Mangolo a halalelang
1 Nefi 9


Khaolo ea 9

Nefi o ngola sete tse peli tsa lingoliloeng—E ’ngoe le e ’ngoe e bitsoa matlapa a Nefi—Matlapa a maholo a t’soere nalane eo e seng ea kereke; a manyane a ts’oere ka ho khetheha ntho tse halalelang. Ka bo 600–592 B.C.

1 ’Me ntho tsena kaofela ntate o ile a li bona, ’me a li utloa, ’me a li bua, ha a ntse a lula ka hara tente, phuleng ea Lemuele, ’me hape le tse ling tse kholo tse ngata, tse kekeng tsa ngoloa holima matlapa a na.

2 ’Me joale, joalo ka ha ke buile malebana le matlapa ana, bonang ha se matlapa ao ho ona ke tlang ho ngola hlaloso e feletseng ea nalane ea batho ba heso, hobane matlapa ao ke tlang ho ngola hlaloso e feletseng ea batho ba heso ke a file lebitso la Nefi; ka baka leo, a bitsoa matlapa a Nefi, ho latela lebitso la ka; ’me le ’ona matlapa ana a bitsoa matlapa a Nefi.

3 Le ha ho le joalo, ke fumane taelo ho tsoa ho Morena hore ke etse matlapa ana ka baka la sepheo se ikhethang sa hore ho tle ho be le hlaloso e ngotsoeng ea boruti ba batho ba heso.

4 Holima matlapa a mang ho tle ho ngoloe hlaloso ea ho busa ha marena, ’me le lintoa le likhang tsa batho ba heso; ka baka leo matlapa ana ke a karolo e kholonyana ea boruti; ’me matlapa a mang ke a karolo e kholonyana ea ho busa ha marena le lintoa le likhang tsa batho ba heso.

5 Ka baka leo, Morena o ile a ntaela hore ke etse matlapa ana ka baka la sepheo se bohlale ho tsoa ho Eena, sepheo seo ke sa se tsebeng.

6 Empa Morena o tseba ntho tsohle ho tloha ts’imolohong; ka baka leo, o lokisa tsela ea ho phetha mesebetsi eohle ea Hae har’a bana ba motho; hobane bonang, o na le matla oohle a ho phethahatsa mantsoe oohle a hae. ’Me ho fela ho le joalo. Amen.