Mangolo a halalelang
Bopaki ba Lipaki tse Robeli


Bopaki ba Lipaki tse Robeli

Ho ke ho tsebahale ho lichaba tsohle, maloko, maleme le batho, bao mosebetsi ona o tla tla ho bona: hore Joseph Smith Jr., ea entseng phetolo ea mosebetsi ona, o re bonts’itse matlapa ao ho seng ho buuoe ka oona, a nang le ponahalo ea khauta; ’me ao bongata ba maqephe ao Smith a seng a boletsoe a fetoletseng re ile ra a ts’oara ka matsoho a rona; ’me hape re ile ra bona lingoliloeng tse holima oona, ao oohle a nang le ponahalo ea mosebetsi oa khale-khale, le bosebetsi bo makatsang. ’Me sena re paka ka mantsoe a hlaphohetsoeng, hore Smith ea seng a boletsoe o ile a re bonts’a, hobane re ile ra a bona le ho a nka, ’me re tseba ka tieo hore Smith ea seng a boletsoe o na le matlapa ao re buileng ka oona. ’Me re fana ka mabitso a rona ho lefats’e, ho paka ho lefats’e ka seo re se boneng. ’Me ha re bue leshano, Molimo e le paki ea tsona. ’Me re fana ka mabitso a rona ho lefats’e, ho paka ho lefats’e ka seo re se boneng. ’Me ha re bue leshano, Molimo e le paki ea tsona.

Christian Whitmer

Jacob Whitmer

Peter Whitmer Jr.

John Whitmer

Hiram Page

Joseph Smith Sr.

Hyrum Smith

Samuel H. Smith