Mangolo a halalelang
Alma 20


Khaolo ea 20

Morena o romela Ammone Middoni ho ea lopolla bana babo ba chankaneng—Ammone le Lamoni ba kopana le ntat’a Lamoni, eo e leng morena holima lefats’e leo lohle—Ammone o qobella morena eo oa khale ho lokolla bana babo. Ka bo 90 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore ha ba se ba thehile kereke lefats’eng leo, morena Lamoni o ile a lakatsa hore Ammone a tsamaee le eena ho ea lefats’eng la Nefi, hore a tle a mo hlahise ho ntata’e.

2 ’Me lentsoe la Morena le ile la tla ho Ammone, le re: U se ke oa nyolohela lefats’eng la Nefi, hobane bona, morena o tla batla bophelo ba hau; empa u tla ea lefats’eng la Middoni; hobane bona, moena oa hau Aarone, ’me hape le Muloki le Amma ba chankaneng.

3 Joale ho ile ha etsahala hore ha Ammone a se a utloile sena, o ile a re ho Lamoni: Bona, moena oaka le bana beso ba chankaneng Middoni, ’me ke ea teng hore ke tle ke ba lopolle.

4 Joale Lamoni a re ho Ammon: kea tseba, hore ka matla a Morena u ka etsa lintho tsohle. Empa bona, ke tla tsamaea le uena ho ea lefats’eng la Middoni; hobane morena oa lefats’e la Middoni, eo lebitso la hae e leng Antiomno, ke motsoalle ho ’na, ka baka leo ke ea lefats’eng la Middoni hore ke tle ke qhekelle morena oa lefats’e leo, ’me o tla lahlela bana beno ka ntle ho chankana. Joale Lamoni a re ho eena: Ke mang a u boleletseng hore bana beno ba chankaneng?

5 ’Me Ammone o ile a re ho eena: Ha hona mang ea mpoleletseng, ntle le hore e be Molimo; ’me o itse ho ’na—Eea ’me u lopolle bana beno, hobane ba chankaneng lefatse’ng la Middoni.

6 Joale ha Lamoni a se a utloile sena a etsa hore bahlanka ba hae ba etse hore lipere le likoloi tsa hae li loke.

7 ’Me o ile a re ho Ammone: Tloho, ke tla tsamaea le uena ho theohela lefats’eng la Middoni, ’me moo ke tla kopa morena hore a lahlele bana beno kantle ho chankana.

8 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Ammone le Lamoni ba ntse ba tsamaea moo, ba ile ba kopana le ntat’a Lamoni, eo e neng e le Morena holima lefats’e leo lohle.

9 ’Me bonang, ntat’a Lamoni a re ho eena: Hobaneng u sa tla moketeng ka letsatsi le la le leholo ha ke ne ke etselitse bara ba ka le sechaba sa ka mokete?

10 ’Me hape a re: U ea kae le mo-Nefi eo, eo e leng e mong oa bana ba ea leshano?

11 ’Me ho ile ha etsahala hore Lamoni a mo hlakisetse hore na o ea kae, hobane o ne a ts’aba ho mo khopisa.

12 ’Me hape a mo bolella mabaka oohle a ho lula lefats’eng la hae la puso, hore e be o sitiloe hoea moketeng o neng o hlophisitsoe.

13 ’Me joale ha Lamoni a se a mo hlakiselitse lintho tsena tsohle, bonang, ho makaleng ha hae, ntat’ae o ne a mo halefetse, ’me a re: Lamoni, u lo lopolla ba-Nefi ba, bao e leng bara ba ea leshano. Bona, o tlatlapile bo natat’a rona; ’me joale le bana ba hae ba tla har’a rona hore, ka masene le mashano a bona ba tle ba, re thetse, hore hape ba tle ba re tlatlape thepa ea rona.

14 Joale ntat’a Lamoni a mo laela hore a bolaee Ammone ka sabole. ’Me hape o ile a mo laela hore a se ke a ea lefats’eng la Middoni, empa hore a khutlele le eena ho ea lefats’eng la Ishmaele.

15 Empa Lamoni oile a re ho eena: Nkeke ka bolaea Ammone, le ha ele ho khutlela lefats’eng la Ishmaele, empa ke tla ea lefats’eng la Middoni hore ke tle ke lokolle bana ba bo Ammone, hobane kea tseba hore ke banna ba lokileng le baporofeta ba halalelang ba Molimo oa ’nete.

16 Joale ha ntata’e a se a utloile mantsoe a na, o ne a mo halefetse, ’me o ile a hula sabole ea hae hore a tle a mo otle ho ea fats’e.

17 Empa Ammone o ile a ema a re ho eena: Bona, u se ke oa bolaea mora oa hau; le ha ho le joalo, ho ne ho ka ba molemo hore ho bolaoe eena ho feta uena, hobane bona, o baketse libe tsa hae; empa haeba uena u ka bolaoa ka nako ena, ka khalefo ea hau, moea oa hau u keke oa pholosoa.

18 ’Me hape, ho ea lokeleha hore u tle u mamelle; hobane haeba u tla bolaea mora oa hau, eena e le monna ea se nang molato, mali a hae a tla llela ho Morena Molimo oa hae ho tsoa fats’e, bakeng sa hore boiphetetso bo tle bo u oele; ’me mohlomong u tla lahleheloa ke moea oa hau.

19 Joale ha Ammone a se a boletse mantsoe a na ho eena, o ile a mo araba, a re: Kea tseba hore ha nka bolaea mora oa ka ke tla ts’olla mali a se nang molato; hobane ke uena a batlileng ho mo timetsa.

20 ’Me o ile a otlolla letsoho la hae ho bolaea Ammone. Empa Ammone o ile a thibela likotlo tsa hae, ’me le eena a mo otla sephaka hore a sitoe ho se sebelisa.

21 Joale ha morena a bona hore Ammone a ka mo bolaea, a qala ho kopa Ammone hore a mpe a qenehele bophelo ba hae.

22 Empa Ammone o ile phahamisa sabole ea hae, ’me a re ho eena: Bona, ke tla u otla ntle le hore u lumelle hore bana beso ba lahleloe kantle ho chankana.

23 Joale morena, ka ho ts’aba hore a tle a lahleheloe ke bophelo ba hae, a re: Haeba u tla nqenehela ke tla u lumella ka eng kapa eng eo u e kopang, esita le ho karolo ea bobeli bonngoeng ea ’muso oa ka.

24 Joale ha Ammone a bona hore o sebelitse holim’a morena eo a tsofetseng ho latela takatso ea hae, o ile a re ho eena: Haeba u tla lumella hore bana beso ba lahleloe kantle ho chankana, ’me hape le hore Lamoni a ke a boloke puso ea hae, le hore u se ke oa mo halefela, empa u lumelle hore a ke a etse ho latela litakatso tsa hae nthong e fe kapa e fe ea e nahanang, joale ke tla u qenehela, ntle le moo ke tla u otlela ho lefats’e.

25 Joale ha Ammone a se buile mantsoe ana, morena o ile a qala ho nyakalla ka lebaka la bophelo ba hae.

26 ’Me ha a bona hore Ammone ha a na takatso ea ho mo timetsa, le ha a bona lerato le leholo leo Ammone a nang le lona bakeng sa mora oa hae Lamoni, o ne a maketse ka ho fetisisa, ’me a re: Hobane sena ke sohle seo u se lakalitseng, hore ke tle ke lokolle bana beno, le ho lumella hore mora oa ka a boloke ’muso oa hae, bona, ke tla u lumella hore mora oa ka a ke a boloke ’muso oa hae ho tloha nakong ena le ka ho sa feleng, ’me ha ke sa hlola ke mo busa—

27 ’Me hape ke tla u lumella hore bana beno ba ke ba lahleloe kantle ho chankana, ’me uena le bana beno le ka tla ho ’na, ’musong oa ka; hobane ke tla lakatsa haholo ho le bona. Hobane morena o ne a makalitsoe haholo ke mantsoe ao a a buileng, le hape ke mantsoe a builoeng ke mora oa hae Lamoni, ka baka leo o ne a lakatsa ho ithuta ona.

28 ’Me ho ile ha etsahala hore Ammone le Lamoni ba ile ba tsoelapele leetong la bona ho leba lefats’eng la Middoni. ’Me Lamoni o ile a fumana mohau mahlong a morena oa lefats’e leo; ka baka leo bana ba bo Ammone ba ile ba tlisoa ho tsoa chankaneng.

29 ’Me ha Ammone a kopana le bona o ne a le masoabi ka ho fetisisa, hobane bonang ba ne ba hlobotse, ’me matlalo a bona a ne a phumuhile ka ho fetisisa ka lebaka la ho tlangoa ka marapo a matla. ’Me hape ba ne ba mamelletse tlala, lenyora, le mefuta eohle ea mahlomola; le ha ho le joalo ba ile ba e ba le mamello lits’otlehong tsohle tsa bona.

30 ’Me joaloka ha ho ile ha etsahala, e ne e le pheletso ea bona hore e be ba ile ba oela matsohong a batho ba thatafetseng le ho ba melala e sataletseng ho feta; ka baka leo ba ne ba sa batle ho mamela mantsoe a bona, ’me ba ne ba ile ba ba lahlela kantle, ’me ba ile ba ba otla, ’me ba ba khannela ho tsoa ntlo le ntlo, le ho tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng, esita le ho fihlela ba fihlile lefats’eng la Middoni; ’me moo teng ba ile ba nkeloa le ho lahleloa chankaneng, ’me ba tlangoa ka marapo a matla, le ho bolokoa chankaneng matsatsi a mangata, ’me ba lopolloa ke Lamoni le Ammone.