Mangolo a halalelang
1 Nefi 8


Khaolo ea 8

Lehi o bona pono ea sefate sa bophelo—O ja tholoana ea sona ’me o lakatsa ha lelapa la hae le ka etsa joalo ka eena—O bona thupa ea ts’epe, tsela e kopaneng e ts’esane, le meholi ea lefifi le koahelang batho—Saria, Nefi le Seme ba ja tholoana, empa Lamane le Lemuele ba hana. Ka bo 600–592 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore re ne re bokelletse hammoho mekhoa eohle ea peo ka mefuta eohle, ka bobeli ea lijo thollo tsa mefuta eohle, hape le peo ea litholoana tsa mefuta eohle.

2 ’Me ho ile ha etsahala hore ha ntate a ntse a hlola lefelleng a bue le rona, a re: Bonang, ke lorile toro; kapa, ka mantsoe a mang, ke bone pono.

3 ’Me bonang, ka baka la ntho eo ke e boneng, ke na le lebaka la ho nyakalla ho Morena ka baka la Nefi ’me hape le Seme; hobane ke na le lebaka la ho hakanya hore bona, le ba bangata ba peo ea bona, ba tla pholosoa.

4 Empa bonang, Lamane le Lemuele, ke t’saba ka ho fetisisa ka lebaka la lona; hobane bonang, ’na ke nahanne hore ke bone torong ea ka, lefeella le lefifi le bolutu.

5 ’Me ho ile ha etsahala hore ke bone monna, ’me o ne a apere kobo e ts’oeu; ’me o ile a tla a ema ka pele ho ’na.

6 ’Me ho ile ha etsahala hore a bue le ’na, ’me a ntaela hore ke mo latele.

7 ’Me ho ile ha etsahala hore ha ke ntse ke mo latela ka ipona hore ke ne ke le lefifing le ts’enyehong e bolutu.

8 ’Me kamora ho tsamaea nako ea lihora tse ngata lefifing, ka qala ho rapela ho Morena hore a be le mohau ho ’na, ho latela bongata ba mehau ea Hae e mosa.

9 ’Me ho ile ha etsahala hore kamora hore ke rapele ho Morena ka bona ts’imo e kholo e sephara.

10 ’Me ho ile ha etsahala hore ke bone sefate, seo tholoana ea sona e neng e lakatseha ho etsa hore mong a thabe.

11 ’Me ho ile ha etsahala hore ke ee pele ’me ke je tholoana eo; ’me ka fumana hore e ne e hlaboseha ka mokhoa o fetisang, ho feta tsohle tseo nkileng ka li latsoa. Ee, ’me ka bona hore tholoana eo e ne e le ts’oeu, ho feta bosoeu bohle boo nkileng ka bo bona.

12 ’Me ha ntse ke ja tholoana eo e ile ea tlatsa moea oaka ka thabo e kholo e fetisisang; ka baka leo, ka qala ho lakatsa hore ba lelapa la ka ba e je le bona; hobane ke ne ke tseba hore e ne e lakatseha ho feta tholoana tse ling.

13 ’Me ea re ha ke lahlela mahlo a ka ho potoloha ka ’ng’a tsohle, hore ka mohlomong ke tle ke fumane ba lelapa la ka le bona, ke ile ka bona noka ea metsi; ’me e ne e phalla, ’me e ne e le pela sefate seo ke ntseng ke ja tholoana ea sona.

14 ’Me ke ile ka sheba ho bona moo e tsoang teng; ’me ke ile ka bona mohloli oa eona holenyana; ’me moo mohloling oa eona ke ile ka bona ’mao Saria, le Seme, le Nefi; ’me ba ne ba eme joalo ka ha eka ha ba tsebe moo ba ka eang.

15 ’Me ho ile ha etsahala hore ke ba hoehle; ’me ka ba ka re ho bona ka lentsoe le phefa hore ba tle ho ’na, ’me ba je tholoana eo, e neng e lakatseha ho feta tholoana tse ling kaofela.

16 ’Me ho ile ha etsahala hore ba tle ho ’na ’me ba ja tholoana le bona.

17 ’Me ho ile ha etsahala hore ke lakatse hore Lamane le Lemuele ba tle ’me ba je tholoana eo le bona; ka baka leo, ke ile ka lahlela mahlo a ka mohloling oa noka, hore ka mohlomong ke tle ke ba bone.

18 ’Me ho ile ha etsahala hore ke ba bone, empa ba ne ba sa batle ho tla ho ’na le ho ja tholoana eo.

19 ’Me ke ile ka bona lere la ts’epe, ’me le ne le otlolohile haufi le lebopo la noka, ’me e ne e isa sefateng seo ke neng ke eme pela sona.

20 ’Me hape ke ile ka bona tsela e patisaneng e ts’esane, e neng e tsamaea haufi le lere la ts’epe, ho isa sefateng seo ke neng ke eme pela sona, ’me e ne e eteletsoe pele ke mohloli oa seliba, ho isa ts’imong e kholo e sephara, joalo ka ha eka e ne e le lefats’e.

21 ’Me ke ile ka bona bongata bo sa baleheng ba batho, bongata ba bona bo phehelletse pele, hore ba tle ba fumane tsela e neng e isa sefateng seo ke neng ke eme pela sona.

22 ’Me ho ile ha etsahala hore ba tle pele, ’me ba simolla ka hara tsela e neng e isa sefateng.

23 ’Me ho ile ha etsahala hore ho tsohe moholi oa lefifi; ee, esita moholi o moholo kaho fetisisa oa lefifi, ka hona ba neng ba simollotse ka hara tsela ba ile ba lahleheloa ke tsela ea bona, hore ba ile ba lelera ’me ba ile ba lahleha.

24 ’Me ho ile ha etsahala hore ke bone ba bang ba phehelletse ho ea pele, ’me ba tla pele ’me ba its’oareletsa qetellong ea thupa ea ts’epe; ’me ba ile ba pheella ho ea pele ka hara moholi oa lefifi, ba mamaretse lere la ts’epe, esita ho fihlela ba tla pele ’me ba ja tholoana ea sefate.

25 ’Me kamora hore ba je tholoana ea sefate ba ile ba lahlela mahlo a bona ka ’ng’a tsohle joalo ka ha eka ba soabile.

26 ’Me le ’na ke ile ka lahlela mahlo a ka ho potoloha ka ’ng’a tsohle, ’me ka bona, ka lehlakoreng le leng la noka ea metsi, moaho o moholo o sephara; ’me o eme joalo ka ha eka o sebakeng, o phahame ka holimo ho lefats’e.

27 ’Me o ne o tletse batho, ba baholo le ba banyane, ba batona le ba bats’ehali; ’me mokhoa oa bona oa ho apara e ne e le o motle ka ho fetisisa; ’me ba ne ba na le boits’oaro ba ho soma le ho supa ka menoana ea bona bao ba neng ba tlile ’me ba ntse ba ja tholoana.

28 ’Me kamora hore ba latsoe tholoana ba ne ba soabile, ka lebaka la bao ba neng ba ba soma; ’me ba ile ba oela tseleng tse thibetsoeng ’me ba ile ba lahleha.

29 ’Me joale ’na, Nefi, ha ke bue montsoe oohle a ntate.

30 Empa, ho ba mokhuts’oane ho ngoleng, bonang, u ile a bona bongata bo bong bo pheella ho ea pele; ’me ba ile ba tla ’me ba its’oareletsa ka qetello ea lere la ts’epe; ’me ba pheella tseleng ea bona ho ea pele, ba its’oareletsa ka thata ba sa khaotse lereng la ts’epe, ho fihlela ba tla pele ’me ba oela fat’se ’me ba ja tholoana ea sefate.

31 ’Me o ile a bona hape bongata bo bong bo phopholetsa tsela ea bona ho ea moahong oane o moholo o sephara.

32 ’Me ho ile ha etsahala hore ba bangata ba noele botebong ba seliba; ’me ba bangata ba ile ba lahleha ponong ea hae, ba lelera tseleng li sele.

33 ’Me bo ne bo le boholo bongata bo ileng ba kena ka hare ho moaho ono osele. ’Me kamora hore ba kene ka hare ho moaho oo ba ile ba supa ka monoana o somang ’na le bao ba neng ba ntse ba ja tholoana le bona; empa ra se ke ra ba ela hloko.

34 Ana ke mantsoe a ntate: Hobane bongata bohle bo ileng ba ba ela hloko, ba ile ba oela.

35 ’Me Lamane le Lemuele ha ba ka ba ja tholoana, ho cho ntate.

36 ’Me ho ile ha etsahala hore kamora hore ntate a bue mantsoe oohle a toro kapa pono ea hae, a neng a le mangata, o ile a re ho rona, ka lebaka la lintho tseo a li boneng ponong, o ts’aba ka ho fetisisa ka lebaka la Lamane le Lemuele; ee, o ne a ts’aba hore esere ba tla lahloa ho tloha ponts’eng ea Morena.

37 ’Me o ile a ba eletsa ka maikutlo oohle a motsoali a pelo e nolo, hore ba utloe mantsoe a hae, hore ka mohlomong Morena a tle a be le mohau ho bona, ’me a se ba lahlele hole; ee, ntate o ile a ba ruta.

38 ’Me kamora hore a ba rute, ’me hape a ba porofetele ntho tse ngata, o ile a ba laela ho boloka litaelo tsa Morena; ’me o ile a emisa ho bua le bona.