Mangolo a halalelang
Alma 18


Khaolo ea 18

Morena Lamoni o nahana hore Ammone ke Moea o Moholo—Ammone o ruta morena Lamoni ka Popo, lits’ebelisano tsa Molimo le batho, le topollo e tlang ka Kreste—Lamoni o oa lumela o oela fats’e joalo ka ha eka o shoele. Ka bo 90 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore morena Lamoni o ile a etsa hore bahlanka ba hae ba eme ka pele ’me ba pake ho lintho tsohle tseo ba li boneng malebana le taba ena.

2 ’Me ha ba se ba pakile kaofela ho lintho tseo ba li boneng, ’me a se a ithutile ka bots’epehi ba Ammone ka ho boloka mehlape ea hae, hape le ka matla a hae a maholo ka ho loana khahlanong le bao ba neng ba batla ho mo bolaea, o ne a maketse ka ho fetisisa, ’me a re: Kannete enoa ke ea fetang monna. Bonang, na ha se Moea o Moholo o romelang likotlo tse kholo hakana holim’a sechaba se na ka lebaka la lipolao tsa bona?

3 ’Me ba ile ba araba morena, ba re: Hore na ke eena Moea o Moholo kapa ke monna, ha re tsebe; empa hakana rea tseba, hore o sitoa ho bolaoa ke lira tsa morena; le ha e le hore ba hasanye mehlape ea morena ha a na le rona, ka lebaka la boiphihlelo ba hae le matla a maholo; ka baka leo, rea tseba hore ke motsoalle ho morena. ’Me joale, Oho morena, ha re lumele hore monna o na le matla a moholo hakaalo, hobane rea tseba hore o sitoa ho bolaoa.

4 ’Me joale, ha morena a utloa mantsoe ana, o ile a re ho bona: Joale kea tseba hore ke Moea o Moholo; ’me o tlile ka nako ena ho tla boloka maphelo a lona, hore ke tle ke sitoe ho le bolaea joaloka ha ke bolaile bana ba bo lona. Joale ke ona Moea o Moholo oo bontat’a rona ba buileng ka ona.

5 Joale ona e ne e le moetlo oa Lamoni, oo a ileng a o fumana ho tsoa ho ntata’e, hore ho ne ho ena le Moea o Moholo. Ho sa tsotellehe hore ba ne ba lumela ho Moea o Moholo, ba ne ba nahana hore eng kapa eng eo baneng ba e etsa e ne e nepahetse; le ha ho le joalo, Lamoni o ile a qala ho ts’oha ka ho fetisisa, ka ts’abo ea hore e se be o fositse ka ho bolaea bahlanka ba hae;

6 Hobane o ne a bolaile ba bangata ba bona hobane ba habo bona ba ile ba hasanya mehlape ea bona sebakeng sa metsi; ’me ke joana, hobane ba na ba bile le hore mehlape ea bona e hasane ba ile ba bolaoa.

7 Joale e ne e le tloaelo ea Ba-Lamane ba na ho ema pela metsi a Sebuse ho hasanya mehlape ea sechaba seo, hore ka ho etsa joalo ba tle ba khannele hole bongata ba tse hasaneng ho ea lefats’eng la bona, e le tloaelo ea bosholu har’a bona.

8 ’Me ho ile ha etsahala hore morena Lamoni o ile a botsa bahlanka ba hae, a re: O kae monna eo a nang le matla a maholo hakaale?

9 ’Me ba ile ba re ho eena: Bona, o ntse a fepa lipere tsa hau. Joale morena o ne a ile a laela bahlanka ba hae, pele ho nako ea ho noesa mehlape ea bona, hore ba tle ba hlophise lipere tsa hae le likoloi, le ho mo etella pele ho ea lefats’eng la Nefi; hobane ho ne ho ena le mokete o moholo o neng o behiloe ke ntat’a Lamoni, eo e neng e le morena holim’a lefats’e leo lohle.

10 Joale ha morena Lamoni a utloa hore Ammone o ne a ntse a hlophisa lipere tsa hae le likoloi tsa hae o ile a makala ho feta, ka lebaka la bots’epehi ba Ammone, a re: Kannete ha ho so be le mohlanka har’a bahlanka bohle ba ka ea ts’epahetseng joaloka monna enoa; hobane esita o hopola litaelo tsohle tsa ka ho li phetha.

11 Joale Kannete kea tseba hore enoa ke Moea o Moholo, ’me nka lakatsa hore a tle ho ’na, empa ha ke na sebete.

12 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Ammone a se a hlophisitse lipere le likoloi bakeng sa morena le bahlanka ba hae, o ile a kena ho ea ho morena, ’me itse ha a bona hore sefahleho sa morena se fetohile; ka baka leo o ne a le makhatheng a ho khutla ho tsoa pontse’ng ea hae.

13 ’Me e mong oa bahlanka ba morena o ile a re ho eena, Rabbana, eo e, tolokoang ka hore, ea tletseng matla kapa morena e moholo, ka ho nahana hore marena a bona a tletse matla; ’me ke joana a ileng a bolela ho eena: Rabbana, morena o lakatsa hore o lule.

14 Ka baka leo Ammone o ile a retelehela ka ho morena, ’me a re ho eena: Ke eng seo o batlang hore ke u etsetse sona, Oho morena? ’Me morena ha a ka a mo araba bakeng sa sebaka sa hora, ho latela nako ea bona, hobane o ne a sa tsebe seo a tla se bua eena.

15 ’Me ho ile ha etsahala hore Ammone o ile a re ho eena hape: Ke eng seo u se lakatsang ka ’na? Empa morena ha a ka a mo araba.

16 ’Me ho ile ha etsahala hore Ammone, a ne a tletsoe ke Moea oa Molimo, ka baka leo o ile a lemoha mehopolo ea morena. ’Me o ile a re ho eena: Na ebe ke hobane u utloile hore ke sirelelitse bahlanka ba hau le mehlape ea hau, ’me ka bolaea ba supileng ba habo bona ka letjeketjane le ka sabole, ’me ka khaola liphaka tsa ba bang, e le hore ke sireletse mehlape ea hau le bahlanka ba hau; bona, na se ke sona se bakileng ho hlolloa ha hau?

17 Ke re ho uena, ke eng, hore e be ho hlolloa ha hau ho ho holo hakaalo? Bona, ke monna, ’me ke mohlanka oa hau; ka baka leo, eng kapa eng eo u e lakatsang e lokileng, eo ke tla e etsa.

18 Joale ha morena a se a utloile mantsoe a na, o ile a hlolloa hape, hobane o ile a bona hore Ammone o ne a ka utloisisa mehopolo ea hae; empa ho sa tsotellehe sena, morena Lamoni o ile a bula molomo oa hae ’me a re ho eena: U mang? Na u Moea ola o Moholo, o tsebang lintho tsohle?

19 Ammone o ile a araba ’me a re ho eena: Ha ke ona.

20 ’Me morena o ile a re: U e tseba joang mehopolo ea pelo ea ka? Uena u ka bua ka sebete, ’me ua mpolella malebana le lintho tsena; ’me hape le ho mpolella hore ke ka matla a feng ao u bolaileng le ho khaola liphaka tsa ba heso ba hasanyang mehlape ea ka—

21 ’Me joale, haeba u tla mpolella malebana le lintho tsena, eng kapa eng eo u e lakatsang ke tla u fa eona; ’me haeba ho ne ho hlokahala, ke ne ke tla u lebela ka mabotho a ka; empa kea tseba hore uena u tletse ka matla le ho ba feta kaofela; le ha ho le joalo, eng kapa eng eo u e lakatsang ho ’na ke tla u lumella eona.

22 Joale Ammone a ne a le bohlale, feela a se na kotsi, o ile a re ho Lamoni: Na u tla mamela mantsoe a ka, haeba ke u bolella hore na ke ka matla a feng ke etsang lintho tse? ’Me ena ke eona ntho eo ke e lakatsang ho uena.

23 ’Me morena o ile a mo araba, a re: Ee, ke tla lumela mantsoe oohle a hau. ’Me ke joana a ileng a ts’oaroa ka bohlale.

24 ’Me Ammone a qala ho bua ho eena ka sebete, ’me a re ho eena: Na ua lumela hore ho na le Molimo?

25 ’Me o ile a araba a re ho eena: ha ke tsebe hore na seo se bolelang.

26 ’Me eaba Ammone o re: Na ua lumela hore ho na le Moea o Moholo?

27 ’Me a re, Ee.

28 ’Me Ammone a re: Enoa ke Molimo. ’Me Ammone o ile a re ho eena hape: Na ua lumela hore Moea oo o Moholo, e leng Molimo, o bopile lintho tsohle tse maholimong le tse lefats’eng?

29 ’Me o ile a re: Ee, kea lumela hore o bopile lintho tsohle tse lefats’eng; empa ha ke tsebe maholimo.

30 ’Me Ammone a re ho eena: Maholimo ke sebakeng seo Molimo a lulang le mangeloi a halalelang oohle a hae.

31 ’Me morena Lamoni a re: Na a ka holim’a lefats’e?

32 ’Me Ammone o ile a re: Ee, ’me o shebela tlase holima bana ba batho bohle; ’me o tseba mehopolo eohle le maikemisetso a pelo; hobane ke ka letsoho la hae tsohle li bopiloeng ho tloha ts’imolohong.

33 ’Me morena Lamoni a re: Ke lumela lintho tsena tsohle tseo u li boletseng. Na u rometsoe ho tsoa ho Molimo?

34 Ammone a re ho eena: Ke monna; ’me motho ts’imolohong o ile a boptjoa ka sets’oants’o sa Molimo, ’me ke bitsitsoe ke Moea oa hae o Halalelang ho ruta lintho tsena ho sechaba sena, hore ba tle ba tlisoe tsebong ea se lokileng le ’nete;

35 ’Me karolo ea Moea oo e lula ka har’e ho ’na, eo e mphang tsebo, le matla ho latela tumelo eaka le litakatso tse ho Molimo.

36 Joale ha Ammone a se a boletse mantsoe a na, o ile a qala popong ea lefats’e, hape le popo ea Adama, ’me a mo bolella lintho tsohle malebana le ho oa ha Adama, ’me a hlakisa le ho beha ka pele ho eena lingoliloeng le mangolo a halalelang a sechaba, a ileng a boleloa ke baporofeta, esita le ho ea tlase ho nako eo ntat’a bona Lehi a ileng a tloha Jerusalema.

37 ’Me hape o ile a ba hlakisetsa (hobane e ne e le ho morena le ho bahlanka ba hae) maeto oohle a bontat’a bona lefelleng, le lits’otleho tsohle tsa bona ka tlala le lenyora, le bohloko ba bona ba pelehi, jaolo joalo.

38 ’Me hape o ile a ba hlakisetsa malebana le ho fetohela ha Lamane le Lemuele le bara ba Ishmaele, ee, liphetohelo tsohle tsa bona o ile a ba phetela tsona; ’me o ile a ba hlalosetsa lingoliloeng tsohle le mangolo a halalelang ho tloha ha Lehi a tloha Jerusalema ho fihla nakong ea joale.

39 Empa sena ha se sohle; hobane o ile a ba hlalosetsa moralo oa topollo, o ileng oa hlophisoa ho tloha methehong ea lefats’e; ’me hape o ile a etsa hore ho tsebahale ho bona malebana le ho tla ha Kreste, le mesebetsi eohle ea Morena o ile a etsa hore e tsebahale ho bona.

40 ’Me ho ile ha etsahala hore kamora hore a bolele lintho tsena tsohle, ’me a li hlalosetse morena, hore morena o ile a lumela mantsoe oohle a hae.

41 ’Me o ile a qala ho hoelehetsa ho Morena, a re: Oho Morena, e ba le Mohau; ho latela mohau oa hao o mongata oo o bileng le oona holim’a sechaba sa Nefi, e ba le ona holim’a ka, le sechaba sa ka.

42 ’Me joale, ha a se a boletse sena, o ile a oela ho lefats’e, joaloka ha e ka o shoele.

43 ’Me ho ile ha etsahala hore bahlanka ba hae ba ile ba mo nkela ka har’e ho mosali oa hae, ’me ba mo robatsa holim’a bethe ea hae; ’me o ile a robala joaloka ha e ka o shoele bakeng sa sebaka sa matsatsi a mabeli le masiu a mabeli; ’me mosali oa hae, le bara ba hae, le barali ba hae ba ile ba mo llela, ka mokhoa oa Ba-Lamane, haholo ba llela tahlehelo ea hae.