Mangolo a halalelang
Alma 47


Khaolo ea 47

Amalickia o sebelisa boqhekanyetsi, polao, le bolotsana ho fetoha morena oa Ba-Lamane—Baikarohanyi ba Ba-Nefi ba khopo ho feta le ho ts’abeha ho feta Ba-Lamane. Ka bo 72 B.C.

1 Joale re tla khutlela ka lingoliloeng tsa rona ho Amalickia le bao ba ileng ba baleha le eena ho ea lefelleng; hobane, bonang, o ne a nkile ba ileng ba tsamaea le eena, ’me ba nyolohela lefats’eng la Nefi har’a Ba-Lamane, ’me o ile a hlohleletsa Ba-Lamane ho halefa khahlanong le sechaba sa Nefi, haholo hore e be morena oa Ba-Lamane o ile a romela phatlalatso hohle lefats’eng lohle la hae, har’a batho ba habo, hore ba tle ba ipokelle hammoho hape ho ea loana khahlanong le Ba-Nefi.

2 ’Me ho ile ha etsahala hore ha phatlalatso e se e tsamaile har’a bona ba ne ba ts’ohile ka ho fetisisa; ee, ba ne ba ts’aba ho koatisa morena, ’me hape ba ne ba ts’aba ho ea ntoeng khahlanong le Ba-Nefi e se re ba tle ba lahleheloe ke maphelo a bona. ’Me ho ile ha etsahala hore ba ne ba sitoa, kapa karolo e fetang ea bona e ne e sitoa, ho mamela litaelo tsa morena.

3 ’Me joale ho ile ha etsahala hore morena o ne a halefile ka lebaka la ho se mamele ha bona; ka baka leo o ile a fa Amalickia taolo ea karolo ea lebotho la hae le neng le mamela litaelo tsa hae, ’me a mo laela hore a tle a tsamaee ’me a ba qobelle ho hlomela.

4 Joale bonang, sena e ne e le takatso ea Amalickia; hobane eena e le monna ea poteletseng haholo ho etsa bobe ka baka leo o ile a etsa morero ka pelong ea hae ho tlosa morena oa Ba-Lamane setulong sa borena.

5 ’Me joale o ne a tsamaile ho ea laela ba likarolo tseo tsa Ba-Lamane ba neng ba rata morena, ’me o ile a batla ho ratoa ke bao ba neng ba sa mamele; ka baka leo o ile a ea pele sebakeng seo se neng se bitsoa Onida, hobane ke hona teng moo Ba-Lamane bohle ba neng ba balehetse; hobane ba ile ba lemoha lebotho le tlang, ’me ka ho nahana hore ba ne ba tlela ho tla ba timetsa, ka baka leo ba ile ba balehela Onida, sebakeng sa lihlomo.

6 ’Me ba ne ba khethile monna ho ba morena le moetapele holim’a bona, ba ne ba tsepame likelellong tsa bona ka boikemisetso ba qeto ea hore ba keke ba laoloa ho ea khahlanong le Ba-Nefi.

7 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ne ba ipokelletse hammoho holima tlhoro ea thaba eo e neng e bitsoa Antipase, ka boitokisetso ba ho loana.

8 Joale e ne e se boikemisetso ba Amalickia ho ba fa ntoa ho latela litaelo tsa morena; empa bonang, e ne e le boikemisetso ba hae hore a fumane mohau oa mabotho a Ba-Lamane, hore a tle a ipehe ka hloohong ho bona ’me a theole morena setulong sa borena ’me a nke taolo ea ’muso.

9 ’Me bonang, ho ile ha etsahala hore o ile a etsa hore lebotho la hae le hlome litente tsa bona phuleng e neng e le haufi le thaba ea Antipase.

10 ’Me ho ile ha etsahala hore ha e se e le bosiu o ile a romela boemeli ba lekunutu ho ea thabeng ea Antipase, a lakatsa hore moetapele oa bao ba thabeng, eo lebitso la hae e neng e le Lehonti, hore a tle a tle tlase maotong a thaba, hobane o ne a lakatsa ho bua le eena.

11 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Lehonti a fumana molaetsa o ne a sa qeke ho theohela tlase maotong a thaba. ’Me ho ile ha etsahala hore Amalickia o ile a romela hape lekhetlo la bobeli, a ntse a lakatsa hore a theohele tlase. ’Me ho ile ha etsahala hore Lehonti o ne a keke; ’me a romela hape lekhetlo la boraro.

12 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Amalickia a fumana hore o ne a sitoa ho etsa hore Lehonti a theohele tlase ho tloha thabeng, o ile a nyolohela holimo thabeng, hoo e ka bang ho kampo ea Lehonti; ’me a romela hape lekhetlo la bone molaetsa oa hae ho Lehonti, a lakatsa hore a tle a theohele tlase, le hore o tla tsamaea le balebeli ba hae ho tla le eena.

13 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Lehonti a se a tlile le balebeli ba hae ho Amalickia, hore Amalickia o ile a beha takatso ea hae ho eena hore a theohele tlase le lebotho la hae ka nako ea bosiu, ’me ba potapote banna bao likampong tsa bona bao morena a neng a mo file taolo holim’a bona, le hore o tla nehelana ka bona matsohong a Lehonti, haeba o tla mo etsa (Amalickia) moetapele oa bobeli holima lebotho leo kaofela.

14 ’Me ho ile ha etsahala hore Lehonti o ile a theohela tlase le banna ba hae ’me ba potapota banna ba Amalickia, e le hore pele ba tsoha pele mafube a hlaha a letsatsi leo ba ne ba potapotiloe ke mabotho a Lehonti.

15 ’Me ho ile ha etsahala hore ha ba bona hore ba ne ba potapotiloe, ba ile ba kopa Amalickia hore a se ke a lumella hore ba oelane le ba habo bona, hore ba tle ba se ke ba timetsoa. Joale eena e ne ehlile e le eona ntho eo Amalickia a neng a e lakalitse.

16 ’Me ho ile ha etsahala hore o ile a nehelana ka banna ba hae, khahlanong le litaelo tsa morena. Joale ena e ne e le ntho eo Amalickia a neng a e lakalitse, hore a tle a fihlele merero ea hae ka ho tlosa morena setulong sa borena.

17 Joale e ne e le tloaelo har’a Ba-Lamane, haeba moetapele ea moholo oa bona a ne a bolailoe, ho khetha moetapele oa bobeli ho ba moetapele oa bona e moholo.

18 ’Me ho ile ha etsahala hore Amalickia o ile a etsa hore e mong oa bahlanka ba hae a tle a ts’elle Lehonti chefo ka lipallo, hore a shoe.

19 Joale, ha Lehonti a se a shoele, Ba-Lamane ba ile ba khetha Amalickia ho ba moetapele oa bona le molaoli e moholo oa bona.

20 ’Me ho ile ha etsahala hore Amalickia o ile a hoanta le mabotho a hae (hobane o ne a fumane litakatso tsa hae) ho ea lefats’eng la Nefi, motseng oa Nefi, oo e neng e le motse o moholo.

21 ’Me morena o ile a tsoela kantle ho tla kopana le eena ka balebeli ba hae, hobane o ne a nahana hore Amalickia o phethisitse litaelo tsa hae, le hore Amalickia o ne a bokelletse hammoho lebotho le leholo hakaalo ho ea khahlanong le Ba-Nefi ho ea loana.

22 Empa bonang, ha morena a tsoela kantle ho kopana le eena Amalickia o ile a etsa hore bahlanka ba hae ba tsamaele pele ho ea kopana le morena. ’Me ba ile ba tsamaea le ho ea inama ka pele ho morena, joaloka haeka ke ho mo hlompha haholo ka lebaka la boholo ba hae.

23 ’Me ho ile ha etsahala hore morena o ile a otlolla letsoho la hae ho ba phahamisa, joaloka ha e ne e le tloaelo ka Ba-Lamane, e le lets’oao la khotso, e leng tloaelo eo ba neng ba e nkile ho Ba-Nefi.

24 ’Me ho ile ha etsahala hore ha a se a phahamisitse oa pele ho tloha fats’e, bonang o ile a hlaba morena pelong; ’me o ile a oela fats’e.

25 Joale bahlanka ba morena ba ile ba baleha; ’me bahlanka ba Amalickia ba phahamisa sello, ba re:

26 Bonang, bahlanka ba morena ba mo hlabile pelong, ’me o oetse fats’e ’me ba balehile; bonang, tlohong le tlo bona.

27 ’Me ho ile ha etsahala hore Amalickia o ile a laela hore mabotho a hae a hoantele pele ho ea bona hore na ho etsahetseng ho Morena; ’me ha ba se ba tlile sebakeng seo, ’me ba fumana morena a rapalletse ka hara lekoaliba la mali a hae, Amalickia o ile a ikhakanya joaloka ha eka o halefile, ’me a re: mang kapa mang ea neng a rata morena, ha a tsamaee, ’me a lelekise bahlaka ba hae hore ba tle ba bolaoe.

28 ’Me ho ile ha etsahala hore bao ba neng ba rata morena, ha ba utloa mantsoe ana, ba ile ba tla ’me ba lelekisa kamorao bahlanka ba morena.

29 Joale bahlanka ba morena ha ba bona lebotho le ba lelekisang kamorao, ba ile ba ts’oha hape, ’me ba balehela lefelleng, ’me ba tla fihla lefats’eng la Zarahemla ’me ba kopana le batho ba Ammone.

30 ’Me lebotho le neng le ba lelekisa le ile la khutla, le ne le ba lelekiselitse lefeela; ’me ke joana Amalickia, ka boqhekanyetsi ba hae, a ileng a hapa lipelo tsa sechaba.

31 ’Me ho ile ha etsahala hore ka la hosane o ile a kena motseng oa Nefi ka mabotho a hae, ’me a nka taolo ea motse oo.

32 ’Me ho ile ha etsahala hore mofumahali, ha a se a utloile hore morena o bolailoe—hobane Amalickia o ne a ile a romela boemeli ho mofumahali ho mo tsebisa hore morena o ne a bolailoe ke bahlanka ba hae, hore o ile a ba lelekisa ka lebotho la hae, empa e bile lefeela, ’me ba ne ba phonyohile—

33 Ka baka leo, ha mofumahali a se a fumane molaetsa ona o ile a romela ho Amalickia, a beha takatso ea hae hore a tle a baballe batho ba motse oo; ’me o ne a lakatsa hape hore a tle ho eena; ’me o ne a lakatsa hape hore a tle a tlise lipaki le eena ho paka malebana le lefu la morena.

34 ’Me ho ile ha etsahala hore Amalickia o ile a nka eena mohlanka eo ea bolaileng morena, le bohle ba neng ba ena le eena, ’me a ea ho mofumahali, sebakeng seo a neng a lutse; ’me bohle ba ile ba pakahatsa ho eena hore morena o ne a bolailoe ke bahlanka ba hae; ’me ba ile ba re hape: Ba balehile; na hoo ha se bopaki khahlanong le bona? ’Me ke joana ba ileng ba khotsofatsa mofumahali malebana le lefu la morena.

35 ’Me ho ile ha etsahala hore Amalickia o ile a batla mohau oa mofumahali, ’me a mo nkela ho ena ho ba mosali; ’me ke joana ka boqhekanyetsi ba hae, le ka thuso ea masene a bahlanka ba hae, a ileng a fumana puso; ee, o ile a amoheloa e le morena hohle lefats’eng leo lohle, har’a sechaba sohle sa Ba-Lamane, ba neng ba kopantse Ba-Lamane le Ba-Lemuele le Ba-Ishmaele, le baikhaohanyi bohle ba Ba-Nefi, ho tloha pusong ea Nefi ho tla tlase nakong ea joale.

36 Joale baikhaohanyi bana, ka ho ba le litaelo tse ts’oanang le litaba tse ts’oanang tsa Ba-Nefi, ee, ka ha ba ne ba laetsoe ka tsebo ea Morena, le ha ho le joalo, ho ea makatsa ho tloahela, nako e seng telele kamorao ho liphapang tsa bona ba fetohetse ho thatafala le ho ba ba sa bakeng, le ba hlaha ho feta, ba khopo le ho ts’abeha ho feta Ba-Lamane—ba noa le meetlo ea Ba-Lamane; ba lumelletse botsoa, le mekhoa eohle ea bohlola; ee, ba lebetse ka botlalo Morena Molimo oa bona.