Mangolo a halalelang
1 Nefi 6


Khaolo ea 6

Nefi o ngola ka lintho tsa Molimo—Sepheo sa Nefi ke ho kholisa batho hore ba tle ho Molimo oa Abrahama ’me ba pholosoe. Ka bo 600–592 B.C.

1 ’Me joale ’na, Nefi, ha ke fane ka tatellano ea meloko ea bo-ntate karolong ena ea lingoliloeng tsa ka; le ha e le neng kamora’ mona ha ke sa tla fana ka eona lingoliloeng tsena tseo ke li ngolang; hobane e fanoe ka lingoliloeng tse bolokiloeng ke ntate; ka baka leo ha ke e ngole ka ho lingoliloeng tsena.

2 Ka ha ho lekane hore ke re re ba leloko la Josefa.

3 ’Me ho ’na ha ho taba e ikhethang hore ke fane ka tlhaloso e feletseng ea lintho tsohle tsa ntate, hobane li ke ke tsa ngoloa matlapeng ana, hobane ke laba-labela sebaka seo hore ke tle ke ngole lintho tsa Molimo.

4 Hobane maikemisetso a ka ka botlalo ke hore ke tle ke kholise batho ho tla ho Molimo oa Abrahama, le ho Molimo oa Isaka, le ho Molimo oa Jakobo, ’me ba pholosoe.

5 Ka baka leo, lintho tse khahlisang lefats’e ha ke li ngole, empa lintho tse khahlang Molimo le bao e seng ba lefats’e.

6 Ka baka leo ke tla neha peo ea ka litaelo, hore ba tle ba se ke ba tlatsa matlapa ana ka lintho tseo e seng tsa bohlokoa ho bana ba batho.