamoo e leng ka teng, khoro ea buleha ho ea leholimong, ’me o ile a nyoloha ho fihlela a nyamela ka botlalo, ’me kamore e ile ea sala e le kamoo e neng e le ka teng pele khanya ena ea leholimo e hlaha.

“Ke ile ka paqama ka nahanisisa ka ho khetholoha ha pono ena, ’me ke tsota haholo ka seo ke neng ke se boleletsoe ke moromuoa enoa ea makatsang; ha ke ntse ke lohotha, hang-hang ke ile ka fumana hore kamore ea ka e boetse e qala ho khanya hape, ’me hang-hang, ka moo ho neng ho le ka teng, moromuoa eloa oa leholimo o ne a le pela moalo oa ka hape.

“O ile a qala, ’me a pheta hape lintho tsela tseo a ileng a li etsa ketelong ea hae ea pele, ntle le phetoho le e nyane; eo kamora ho etsa joalo a ileng a ntlhaha leseling ka likahlolo tse kholo tse neng li tla lefatséng, le mahlomoleng a maholo a tlala, sabole, lefu la seoa; le hore likahlolo tsena tse utloisang bohloko li tla tla lefatséng molokong ona. Ha a se a boletse lintho tsena, o ile a boela a nyoloha joale ka ha a ile a etsa pele.

“Ka nako ena, li ne li tebile litiiso tse neng li entsoe kelellong ea ka, hoo boroko bo neng bo balehile mahlong aka, ’me ke ile ka paqama ke tlalletsoe ka ho makala ho tseo ke neng ke li bone le ho li utloa. Empa e ne e le eng ho makala ha ka ha ke bona hape moromuoa eloa pela moalo oa ka, ’me ka mo utloa ha a mpolella kapa ho mphetela hape le hape lintho tsela joale ka pele; ’me a eketsa temoso ho ’na, a mpolella hore Satane o tla leka ho nteka (ka litlamorao tsa maemo a bofutsana ba lelapa la ntate), ho fumana matlapa e le morero oa ho ba morui. O ile a nkhanela sena, a re ke tlameha ho se be le sepheo se seng ha ke fumana matlapa ana empa ho tlotlisa Molimo, ’me ke tlameha ho se susumetsoe ke lebaka le leng ntle le la ho aha ’muso oa hae; ntle le moo nke ke ka li fumana.

“Kamora ketelo ena ea boraro, o ile a nyolohela leholimong hape joalo ka pele, ’me ke ile ka sala hape ho nahana ka ho makatsa ha seo ke fetileng ho sona; ha hang-hang kamora hore moromuoa enoa oa leholimo a nyolohe ho tloha ho ’na lekhetlo la boraro, mokoko o ile oa lla, ’me ke ile ka fumana hore letsatsi le ne le etla, e le hore kopano ea rona e tlameha e ile ea nka bosiu boo bohle.

“Ha nakoana ke ile ka tsoha moalong oa ka, ’me joalo ka tloaelo, ke ile ka ea mesebetsinng ea ka e hlokahalang ea letsatsi; empa, ha ke leka ho sebetsa joalo ka nako tse ling, ke ile ka fumana ke khathetse matla hoo ke ileng ka hloleha ka botlalo. Ntate, ea neng a ntse a sebetsa le ’na, o ile a fumana hore ho na le ho phoso ka ’na, ’me a mpolella hore ke ee hae. Ke ile ka qala ka maikemisetso a ho ea lapeng; empa, ha ke leka ho tlola terata ho tsoa ka tsímong moo re neng re le hona teng, ke ile ka felloa ke matla ka botlalo, ’me ke ile ka oela fatsé ke sena thuso, ’me ha nakoana ke ne ke ile le maili-ili ho ntho tsohle.

“Ntho ea pele eo nka e hopolang e ne e le lentsoe le ileng la bua ho ’na, la mpitsa ka lebitso. Ke ile ka sheba holimo, ’me ka bona morumuoa eloa a eme ka holima hlooho ea ka a potapotiloe ke khanya joalo ka pele. O ile a mpolella hape tsohle tseo a neng a ile a mpolella tsona bosiung bo fetileng, ’me a ntaela hore ke ee ho ntate ’me ke ’molelle ka pono le litaelo tseo ke neng ke li fuoe.

“Ke ile ka mamela; ka khutlela ho ntate ka tsímong, ’me ka mo phetela taba ena eohle. O ile a nkarabela ka hore e ne e le ea Molimo, ’me a mpolella hore ke tsamaee ’me ke etse kamoo ke laetsoeng ka teng ke morumuoa eo. Ke ile ka tloha tsímong, ’me ke ile ka ea sebakeng seo morumuoa eloa a ileng a mpolella hore matlapa a bolokiloe teng; ka baka la pono eo ke neng ke ile ka ba le eona e neng e hlakile ka sebaka seo, ke ile ka tseba sebaka seo hang hore ke fihle moo.

“Haufi le motse oa Manchester, seterekeng sa Ontario, New York, ho eme leralla le leholonyana, ’me e leng lona le phahameng ho feta a mang motseng moo. Ka lehlakoreng le bophirima la leralla, e seng hole le sehlohlolo sa lona, ka tlasa lejoe le leholonyana, ene e le matlapa, a bolokiloe ka hara lekese la lejoe. Lejoe lena le ne le le letenya le le chilikoe bohareng ka holimo, ’me le le lesesane ho ea lints’ing tsa lona, hoo bohare ba lona bo neng bo bonahala ka holima mobu, empa lints’i tsa lona tsohle li ne li koahetsoe ke mobu.

“Kamora ho tlosa mobu, ke ile ka fumana kofuto, eo ke ileng ka e kenya tlasa lints’i tsa lejoe, ’me ka boiteko bo fokolang ka le phahamisa. Ke ile ka sheba ka hare, ’me kannete kamoo ke ile ka bona matlapa, Urime le Thumanime, mokhajoana, joale ka ha morumuoa a ne a boletse. Lekese leo li neng li le ka hara lona le ne le entsoe ka ho beha majoe ’moho ka mofuteng o itseng oa samente. Ka fats’e ho lekese ho ne ho beuoe majoe a mabeli a ts’ekahantsoeng, ’me holima majoe ana e ne e le matlapa le lintho tse ling tse neng li ena le oona.

“Ke ile ka leka ho li ntsá, empa ke ile ka thibeloa ke morumuoa ’me ka bolelloa hape hore nako ea ho li nts’a ha eso ka e fihla, ’me e ke ke ea fihla, ho fihlela lemo tse ’ne ho tloha nakong eo; empa o ile a mpolella hore ke tle ke tle sebakeng seo hantle ha selemo se fetile ho tloha nakong eo, le hore o tla kopana le ’na moo, le hore ke tle ke tsoelepele ho etsa joalo ho fihlela nako e se e fihlile ea ho fumana matlapa.

“Ka mokhoa oa teng, joale ka ha ke ne ke laetsoe, ke ne ke eea mafelong a selemo se seng le se seng, ’me ka nako e ’ngoe le e ’ngoe ke ne ke fumana morumuoa eloa moo, ’me ke ne ke fumana litaelo le leseli ho tsoa ho eena ho e ’ngoe le e ’ngoe ea lipuisano tsa rona, ho latela seo Morena a neng a tlo se etsa, le ka tsela le mokhoa oo ’muso oa hae o neng o tlo tsamaisoa matsatsing a bofelo. …

“Kamora sebakana nako ea fihla ea ho fumana matlapa, Urime le Thumanime le mokhajoana. Ka la mashome a mabeli a metso e ’meli Loetse, sekete, makholo a robeli, mashome a mabeli a metso e supileng, ke ile ka ea joalo ka mehla mafelong a selemo se seng sebakeng seo li neng li bolokiloe, morumuoa eloa oa maholimong o ile a ntokollela tsona le taelo ena: hore li boikarabellong baka; hore haeba nka li tlohella feela ke sa tsotelle, kapa bohlasoeng baka, ke tla khaoloa; empa haeba nka sebelisa maqheka ohle aka ho li boloka, ho fihlela eena, morumuoa, a tlo li batla, li tla sireletsoa.

“Hang ke ile ka fumana lebaka la hore ke hobaneng ke ileng ka fumana litaelo tse thata ho li baballa li bolokehile, ’me hobaneng morumuoa eloa a ileng a bua seo a se buileng hore ha ke se ke entse seo se neng se batleha matsohong a ka, o tla tla li nka. Hobane hang hoba ho tsebahale hore ke na le tsona, eaba mekhoa e matla e ea sebelisoa ho li fumana ho ’na. Maqheka ohle a neng a ka etsoa a ile a sebelisoa ka sepheo seo. Tlhoriso e ile ea ba e babang le e thata ho feta pele, ’me mats’oele a ne a falimehile nako eohle ho li nka ho ’na haeba ho khoneha. Empa ka bohlale ba Molimo, li ile tsa lula li bolokehile matsohong a ka, ho fihlela ke phethahalitse se neng se batleha matsohong a ka. Ho latela lihlophiso, ha morumuoa a tlo li nka, ke ile ka mo neha tsona; ’me li ntse li le tlhokomelong ea hae ho fihlela kajeno, e leng letsatsi la bobeli la Mots’eanong, sekete, makholo a robeli, mashome a mararo le metso e robeli.”

Ka pale e feletseng, bona Nalane—Joseph Smith ka ho Lehakoe la Theko e Phahameng.

Buka ena ea khale-khale eo re e tliselitsoeng joalo ho tsoa mobung e le lentsoe la batho ba buang ho tsoa leroleng, ’me e fetoletsoe puong ea mehla ea kajeno ka mpho le matla a Molimo joalo ka ha e pakoa ka tiiso ea Molimo, e ile ea hatisetsoa lefats’e ka sekhooa ka selemo sa 1830 e le The Book of Mormon.