Mangolo a halalelang
Alma 22


Khaolo ea 22

Aarone o ruta ntat’a Lamoni ka Popo, ho oa ha Adama, le moralo oa topollo ka Kreste—Morena le bohle ba ntlo ea hae ba ea sokoloha—Karohano ea lefats’e le pakeng tsa Ba-Nefi le Ba-Lamane e ea hlalosoa. Ka bo 90–77 B.C.

1 Joale, ha joana Ammone a ntse a ruta sechaba sa Lamoni ho tsoelapele, re tla khutlela lingoliloeng tsa Aarone le bana babo; hobane kamor’a hore a tsoe lefats’eng la Middoni o ile a etelloa ke Moea ho ea lefats’eng la Nefi, esita le ho ntlo ea morena eo a neng a busa lefats’eng leo lohle ntle le lefats’eng la Ishmaele; ’me e ne e le ntat’a Lamoni.

2 ’Me ho ile ha etsahala hore o ile a ea ho eena ka ntlong ea borena, le bana babo, ’me a inama ka pele ho morena, ’me a re ho eena: Bona, Oho morena, re bana babo Ammone, bao u ba lopollotseng ho tsoa chankaneng.

3 ’Me joale, Oho morena, haeba u tla qenehela bophelo ba rona, re tla ba bahlanka ba hau. ’Me morena o ile a re ho bona: Phahamang, hobane ke tla le fa bophelo ba lona, ’me ha ke na ho lumela hore le be bahlanka ba ka, empa ke tla tsitlella hore le tla mpha thuso; hobane hanyane ke bile le pherekano kelellong ka lebaka la bokhabane le boholo ba mantsoe a moholoane oa lona Ammone; ’me ke lakatsa ho tseba lebaka la hore hobaneng a sa nyoloha ho tsoa Middoni le lona.

4 ’Me Aarone o ile a re ho morena: Bona, Moea oa Morena o mo bitselitse tseleng e ’ngoe; o ile lefats’eng la Ishmaele, ho ea ruta sechaba sa Lamoni.

5 Joale morena a re ho bona: Ke eng se seo le se buileng malebana le Moea oa Morena? Bonang, ena ke eona ntho e mpherekanyang.

6 ’Me hape, ke eng se seo Ammone a se boletseng—Haeba u ka baka u tla pholosoa, ’me haeba ha u na ho baka, u tla lahleloa ka ntle ka letsatsi la ho qetela?

7 ’Me Aarone o ile a mo arabela ’me a re ho eena: Na oa lumela hore Molimo o teng? ’Me morena o ile a re: Kea tseba hore Ba-Amaleki ba re Molimo o teng, ’me ke ba lumelletse hore ba ahe lihalaletso, hore ba tle ba ipokelle hammoho ho mo khumamela. ’Me haeba joale uena u re Molimo o teng, bona ke tla lumela.

8 ’Me joale ha Aarone a utloa sena, pelo ea hae e ile ea qala ho nyakalla, ’me o ile a re: Bona, kannete joaloka ha u phela, Oho morena, Molimo o teng.

9 ’Me morena a re: Na Molimo ke Moea oo o Moholo o tlisitseng bo ntat’a rona ho tsoa lefats’eng la Jerusalema?

10 ’Me Aarone o ile a re ho eena: Ee, ke eena Moea oo o Moholo, ’me o bopile lintho tsohle ka bobeli leholimong le lefats’eng. Na se oa se lumela?

11 ’Me a re: Ee, kea lumela hore Moea o Moholo o bopile lintho tsohle, ’me ke lakatsa hore u mpolelle malebana le lintho tsena tsohle, ’me ke tla lumela mantsoe a hau.

12 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Aarone a bona hore morena o tla lumela mantsoe a hae, o ile a qala ho tloha popong ea Adama, a balla morena mangolo a halalelang—kamoo Molimo a bopileng motho ka sets’oants’o sa hae, le hore Molimo o ile a mo fa litaelo, le hore ka lebaka la tlolo, motho o ile a oa.

13 ’Me Aarone o ile a mo hlalosetsa mangolo a halalelang ho tloha popong ea Adama, a rapalatsa ho oa ha motho ka pele ho eena, le boemo ba hae ba thato ea nama hape le moralo oa topollo, o neng o lokisitsoe ho tloha mothehong oa lefats’e, ka Kreste, bakeng sa mang le mang ea tla lumela lebitsong la hae.

14 ’Me ka ha motho o ile a oa o ne a sitoa ho lokeloa ke letho ka bo eena; empa mahlomola le lefu la Kreste li lefella libe tsa hae, ka tumelo le pako, le joalo joalo; le hore o khaotse litlamo tsa lefu, hore lebitla ha le na ba le tlholo, le hore tsenene ea lefu e tle e koenyetsoe ts’epong ea khanya; ’me Aarone o ile a hlalosetsa morena lintho tsena tsohle.

15 ’Me ho ile ha etsahala hore kamora hore Aarone a mo hlalosetse lintho tsena, morena o ile a re: Nka etsa joang hore ke tle ke fumane bophelo bo ba bosafeleng boo u buileng ka bona? Ee, ke tla etsa joang hore ke tle ke be ea tsoetsoeng ke Molimo, hore moea ona o khopo o tle o tsetolloe ho tsoa sefubeng sa ka, ’me ke amohele Moea oa hae, hore ke tle ke tlatsoe ka nyakallo, hore ke tle ke se ke ka lahloa ka letsatsi la ho qetela? Bona, ho bolela eena, ke tla tela tsohle tseo ke li ruhileng, ee, ke tla furalla ’muso oa ka, hore ke tle ke amohele nyakallo ena e kholo.

16 Empa Aarone o ile a re ho eena: Haeba u lakatsa ntho ena, haeba u tla inama fats’e ka pele ho Molimo, ee, haeba u tla baka libeng tsohle tsa hau, ’me u inama fats’e ka pele ho Molimo, ’me u hoelehetse lebitso la hae ka tumelo, u lumela hore u tla fumana, joale u tla fumana ts’epo eo u e lakatsang.

17 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Aarone a se a boletse mantsoe ana, morena o ile a inama fats’e ka mangole ka pele ho Morena; ee, esita le hore o ile a itiela holim’a lefats’e, ’me a hoelehetsa haholo, a re:

18 Oho Molimo, Aarone o mpoleletse hore Molimo o teng; ’me haeba Molimo o teng, ’me haeba u Molimo, ke kopa hore u etse hore o tsebahale ho ’na, ’me ke tla tlohella libe tsohle tsa ka ho u tseba, ’me hore ke tle ke tsosoe bafung, ’me ke bolokoe ka letsatsi la ho qetela. ’Me joale ha morena a se a buile mantsoe a na, o ile a oa joaloka ha eka o ne a shoele.

19 ’Me ho ile ha etsahala hore bahlanka ba hae ba ile ba mathela le ho bolella mofumahali tsohle tse etsahetseng ho morena. ’Me o ile a tla ho morena; ’me ha a mo bona a rapaletse joaloka eka o ne a shoele, ’me hape Aarone le bana babo ba eme joaloka ha eka e ne e le bona sesosa sa ho oa ha hae, o ne a ba halefetse, ’me a laela hore bahlanka ba hae, kapa bahlanka ba morena, hore ba ba nke ’me ba ba bolaee.

20 Joale bahlanka bao ba ne ba ile ba bona sesosa sa ho oa ha morena, ka baka leo ba ne ba sa qeke ho beha matsoho a bona ho Aarone le ho bana babo; ’me ba ile ba kopa mofumahali ba re: Hobaneng o laela hore re tle re bolaee banna bao, hobane bona e mong oa bona o matla ho re feta kaofela? Ka baka leo re tla oa ka pele ho bona.

21 Joale ha mofumahali a bona ts’abo ea bahlanka ba hae le eena o ile a qala ho ts’aba ka ho fetisisa, e se re bobe bo bong bo tle bo tle holim’a hae. ’Me o ile a laela hore bahlanka ba hae hore ba tsamaee ’me ba bitse sechaba, hore se tle se bolaee Aarone le bana babo.

22 Joale ha Aarone a bona boikemisetso ba mofumahali, le eena, hape ka ho tseba ho thatafala ha lipelo tsa sechaba seo, a ts’aba hore e se re bongata bo tla ipokella hammoho, ’me ho tle ho be le likhang le liqabang har’a bona; ka baka leo o ile a otlolla letsoho la hae ’me a tsosa morena ho tsoa fats’e, ’me a re ho eena: Ema. ’Me o ile a ema ka maoto a hae, a fumane matla a hae.

23 Joale sena se ile sa etsoa ponts’eng ea mofumahali le ba bangata ba bahlanka bao. ’Me ha ba e bona ba ile ba hlolloa haholo, ’me ba qala ho ts’aba. ’Me morena o ile a ema ka pele, ’me a qala ho ba ruta. ’Me o ile a ba ruta, haholo hore bohle ba ntlo ea hae ba sokolohele ho Morena.

24 Joale ho ne ho ena le bongata bo phuthehileng hammoho ka lebaka la taelo ea mofumahali, ’me ho ile ha qala ho ba le litletlebo tse kholo har’a bona ka lebaka la Aarone le bana babo.

25 Empa morena o ile a ema ka pele ho bona ’me a fana ka thuso ho bona. ’Me ba ile ba kokobela ho lebana le Aarone le bao a neng a ena le bona.

26 ’Me ho ile ha etsahala hore ha a bona hore sechaba seo se kokobetse, o ile a etsa hore Aarone le bana babo ba tle ba eme ka pele har’a bongata boo, hore ba tle ba rute lentsoe ho bona.

27 ’Me ho ile ha etsahala hore morena a romele phatlalatso hohle lefats’eng leo lohle, har’a sechaba sohle sa hae se neng se le lefats’eng lohle la hae, ba neng ba le litikolohong tsohle tse pota-potileng, tseo tse moeling esita le ho isa leoatleng, ka bophirima le ka bochabela, ’me leo le neng le arotsoe ho tsoa lefats’eng la Zarahemla ke mochophoro o mosesane oa lefella, o neng o matha ho tloha leoatleng bophirima esita le ho ea leoatleng bachabela, le ho pota-pota meeli ea lebopo la leoatle, le meeli ea lefella eo e neng e le ka leboea ho lefats’e la Zarahemla, ho feta meeling ea Manti, ka hlohong ea noka ea Sidone, e phallang ho tloha bophirima ho leba bochabela—’me ke joana Ba-Lamane le Ba-Nefi ba neng ba arohane.

28 Joale, karolo e botsoa ho feta ea Ba-Lamane e ne e phela lefelleng, ’me ba lula ka litenteng; ’me ba ne ba jalehile lefelleng leo ka bochabela, lefats’eng la Nefi; ee, hape le ka bochabela ba lefats’e la Zarahemla, meeling pela lebopo la leoatle, le ka bochabela lefats’eng la Nefi, sebakeng sa bojalefa ba pele ba bo ntat’a bona, ’me joana e le moeli o tseleng ea lebopo la leoatle.

29 ’Me hape ho ne ho ena le Ba-Lamane ba bangata ka bophirima pela lebopo la leoatle, moo Ba-Nefi ba neng ba ba khannetse teng. ’Me ke joana Ba-Nefi ba neng ba batla ba pota-potiloe ke Ba-Lamane; le ha ho le joalo Ba-Nefi ba ne ba ikhapetse likarolo tsohle tse ka leboea tsa lefats’e le moeling oa lefella, hlohong ea noka ea Sidone, ho tloha bophirima ho ea bochabela, ho potoloha lehlakoreng la lefella; ka leboea, esita le ho fihlela ba tla lefats’eng leo ba ileng ba le bitsa Nala.

30 ’Me moeli oa lona o ne o le holim’a lefats’e leo ba ileng ba le bitsa Mahlomoleng, lona le ne le le hole hoo ho isa leboea hore e be le tlile lefats’eng leo le ileng la eba le batho ’me ba timelitsoe, bao masapo a bona re ileng ra bua ka ona, ao a ileng a sibolloa ke sechaba sa Zarahemla, e ne e le sona sebaka sa pele sa hore ba fihlele ho sona.

31 ’Me ba ile ba tla ho tloha moo ho nyolohela lefelleng le boroa. Ke joana lefats’e le neng le le ho isa leboea le ne le bitsoa Mahlomoleng, ’me lefats’e le neng le lebisa boroa le ne le bitsoa Nala, lona e le lefella le neng le tletse ka mekhoa eohle ea liphoofolo tse hlaha tsa mofuta o mong le o mong, karolo ea se ileng sa tla ho tsoa lefats’eng le lebisitseng leboea bakeng sa lijo.

32 ’Me joale, e ne e le feela bohole ba leeto la letsatsi le halofo bakeng sa Mo-Nefi, moleng oa Nala le lefats’e leo la Mahlomoleng, ho tsoa bophirima ho ea bochabela ba leoatle; ’me ke joana lefats’e la Nefi le lefats’e la Zarahemla a ne a batlile a pota-potoa ke metsi, moo ho neng ho ena le moneketsela oa lefats’e pakeng tsa lefats’e le lebisitseng leboea le lefats’e le lebisitseng boroa.

33 ’Me ho ile ha etsahala hore Ba-Nefi ba ne ba ahile lefats’eng la Nala, esita le ho tsoa bophirima ho leoatleng le bochabela, ’me ke joana Ba-Nefi ka bohlale ba bona, ka balebeli le mabotho a bona, ba ne ba likalikelitse Ba-Lamane ka boroa, hore kahona ba tle ba rue ho feta lefats’e le ka leboea, hore ba tle ba se ke ba tlala lefats’e leo ho lebisa leboea.

34 Ka baka leo Ba-Lamane ba ne ba sitoa ho rua ho feta lefats’e la Nefi le lefella le pota-potileng. Joale hona e ne e le bohlale ho Ba-Nefi—joaloka ha Ba-Lamane e ne e le lira ho bona, ba ne ba sitoa ho lumella lits’otleho tsa bona ka mahlakore ohle, ’me hape le hore ba tle ba be le naha eo ba ka balehelang teng ho latela litakatso tsa bona.

35 ’Me joale ’na, kamora ho bolela sena, ke khutlela hape lingoliloeng tsa Ammone le Aarone, Omnere le Himni, le ba habo bona.