Mangolo a halalelang
Alma 24


Khaolo ea 24

Ba-Lamane ba tla khahlanong le batho ba Molimo—Ba-Anti-Nefi-Lehi ba nyakalla ho Kreste ’me ba eteloa ke mangeloi—Ba khetha ho mamella lefu ho ena le ho its’ireletsa—Ba-Lamane ba bangata ba ea sokoloha. Ka bo 90–77 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore Ba-Amaleki le Ba-Amulone, le Ba-Lamane ba neng ba le lefats’eng la Amulone, le hape lefats’eng la Helame, le ba neng ba le lefats’eng la Jerusalema, ’me ha ke phethela, lefats’eng lohle ho potoloha, ba sa kang ba sokoloha ’me ba sa ka ba inkela ho bona lebitso la Ba-Anti-Nefi-Lehi, ba ile ba hlohlelletsoa ke Ba-Amaleki le ke Ba-Amulone ho halefa khahlanong le ba habo bona.

2 ’Me lehloeo la bona le ile la fetoha le bohloko ka ho fetisisa khahlanong le bona, esita le haholo hoo ba ileng ba qala ho fetoha khahlanong le morena oa bona; hoholo hoo ba neng ba sa lakatse hore e be morena oa bona; ka baka leo, ba ile ba nka lihlomo khahlanong le batho ba Anti-Nefi-Lehi.

3 Joale morena a fana ka puso ho mora oa hae, ’me o ile a bitsa lebitso la hae Anti-Nefi-Lehi.

4 ’Me morena o ile a shoa ka sona selemo sona seo se ts’oanang ha Ba-Lamane ba etsa litokisetso tsa ntoa khahlanong le batho ba Molimo.

5 Joale ha Ammone le bana babo le bohle ba neng ba ile ba tsamaea le eena ba bona litokisetso tsa Ba-Lamane ho timetsa ba habo bona, ba ile ba tsamaela ho tla lefats’eng la Midiane, ’me moo Ammone o ile a kopana le bana babo bohle; ’me ho tloha moo ba ile ba tla lefats’eng la Ishmaele hore ba tle ba ts’oare lipuisano le Lamoni, ’me hape le moena oa hae Anti-Nefi-Lehi, hore ba etse joang ho its’ireletsa khahlanong le Ba-Lamane.

6 Joale ho ne ho sena moea o mong feela har’a batho bao ba ileng ba sokolohela ho Morena ea batlang ho nka lihlomo khahlanong le ba habo bona; che, ba ne ba sa batle le ho etsa litokisetso li fe kapa li fe bakeng sa ntoa; ee, ’me hape le morena oa bona o ile a ba laela hore ba se ke ba etsa joalo.

7 Joale, ana ke mantsoe ao a ileng a a bolela ho batho bao malebana le taba eo: Ke leboha Molimo oa ka, sechaba sa ka se ratehang, hore Molimo oa rona ea moholo ka molemo oa hae o ile a romela ba na bana ba bo rona, Ba-Nefi, ho rona ho tla re ruta, le ho re kholisa ka mekhoa ea bo ntat’a rona e khopo.

8 ’Me bonang, ke leboha Molimo oa ka ea moholo hore o re file karolo ea Moea oa hae ho nolofatsa lipelo tsa rona, hore e be re butse puisano le ba na bana ba bo rona, Ba-Nefi.

9 ’Me bonang, ke boetse ke leboha Molimo oa ka, hore ka ho bula puisano ena re kholisitsoe ka libe tsa rona, le ka lipolao tse ngata tseo re li entseng.

10 ’Me hape ke leboha Molimo oa ka, ee, Molimo oa ka ea moholo, hore e be o re file hore re ke re bakele lintho tsena, le hape hore e be o re ts’oaretse ka libe tsa rona tse ngata le lipolao tseo re li entseng, ’me o tlositse molato lipelong tsa rona, ka bokhabane ba Mora oa hae.

11 ’Me joale bonang, bana beso, ka ha ke sona sohle seo re neng re ka se etsa (joaloka ha re ne re le ba lahlehileng ka ho fetisa ho batho bohle) ho baka libeng tsohle tsa rona le lipolao tse ngata tseo re li entseng, le ho etsa hore Molimo a li tlose lipelong tsa rona, hobane ke sona sohle seo re neng re ka se etsa ho baka ho lekana ka pele ho Molimo hore a tle a tlose letheba la rona—

12 Joale, bana beso ba ratehang ka ho fetisisa, ka ha Molimo o tlositse matheba a rona, ’me lisabole tsa rona li fetohile tse khanyang, joale ha re se hloleng re silafatsa lisabole tsa rona ka mali a bana ba bo rona.

13 Bonang, ke re ho lona, Che, ha re bolokeng lisabole tsa rona hore li se ke tsa silafatsoa ke mali a bana ba bo rona; hobane mohlomong, haeba re ka silafatsa lisabole tsa rona hape ha li sa tla hlola li hloekisoa hore li khanye ka mali a Mora oa Molimo oa rona ea moholo, a tla ts’olloa bakeng sa topollo ea libe tsa rona.

14 ’Me Molimo ea moholo o bile le mohau ho rona, ’me a etsa hore lintho tsena li tsebahale ho rona hore re se ke ra timela; ee, ’me o entse hore lintho tsena li tsebahale ho rona esale pele, hobane o rata meea ea rona ’moho le ho rata bana ba rona; ka baka leo, ka mohau oa hae a etsa hore a re etele ka mangeloi a hae, hore morero oa pholoho o tle o etsoe hore o tsebahale ho rona ’moho le ho meloko ea rona e tlang.

15 Oho, o mohau joang Molimo oa rona! ’Me joale bonang, ka ha ebile kamoo re neng re ka khona ho etsa hore matheba a rona a tlosoe ho rona, ’me lisabole tsa rona li entsoe hore li khanye, ha re li pateng hole hore li tle li lule li khanya, e le bopaki ho Molimo oa rona ka letsatsi la ho qetela, kapa ka letsatsi leo re tla tlisoa ho ema ka pele ho eena ho ahloloa, hore ha re ea ka ra silafatsa lisabole tsa rona ka mali a bana ba bo rona ho tloha a fane ka lentsoe la hae ho rona le ho re etsa hore re hloeke ka hona.

16 ’Me joale, bana beso, haeba bana ba bo rona ba batla ho re timetsa, bonang, re tla pata lisabole tsa rona, ee, esita le hore re tla li epela botebong ba lefats’e, hore li tle li bolokehe li khanya, e le bopaki hore ha rea ka ra hlola re li sebelisa, ka letsatsi la ho qetela; ’me haeba bana ba bo rona ba re timetsa, bonang, re tla ea ho Molimo oa rona ’me re tla bolokoa.

17 ’Me joale ho ile ha etsahala hore ha morena a se a entse pheletso ea lipolelo tsena, ’me batho bao bohle ba ne ba bokellane hammoho, ba ile ba nka lisabole tsa bona, le libetsa tsohle tse neng li sebelisoa ho ts’olla mali a motho, ’me ba li epela botebong ba lefats’e.

18 ’Me sena ba se entse, sona e le ka chebo ea bona bopaki ho Molimo, ’me hape ho batho, hore ha ba sa tla hlola ba sebelisa libetsa hape bakeng sa ho ts’olla mali a motho; ’me sena ba se entse ba tiisa le ho etsa selekane le Molimo, hore ho ena le ho ts’olla mali a bana ba bo bona ba tla nehela bophelo ba bona; ’me ho ena le ho nka ho moena ba tla mo fa; me ho ena le ho qeta matsatsi a bona ka botsoa ba tla sebetsa ka thata ka matsoho a bona.

19 ’Me ke joana rea bona hore, ha Ba-Lamane ba na ba ne ba tlisoa ho tla lumela le ho tseba ’nete, ba ne ba tsitsitse, ’me ba ne ba ka mamella esita le ho isa lefung ho ena le ho etsa sebe; ’me ke joana rea bona hore ba epetse libetsa tsa bona tsa khotso, kapa ba epetse libetsa tsa bona tsa ntoa, bakeng sa khotso.

20 ’Me ho ile ha etsahala hore ba habo bona, Ba-Lamane, ba ile ba etsa litokisetso tsa ntoa, ’me ba nyolohela lefats’eng la Nefi bakeng sa morero oa ho timetsa morena, le ho beha e mong sebakeng sa hae, le hape ho timetsa sechaba sa ba Anti-Nefi-Lehi ho tsoa lefats’eng leo.

21 Joale ha sechaba seo se bona hore ba ne ba tla khahlanong le bona ba ile ba tsoa ho ea kopana le bona, ’me ba khumama fats’e ka pele ho bona, ’me ba qala ho hoelehetsa ho lebitso la Morena; ’me ke joana ba neng ba le boikutlong bona ha Ba-Lamane ba qala ho oela holim’a bona ’me ba qala ho ba bolaea ka sabole.

22 ’Me ke joana ntle le ho kopana le khanyetso e fe, ba ileng ba bolaea ba sekete le makholo a mahlano ba bona; ’me rea tseba hore ba lehlohonolo, hobane ba ile ho ea lula le Molimo oa bona.

23 Joale ha Ba-Lamane ba bona hore bana ba bo bona ba ne ba sa tlo baleha sabole, le ha e le ho reteleha ho ea ka ho le letona kapa ho le lets’ehali, empa ba ne ba tla paqama fats’e ’me ba timele, ’me ba rorise Molimo esita le ketsong ea ho timela tlas’a sabole—

24 Joale ha Ba-Lamane ba bona sena ba ile ba emisa ho ba bolaea; ’me ho ne ho ena le ba bangata bao lipelo tsa bona li ileng tsa tlala ka ho bona bakeng sa bao ba bana ba bo bona ba oeleng tlas’a sabole, hobane ba ile ba bakela lintho tseo ba li entseng.

25 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba lahlela fats’e libetsa tsa bona tsa ntoa, ’me ba ne ba sa batle ho li nka hape, hobane ba ne ba hlabiloe ke lipolao tseo ba li entseng; ’me ba ile ba tla tlase joaloka bana ba bo bona, ba its’etlehile holim’a mohau oa bao lihlomo tsa bona li phahamisitsoeng ho ba bolaea.

26 ’Me ho ile ha etsahala hore batho ba Molimo ba ile ba kopana ka letsatsi leo le ba bangata ho feta palo ea ba bolailoeng; ’me bao ba bolailoeng e ne e le batho ba lokileng, ka baka leo ha re na lebaka la ho belaela empa hore ba bolokiloe.

27 ’Me ho ne ho se na motho ea khopo ea bolailoeng har’a bona; empa ho ile ha eba le ba fetang sekete ba ileng ba tlisoa tsebong ea ’nete; ke joana rea bona hore Morena o sebetsa ka litsela tse ngata bakeng sa poloko ea batho ba hae.

28 Joale palo e kholokholo ea Ba-Lamane bao ba ileng ba bolaea bongata ba bana ba bo bona e ne e le Ba-Amaleki le Ba-Amulone, palo e kholokholo e leng ba neng ba le kamor’a mokhoa oa Ba-nehore.

29 Joale, har’a bao ba ileng ba kopana le batho ba Morena, ho ne ho sena bao e neng e le Ba-Amaleki kapa Ba-Amulone, kapa bao e neng e le ba ka mokhoa oa Nehore, empa e ne e le litloholo tsa Lamane le Lemuele ka sebele.

30 ’Me ke joana re ka utloisisang ka ho hlaka, hore kamor’a hore batho ba kile ba fumants’oa leseli ke Moea oa Molimo, ’me ba eba le tsebo e kholo ea lintho tse amanang le ho loka, ’me e be ba oela sebeng le tlolong, ba fetoha ba thatafetseng ho feta, ’me ke joana boemo ba bona bo fetoha bo mpefetseng ho feta leha ha ba sa ka ba tseba lintho tsena.