Mangolo a halalelang
Alma 26


Khaolo ea 26

Ammone o thabela ho Morena—Ba ts’epahalang ba matlafatsoa ke Morena ’me ba fua tsebo—Ka tumelo batho ba ka tlisa liketekete tsa meea pakong—Molimo o na le matla oohle ’me o utloisisa lintho tsohle. Ka bo 90–77 B.C.

1 ’Me joale, ana ke mantsoe a Ammone ho bana babo, a reng joana: Baena ba ka le bana beso, bonang ke re ho lona, ke lebaka le leholo hakakang leo re nang le lona ho nyakalla; hobane na re ne re ka nahana ha re ne re qala ho tloha lefats’eng la Zarahemla hore Molimo a ka be a re file lihlohonolofatso tse kholo tje?

2 ’Me joale, kea botsa, ke lihlohonofatso li fe tse kholo tseo a re fileng tsona? Na le ka bolela?

3 Bonang, Kea le arabella; hobane bana ba bo rona, Ba-Lamane, ba ne ba le lefifing, ee, esita le mohohlong o lefifi ka ho fetesisa, empa bonang, na ke ba bakae ba bona ba tlisitsoeng ho bona khanya e tsotehang ea Molimo! ’Me ke eona hlohonolofatso ena eo e behiloeng holim’a rona, hore re bile lisebelisoa ka matsohong a Molimo ho fihlela mosebetsi oa hae o moholo.

4 Bonang liketekete tsa bona lia nyakalla, ’me ba tlisitsoe ka har’e ho lesaka la Molimo.

5 Bonang, ts’imo e ne e butsoitse, ’me le lehlohonolo, hobane le ile la kenya sekele, ’me la kotula ka matla a lona, ee, boleleleng ba letsatsi lohle le ile la sebetsa; ’me bonang palo ea mangata a lona! ’Me a tla bokelloa lipolokelong, hore a tle a se ke a senyeha.

6 Ee, ha a na otloa ke sefefo ka letsatsi la ho qetela; ee, le ha e le ho nkoa ke litsokotsane; empa ha sefefo se tla a tla bokelloa hammoho sebakeng sa teng, hore sefefo se sitoe ho a phunyeletsa; ee, le ha e le ho khannoa ke meea e bohale kae kapa kae moo sera se khethang ho a nkela teng.

7 Empa bonang, ba ka matsohong a Morena oa kotulo, ’me ke ba hae; ’me o tla ba phahamisetsa holimo ka letsatsi la ho qetela.

8 Ho bokoe lebitso la Molimo oa rona; ha re bineleng thorisong ea hae, ee, ha re faneng ka liteboho lebitsong la hae le halalelang, hobane o etsa mosebetsi o lokileng ka ho sa feleng.

9 Hobane haeba re ne re sa ka ra nyoloha ho tsoa lefats’eng la Zarahemla, ba na bana ba bo rona ba ratoang haholo, bao ba re ratileng haholo joalo, ba ka be ba ntse ba hlasetsoe ke lehloeo khahlanong le rona, ee, ’me hape e ka be e bile batho ba sele ho Molimo.

10 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Ammone a se a buile mantsoe ana, moena oa hae Aarone o ile a mo nyatsa, a re: Ammone, kea ts’aba hore nyakallo ea hau e u nkela boithorisong.

11 Empa Ammone o ile a re ho eena: Ha ke ithorise ka matla a ka, kapa ka bohlale ba ka; empa bona, nyakallo ea ka e tletse, ee, pelo ea ka e tletse ka nyakallo, ’me ke tla nyakalla ho Molimo oa ka.

12 Ee, kea tseba hore ha ke letho; ha e le ho matla a ka kea fokola; ka baka leo ha ke na ho ithorisa ka bo ’na, empa ke tla ithorisa ka Molimo oa ka, hobane ka matla a hae nka etsa ntho tsohle; ee, bona, ke mehlolo e mengata e meholo eo re e tlisitseng lefats’eng lena, eo bakeng sa eona re tlang ho rorisa lebitso la hae ka ho sa feleng.

13 Bona, ke liketekete tse kae tsa bana ba bo rona tseo re li lokollotseng ho tsoa bohlokong ba lihele; ’me ba tliselitsoe ho tla bina lerato le lopollang, ’me sena ka lebaka la matla a lentsoe la hae le ka ho rona, ka baka leo na ha re na lebaka le leholo la ho nyakalla?

14 Ee, re na le lebaka la ho mo rorisa ka ho sa feleng, hobane ke Molimo ea holimo bo fetisang, ’me o lokollotse bana ba bo rona liketaneng tsa lihele.

15 Ee, ba ne ba potiloe ka hohle ke lefifi le sa feleng le timelo; empa bona, o ba tlisitse khanyeng ea hae e sa feleng, ee, polokong e sa feleng; ’me ba potiloe ka hohle ke liatla tse butsoeng tsa lerato la hae le sa lekangoeng; ee, ’me re bile lisebelisoa ka matsohong a hae a ho etsa mosebetsi ona o moholo o tsotehang.

16 Ka baka leo, ha re thabeng, ee, re tla thabela ho Morena; ee, re tla nyakalla, hobane nyakallo ea rona e tletse; ee, re tla rorisa Molimo oa rona ka ho sa feleng. Bona, ke mang ea ka thabang haholo ho feta ho Morena? Ee, ke mang ea ka bolelang haholo ho feta ka matla a hae a maholo, le ka mohau oa hae, le ka ho mamella ha hae ho lebana le bana ba batho? Bona, ke re ho uena, ke sitoa ho bolela karolo e nyenyane ka ho fetisa ea kamoo ke ikutloang.

17 Ke mang ea neng a ka nahana hore Molimo oa rona o tla ba mohau hakaalo joaloka hore e be o re qhaulitse ho tsoa boemong ba rona bo ts’abehang, bo tletseng libe, le ho silafala?

18 Bona, re ne re tsamaea esita le ka khalefo, ka lits’oso tse kholo ho timetsa kereke ea hae.

19 Oho joale, hobaneng a a sa ka a re nehela timelong e ts’abehang, ee, hobaneng a sa ka a etsa hore sabole ea hae ea toka e oele holim’a rona, ’me a re timella ho bosafeleng ba ho tsieleha?

20 Oho, moea oa ka, hoo e ka bang joalo ka ha eka, oa nyamela ke mohopolo oo. Bona, ha a ka a sebelisa toka ea hae holim’a rona, empa ka mohau oa hae o moholo o re tlisitse holim’a kou eo e sa feleng ea lefu le mahlomola, esita le ho poloko ea meea ea rona.

21 ’Me joale bonang, bana beso, ke motho oa nama o feng ea tsebang lintho tse? Ke re ho lona, ha hona ea tsebang lintho tsena, ntle le motho ea bakileng.

22 Ee, ea bakang ’me a sebelisa tumelo, ’me a etsa mesebetsi e metle, ’me a tsoelapele ho rapela a sa emise—ho ea joalo o fuoa hore a tsebe liphiri tsa Molimo; ee, ho ea joalo o tla fuoa ho senola lintho tse so kang li senoloa; ee, ’me ho tla fuoa ho ba joalo ho tlisa liketekete tsa meea pakong, esita le joaloka ha re filoe hore re tlise ba na bana ba bo rona pakong.

23 Joale na lea hopola, bana beso, hore re ile ra re ho ba habo rona ba lefats’eng la Zarahemla, re nyolohela lefats’eng la Nefi, ho ea ruta bana ba bo rona, Ba-Lamane, ’me ba ile ba re ts’eha le ho re soma?

24 Hobane ba ile ba re ho rona: Le nahana hore le ka tlisa Ba-Lamane tsebong ea ’nete? Le nahana hore le ka kholisa Ba-Lamane ka ho fosahala ha mekhoa ea bontat’a bona, joaloka batho ba satalalitseng melala joaloka ka bona; bao lipelo tsa bona li thabelang ts’ollo ea mali; bao matsatsi a bona a felletseng bokhopong bo bobe ka ho fetisa; bao litsela tsa bona e bileng litsela tsa ea tlotseng ho tloha ts’imolohong? Joale bana beso, lea hopola hore ena e ne e le eona puo ea bona.

25 ’Me ho feta moo ba ile ba re: Ha re nkeng lihlomo khahlanong le bona, hore re ba timetse le bokhopo ba bona ho tsoa lefats’eng leo, e se re ba re tsohela matla ’me ba re timetsa.

26 Empa bonang, bana beso ba ratoang, re ile ra tla lefelleng e seng ka maikemisetso a ho timetsa bana ba bo rona, empa ka maikemisetso a hore mohlomong re ka pholosa meea e fokolang ea bona.

27 Joale ha lipelo tsa rona li ne li sithabetse, ’me re ne re batla re furalla, bonang, Morena o ile a re ts’elisa, ’me a re: E eang har’a bana ba bo lona, Ba-Lamane, ’me le mamelle ka mamello mahlomola a lona, ’me ke tla le fa katleho.

28 ’Me joale bonang, re tlile, ’me re tsamaile har’a bona; ’me re bile le mamello mahlomoleng a rona, ’me re mamelletse bohloki bohle; ee, re tsamaile ntlo le ntlo, re its’etlehile ka mehau ea lefats’e—e seng holim’a mehau ea lefats’e feela empa holim’a mehau ea Molimo.

29 ’Me re kene ka matlung a bona ’me ra ba ruta, ’me re ba rutile literateng tsa bona; ee, ’me re ba rutile maralleng a bona; ’me hape re kene litempeleng tsa bona le lisinagofeng tsa bona ’me ra ba ruta; ’me re ile ra lahleloa ka ntle, ’me ra sonngoa, le ho ts’oeloa ka mathe, le ho otloa marameng a rona; ’me re ile ra tlepetsoa ka majoe, le ho nkoa le ho tlangoa ka likhoele tse thata, le ho lahleloa chankaneng; ’me ka matla le bohlale ba Molimo re ile ra lopolloa hape.

30 ’Me re ile ra mamella mekhoa eohle ea mahlomola, ’me tsena tsohle, hore mohlomong re tle re be mokhoa oa ho pholosa moea o mong; ’me re ne re nahana hore nyakallo ea rona e tla tlala haeba mohlomong re ka ba mokhoa oa ho pholosa ba itseng.

31 Joale bonang, re ka sheba pele ’me ra bona litholoana tsa mesebetsi ea rona; ’me na lia fokola? Ke re ho lona, Che, li ngata, ee, ’me re ka paka ka boikokobetso ba bona, ka lebaka la lerato la bona ho bana babo bona le ho rona.

32 Hobane bonang, ba ka mpa ba tela bophelo ba bona ho ena le ho nka bophelo ba sera sa bona; ’me ba epetse libetsa tsa bona tsa ntoa botebong ba lefats’e, ka lebaka la lerato la bona ho bana ba bo bona.

33 ’Me joale bonang ke re ho lona, na ho kile ha eba le lerato le leholo joalo lefats’eng leo lohle? Bonang, ke re ho lona, Che, ha le so be teng, esita le har’a Ba-Nefi.

34 Hobane bonang, ba ne ba ka nka lihlomo khahlanong le bana ba bo bona; ba ne ba keke ba mamella ho bolaoa. Empa bonang na ke ba bangata hakae ba na ba behileng bophelo ba bona fats’e; ’me rea tseba hore ba ile ho Molimo oa bona, ka lebaka la lerato la bona le lehloeo la bona ho sebe.

35 Joale na ha re na lebaka la ho nyakalla? Ee, ke re ho lona, ha ho so be le banna ba nang le lebaka le leholo joalo ho nyakalla joaloka ha re etsa joalo, ho tloha lefats’e le qalile; ee, ’me nyakallo ea ka e nkeloa hole, esita le ho ithorisetsa ho Molimo oaka; hobane o na le matla oohle, bohlale bohle, le kutloisiso eohle; o utloisisa lintho tsohle, ’me ke Motho ea tletseng mohau, esita le ho isa polokong, ho bao ba bakang le ho lumela lebitsong la hae.

36 Joale haeba hona ke ho ithorisa, esita le joalo ke tla ithorisa; hobane hona ke bophelo ba ka le khanya ea ka, nyakallo ea ka le poloko ea ka, le topollo ea ka ho bomalimabe bo sa feleng. Ee, ho bokoe lebitso la Molimo oa ka, ea etseng hloko sechaba sena, bao e leng lekala la sefate sa Iseraele, ’me ba lahlehile ho tsoa ’meleng oa sona lefats’eng leo le makatsang; ee, ke re, ho rorisoe lebitso la Molimo oa ka, ea re etseng hloko, baleleri lefats’eng le makatsang.

37 Joale bana beso, rea bona hore Molimo o ela hloko lichaba tsohle, lefats’eng le fe kapa le fe leo ba leng ho lona; ee, o bala batho ba hae, ’me maikutlo a hae a mohau a holim’a lefats’e lohle. Joale ena ke nyakallo eaka, le ho fana ka teboho ho hoholo; ee, ’me ke tla fana ka teboho ho Molimo oa ka ka ho sa feleng. Amen.