Mangolo a halalelang
Alma 16


Khaolo ea 16

Ba-Lamane ba timetsa sechaba sa Ammoniha—Zorame o etella Ba-Nefi tlholong holima Ba-Lamane—Alma le Amuleke le ba bang ba bangata ba ruta lentsoe—Ba ruta hore kamor’a ho tsoha bafung ha hae Kreste o tla hlaha ho Ba-Nefi. Ka bo 81–77 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore ka selemo sa leshome le motso o mong sa puso ea baahloli holima sechaba sa Nefi, ka letsatsi la bohlano la khoeli ea bobeli, moo ho bile le khotso e ngata lefats’eng leo la Zarahemla, moo ho sa ka ha eba le lintoa kapa litoants’ano bakeng sa palo e itseng ea lilemo, esita le hofihlela letsatsi la bohlano la khoeli ea bobeli selemong sa leshome le motso o mong, ho ne ho ena le sello sa ntoa hohle lefats’eng leo.

2 Hobane bonang, mabotho a Ba-Lamane a ne a tlile holim’a lehlakore la lefelleng, ka hare ho meeli ea lefats’e leo, esita le ho kena motseng oa Ammoniha, ’me ba qala ho bolaea sechaba le ho senya motse oo.

3 ’Me joale ho ile ha etsahala hore, pele Ba-Nefi ba ka holisa lebotho le lekaneng ho ba khannela kantle ho lefats’e leo, ba ne ba se ba timelitse batho ba neng ba le ka har’e ho motse oo oa Ammoniha, ’me hape le ba bang ho potoloha le meeli ea Noe, ’me ba nketse ba bang litlamong ho ea lefelleng.

4 Joale ho ile ha etsahala hore Ba-Nefi ba ne ba lakatsa ho fumana bao ba neng ba jaretsoe hole litlamong ho ea lefelleng.

5 Ka baka leo, ea neng a khethiloe e le molaoli e moholo holima mabotho a Ba-Nefi, (’me lebitso la hae e ne e le Zorame, ’me o ne a ena le bara ba babeli, Lehi le Aha)—joale Zorame le bara ba hae ba babeli, ba tseba hore Alma e ne e le moprista e moholo holim’a kereke, ’me ba ne ba utloile hore o na le moea oa boporofeta, ka baka leo ba ile ba ea ho eena ’me ba lakatsa ka eena hore ba tsebe hore na Morena a ka batla hore ba tle ba tsamaee ho ea lefelleng ho ilo batla bana ba bo bona ba ile ba nkeloa litlamong ke Ba-Lamane.

6 ’Me ho ile ha etsahala hore Alma o ile a botsa Morena malebana le taba ena. ’Me Alma o ile a khutla a re ho bona: Bonang, Ba-Lamane ba tla ts’ela noka ea Sidone ka boroa ho lefella, hole holimo ka nqane ho meeli ea lefats’e la Manti. ’Me bonang moo le tla kopana le bona, ka bophirima ba noka ea Sidone, ’me moo Morena o tla lokollela ho lona bana ba bo lona ba nketsoeng litlamong ke Ba-Lamane.

7 ’Me ho ile ha etsahala hore Zorame le bara ba hae ba ile ba ts’elela ka holim’a noka ea Sidone, ka mabotho a bona, ’me ba tsamaela hole ka nqane ho meeli ea Manti ho kena ka boroa ba lefella, e leng ka bophirima ba noka ea Sidone.

8 ’Me ba ile ba oela holim’a mabotho a Ba-Lamane, ’me Ba-Lamane ba ile ba hasana le ho khanneloa lefelleng; ’me ba ile ba nka bana ba bo bona ba ileng ba nkeloa litlamong ke Ba-Lamane, ’me ho ne ho se na le moea o mong o neng o lahlehile ho bao ba neng ba nketsoe litlamong. ’Me ba ile ba tlisoa ke bana ba bo bona ho rua lefats’e la bona.

9 ’Me ke joana selemo sa leshome le motso o mong sa baahloli se ileng sa feela, Ba-Lamane ba khannetsoe kantle ho lefats’e leo, me sechaba sa Ammoniha se ne se timelitsoe; ee, moea o mong le o mong oa Ba-Ammoniha o ne o timelitsoe, ’me hape le motse oa bona o moholo, oo ba neng ba itse Molimo o tla sitoa ho o timetsa ka lebaka la boholo ba ona.

10 Empa bonang, ka letsatsi le leng o ile oa sala e le lesupi, ’me litopo li ne li senngoa ke lintja le linyamatsana tse hlaha tsa lefella.

11 Le ha ho le joalo, kamor’a matstsi a mangata litopo tsa bona li ile tsa etsoa qubu holim’a sefahleho sa lefats’e, ’me tsa koaheloa ka lebitla le sa tebang. ’Me joale monko oa teng o ne o le moholo hoo sechaba se sitiloeng ho kena ho ea rua lefats’e la Ammoniha ka lilemo tse ngata. ’Me le ne le bitsoa lesupi la bo Nehore; hobane e ne e le ba mesebetsi ea Nehore, eo a ileng a bolaoa, ’me mafats’e a bona a sala e le lesupi.

12 ’Me Ba-Lamane ha ba ka ba hlola ba tla hape ho tla loana khahlanong le BA-Nefi hofihlela selemo sa bo mashome a mane sa puso ea baahloli holim’a sechaba sa Nefi. ’Me ke joana bakeng sa lilemo tse tharo sechaba sa Nefi se ileng sa eba le khotso e tsoellang lefats’eng leo lohle.

13 ’Me Alma le Amuleke ba ile ba tsamaea ba ruta pako ho batho litempeleng tsa bona, le lihalaletsong tsa bona, hape le li sinagogeng tsa bona, tse neng li ahiloe ka mokhoa oa Ba-Juda.

14 ’Me ba bangata joaloaka ba ka utloang mantsoe a bona, ho bona ba ile ba ba fa lentsoe la Molimo, ntle le ho ea ka ts’obotsi ea batho, ho tsoelapele.

15 ’Me ke joana Alma le Amuleke ba ileng ba tsamaea, hape le ba bang ba bangata ho feta ba neng ba khethetsoe mosebetsi oo, ho ruta lentsoe hohle lefats’eng leo lohle. ’Me ho thehoa ha kereke ho ile ha fetoha kakaretso hohle lefats’eng leo, tikolohong eohle ho potoloha, har’a sechaba sohle sa Ba-Nefi.

16 ’Me ho ne ho se na tlhokahalo ea tekano har’a bona; Morena o ile a ts’ollela Moea oa hae hohle sefahlehong sa lefats’e leo ho hlophisa likelello tsa bana ba batho, ka ho lokisetsa lipelo tsa bona ho amohela lentsoe leo le tlang ho rutoa har’a bona ka nako ea ho tla ha hae—

17 Hore ba tle ba se ke ba thatafala khahlanong le lentsoe, hore ba tle ba se ke ba eba ba sa lumeleng, ’me ba tsamae ho ea timelong, empa hore ba ke ba amohele lentsoe ka nyakallo, ’me joalo ka lekala le kentsoeng morareng oa ’nete, hore ba ke ba kene phomolong ea Morena Molimo oa bona.

18 Joale baprista bao ba neng ba tsamaea har’a batho ba ne ba ruta khahlanong le mashano ohle, le ho thetsa, le mona le likhang, le lonya, le ho nyefola, le ho utsoa, ho tlatlapa le mekhoa eohle ea bohlasoa, ba hoelehetsa hore lintho tsena ha lia tlameha ho ba teng—

19 Ba ruta lintho tseo li tlang ho tla haufi; ee, ba ruta ka ho tla ha Mora oa Molimo, lits’otleho tsa hae le lefu, hape le ho tsoha bafung ha ba shoeleng.

20 ’Me ba bangata ba sechaba seo ba ile ba botsa malebana le sebaka seo Mora oa Molimo a tla tla ho sona, ’me ba ile ba rutoa hore o tla hlaha ho bona kamor’a tsoho ea hae bafung; ’me sena sechaba seo se ile sa se utloa ka nyakallo e kholo le thabo.

21 ’Me joale kamor’a hore kereke e thehoe hohle lefats’eng leo—e fumane tlholo holim’a diabolose, ’me lentsoe la Molimo le rutoa ka ho hloeka hohle lefats’eng lohle, ’me Morena a ts’ollela lihlohonolofatso tsa hae holim’a sechaba seo—ke joana ho felileng selemo sa bo mashome a mane sa puso ea baahloli holim’a sechaba sa Nefi.