Mangolo a halalelang
1 Nefi 3


Khaolo ea 3

Bara ba Lehi ba khutlela morao ho ea fumana matlapa a ts’epe e khubelu—Labane o hana ho nehelana ka matlapa—Nefi o khothatsa le ho khothaletsa baholoane ba hae—Labane o utsoa thepa ea bona’me o leka ho ba bolaea—Lamane le Lemuele ba otla Nefi le Seme ’me ba khalemeloa ke lengeloi. Ka bo 600–592 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore ’na, Nefi, ke khutle ho tsoa bua le Morena, ka ea tenteng ea ntate.

2 ’Me ho ile ha etsahala hore a bue le ’na, a re: Bona ke lorile toro, eo ho eona Morena a ileng a ntaela hore uena le baholoane ba hao le tla khutlela Jerusalema.

3 Hobane bona, Labane o na le pale ea Ba-Juda hape le tatellano ea meloko ea baholo-holo ba ka, ’me li ngotsoe holima matlapa a ts’epe e khubelu.

4 Ka baka leo, Morena o ntaetse hore uena le baholoane ba hao le khutlele ntlong ea Labane, le batle lingoliloeng, ’me le li tlise koano lefelleng.

5 ’Me joale, bona baholoane ba hao ba ea tletleba, ba re ke ntho e thata eo ke ba batlang eona; empa bona ha se ’na ea batlileng seo ho bona, empa ke taelo ea Morena.

6 Ka hoo hee tsamaea, mora oa ka, ’me o tla ratoa ke Morena, hobane ha o so tletlebe.

7 ’Me ho ile ha etsahala hore ’na, Nefi, ke re ho ntate: Ke tla ea’me ke etse lintho tseo Morena a li laetseng, hobane kea tseba hore Morena ha a fe bana ba batho litaelo, ntle le hore a ba lokisetse tsela ea hore ba tle ba phethahatse ntho eo a ba laetseng eona.

8 ’Me ho ile ha etsahala hore ha ntate a se a utloile mantsoe ana, a thabe haholo, hobane o ne a tseba hore ke hlohonolofalitsoe ke Morena.

9 ’Me ’na, Nefi, le baholoane ba ka re ile ra nka leeto la rona lefelleng, le litente tsa rona, ho ea holimo lefats’eng la Jerusalema.

10 ’Me ho ile ha etsahala hore ha re se re ile holimo lefats’eng la Jerusalema, ’na le bana b’eso re ile ra rerisana ’moho.

11 ’Me re ile ra khetha ka lotho—ke bo mang ho rona ba tlang ho ea ntlong ea Labane. ’Me ho ile ha etsahala hore lotho e oele ho Lamane; ’me Lamane o ile a ea ntlong ea Labane, ’me o ile a bua le eena ha a ntse a lutse ka tlung ea hae.

12 ’Me o ile a bua takatso ea ho fumana lingoliloeng tse neng li ngotsoe matlapeng a ts’epe e khubelu ho Labane, tse neng li ena le tatellano ea meloko ea ntat’ae.

13 ’Me bonang, ho ile ha etsahala hore Labane a halefe, ’me a mo lahlela kantle ho tloha ponts’eng ea hae; ’me o ile a hana ho mo neha lingoliloeng tseo. Ka hoo, o ile a re ho eena: Bona u lesholu, ’me ke tlo u bolaea.

14 Empa Labane o ile a balehela kantle ho tloha ponts’eng ea hae, ’me a re phetela lintho tseo Labane a ileng a li etsa. ’Me re ile ra qala ho hlonama haholo, ’me bana b’eso ba ne ba se ba batla ho khutlela ho ntate lefelleng.

15 Empa bonang ka re ho bona: Ka Morena a phelang, le rona re phela, re ke ke ra theohela ho ntate lefelleng ho fihlela re phethahalitse ntho eo Morena a re laetseng eona.

16 Ka baka leo, ha re ts’epahaleng ka ho boloka litaelo tsa Morena; ka hoo, ha re theoheleng lefats’eng la bojalefa la ntate, hobane bonang o siile khauta le silivera, le maruo a mefuta-futa. ’Me tsena tsohle o li entse ka lebaka la litaelo tsa Morena.

17 Hobane o ne a tseba hore Jerusalema e tlameha ho timetsoa, ka lebaka la bokhopo ba batho.

18 Hobane bonang, ba latotse mantsoe a baporofeta. Ka baka leo, haeba ntate a ne a ka phela lefats’eng leo kamora hore a laeloe ho baleha lefats’eng leo, bonang, o ne a tlo timela le eena. Ka baka leo, ho ne ho hlokahala hore a balehe lefats’eng leo.

19 ’Me bonang, ke bohlale ho Molimo hore re fumane lingoliloeng tsena, hore re tle re bolokele bana ba rona puo ea bo ntat’a rona;

20 ’Me hape hore re tle re ba bolokele mantsoe a neng a builoe ka melomo ea baporofeta bohle ba halalelang, a ileng a tlisoa ho bona ke Moea le matla a Molimo, ho tloha ha lefats’e le simolla, ho fihlela nakong ena ea joale.

21 ’Me ho ile ha etsahala hore kamora tsela ena ea ho bua ke ileng ka fetola maikutlo a baholoane ba ka, hore ba ka ts’epahala ho bolokeng litaelo tsa Morena.

22 ’Me ho ile ha etsahala hore re theohele lefats’eng la rona la bojalefa, ’me re ile ra bokella ’moho khauta ea rona, le silivera ea rona, le lintho tsa rona tsa bohlokoa.

23 ’Me kamora ho bokella lintho tsena ’moho, re ile ra nyolohela hape ntlong ea Labane.

24 ’Me ho ile ha etsahala hore re ee ho Labane, ’me re behe takatso ea hore a re nehe lingoliloeng tse neng li ngotsoe matlapeng a ts’epe e khubelu, tseo ka lebaka la tsona re tlang ho mo fa khauta ea rona le silivera ’moho le lintho tsohle tsa rona tsa bohlokoa.

25 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Labane a bona thepa ea rona, le hore e ne e le kholohali, o ile a e khalla, hoo a ileng a re leleka, ’me a romela bahlanka ba hae ho re bolaea, hore a tla inkele thepa ea rona.

26 ’Me ho ile ha etsahala hore re balehe bahlanka ba Labane, ’me re ile ra tlameha ho siea thepa ea rona morao, ’me e ile ea oela matsohong a Labane.

27 ’Me ho ile ha etsahala hore re balehele lefelleng, ’me bahlanka ba Labane ha ba ka ba re ts’oara, ’me ra ipata ka hara lehaha.

28 ’Me ho ile ha etsahala hore Lamane a nkhalefele, ’me a halefele le ntate; Lemuele le eena o ne a halefile hobane o ne a mamela mantsoe a Lamane. Ka baka leo Lamane le Lemuele ba ile ba bua mantsoe a mangata a thata ho rona, baena ba bona, ’me ba ile ba re otla esita ka thupa.

29 ’Me ho ile ha etsahala hore ha ba ntse ba re otla ka thupa, bonang, lengeloi la Morena la tla ’me la fihla la ema kapele ho bona ’me la bua le bona la re: Hobaneng le otla moena oa lona ka thupa? Ha le tsebe hore Morena o mo khethile hore e be ’musi oa lona, ka lebaka la bokhopo ba lona? Bonang, le tla khutlela holimo Jerusalema hape, ’me Morena o tla lokollela Labane liatleng tsa lona.

30 ’Me kamora hore lengeloi le bue le rona, la tsamaea.

31 ’Me kamora hore lengeloi le tsamaee, Lamane le Lemuele ba boela ba qalella ho tletleba, ba re: Ke ka mokhoa ofe Morena a tlang ho lokollela Labane liatleng tsa rona? Bonang, ke monna ea matla, ’me a ka laola ba mashome a mahlano, ee, esita a ka bolaea ba mashome a mahlano; joale rona a ka hloloa ke eng?