Mangolo a halalelang
Alma 39


Litaelo tsa Alma ho mora oa hae Korintone.

Ho kenyeletsa Likhaolo tsa 39 ho isa ho 42.

Khaolo ea 39

Sebe sa thobalano ke manyala—Libe tsa Korintone li bolokile Ba-Zorame ba sa amohele lentsoe—Topollo ea Kreste e na le matla a ho pholosa ba tletseng tumelo ba e etelletseng pele. Ka bo 74 B.C.

1 ’Me joale, mora oaka, Ke na le hanyenyane ho feta ho bolela ho uena ho feta seo ke se boletseng ho moholoane oa hau; hobane bona, na ha ua hlokomela botsitso ba moholoane oa hau, ho ts’epahala ha hae, le mafolofolo a hae ho bolokeng litaelo tsa Molimo? Bona, na ha a etsa mohlala o motle bakeng sa hau?

2 Hobane uena ha ua mamela mantsoe a ka haholo joaloka ha moholoane oa hau a entse, har’a sechaba sa Ba-Zorame. Joale ke ka sona sena ke leng khahlanong le uena; u ile ua tsamaela ho ithorisa ka matla a hau le bohlale ba hau.

3 ’Me sena ha se phetho, mora oaka. U ile ua etsa sane seo se utloisang bohloko ho ’na; hobane u ile ua furalla boruti, ’me oa ea holimo ho kena lefats’eng la Sirone har’a meeli ea Ba-Lamane, kamor’a seotsoa Isabele.

4 Ee, o ile a hapa lipelo tsa ba bangata; empa sena e ne e se boikemelo ba hau, mora oaka. U no u lokela ho hlokomela boruti boo u neng u ts’epetsoe bona.

5 Na ha u tsebe, mora oaka, hore lintho tse ke manyala mahlong a Morena; ee, ke manyala a fetisang ho feta libe tsohle ntle le hore e be ho ts’olla mali a senang molato kapa ho latola Moea o Halalelang?

6 Hobane bona, haebe u latola Moea o Halalelang ha o kile oa eba le sebaka ka ho uena, ’me u tseba hore ua o latola, bona sena ke sebe se senang tsóarelo; ee, ’me mang kapa mang ea bolaeang khahlanong le khanya le tsebo ea Molimo, ha ho bobebe ho eena hore a fumane ts’oarelo; ee, ke re ho uena, mora oaka, hore ha ho bobebe bakeng sa hae ho fumana ts’oarelo.

7 ’Me joale, mora oaka, ke lakatsa ho Molimo hore u ne u se molato oa e kholo hakaalo ts’ito. Ke ne nkeke ka lula holim’a lits’ito tsa hau, ho harola matsoalo moea oa hau, haeba e ne e se molemong oa hau.

8 Empa bona, u tla sitoa ho pata lits’ito tsa hau ho tsoa ho Molimo; ’me ntle le hore u bake li tla ema e le bopaki khahlanong le uena ka letsatsi la ho qetela.

9 Joale mora oaka, ke lakatsa hore u tle u bake le ho furalla libe tsa hau, ’me u se hlole u tsamaea kamor’a litakatso tsa mahlo a hau, empa u itatole linthong tsena tsohle, hobane ntle le hore u etse sena ha hona ka mokhoa oo u ka jang lefa ’muso oa Molimo. Oho, hopola, ’me u inkele ho uena, ’me u itatole linthong tsena.

10 ’Me ke u laela hore u inkele ho uena ho eletsana le baholoane ba hau boitekong ba hau; hobane bona, u sale bocheng ba hau, ’me u eme u na le tlhoko ea ho fepuoa ke baholoane ba hau. ’Me u mamale boeletsi ba bona.

11 U se ke ua itumella ho etelloa hole ke eng kapa eng ea lefeela kapa e bothoto ntho; se ke ua lumella Diabolose ho etella hole pelo ea hau hape kamor’a liotsoa tseo tse khopo. Bona, Oho mora oaka, ke bokhopo bo bo kakaang u bo tlisitseng ho Ba-Zorame; hobane ha ba bona boits’oaro ba hau ba ne ba sa batle ho lumela mantsoeng a ka.

12 ’Me joale moea oa Morena o re ho ’na: laela bana ba hau ho etsa botle, e se re ba etella hole lipelo tsa batho ba bangata ho ea timellong, ka baka leo kea u laela, mora oaka, ts’abong ea Molimo, hore u thibele ho tsoa bokhopong ba hau.

13 Hore u fetohele ho Morena ka kelello eohle ea hau, bokhoni le matla; hore u tle u se hlole u etella lipelo ho etsa bokhopo; empa ho ena le hoo khutlela ho bona, ’me u ananele melato ea hau le phoso eo u e entseng.

14 U se ke ua batla kamor’a maruo kapa lintho tsa lefeela tsa lefats’e lena, hobane bona, u tla sitoa ho li jarela ho tsamaea le uena.

15 ’Me joale, mora oaka, ke lakatsa ho u bolella hanyane malebana le ho tla ha Kreste. Bona, ke re ho uena, hore ke eena ea tla fela a tle ho tla tlosa libe tsa lefats’e; ee, o tlela ho phatlalatsa litaba tse molemo tsa poloko ho sechaba sena.

16 ’Me joale, mora oaka, ke bona boruti bo u neng u bo bitselitsoe bona, ho phatlalatsa litaba tsena tse molemo ho sechaba sena, ho hlophisa likelello tsa bona; kapa hore poloko e ke e tle ho bona, hore ba ke ba hlophisetse likelello tsa bana ba bona ho utloa lentsoe ka nako ea ho tla ha hae.

17 ’Me joale ke tla nolofatsa kelello ea hau hanyane tabeng ena. Bona, ua makala hore na hobaneng lintho tsena li tla tsebahala nako e telele hakaale esale pele. Bona, ke re ho uena, na moea ka nako ee ha o bohlokoa ho Molimo joaloka ha moea o tla ba joalo ka nako ea ho tla ha hae?

18 Na ha ho hlokahale hore moralo oa topollo o etsoe hore o tsebahale ho sechaba se hape le ho bana ba bona?

19 Na ha ho bobebe ka nako e ho Morena ho romela lengeloi la hae ho phatlalatsa litaba tsena tse molemo ho rona joaloka ho bana ba rona, kapa joaloka kamor’a nako ea ho tla ha hae?