Mangolo a halalelang
1 Nefi 2


Khaolo ea 2

Lehi o nka lelapa la hae ho ea lefelleng le pela Leoatle le Lefubelu—Ba siea thepa ea bona—Lehi o etsetsa Morena sehlabelo ’me o ruta bara ba hae ho boloka litaelo—Lamane le Lemuele ba tletleba khahlanong le ntat’a bona—Nefi o oa mamela ’me o rapela ka tumelo; Morena o bua le eena ’me o khethoa ho busa bana b’abo. Ka bo 600 B.C.

1 Hobane bonang, ho ile ha etsahala hore Morena a bue le ntate, ee, esita le torong ’me a re ho eena: O lehlohonolo uena Lehi, ka lebaka la lintho tseo o li entseng; hobane u ts’epahetse ’me oa phatlalatsa ho batho bana lintho tseo ke ileng ka o laela tsona, bona, ba batla ho nka bophelo ba hau.

2 ’Me ho ile ha etsahala hore Morena a laele ntate, esita le torong, hore a nke lelapa la hae ’me a fallele lefelleng.

3 ’Me ho ile ha etsahala hore a mamele lentsoe la Morena, ka lebaka leo, o ile a etsa kamoo Morena a mo laetseng.

4 ’Me ho ile ha etsahala hore a tlohe ho ea lefelleng. O ile a siea ntlo ea hae, le lefats’e la hae la bojalefa, le khauta ea hae, le silivera ea hae, le lintho tsa hae tsa bohlokoa ’me a se ke a nka letho, ntle le ba lelapa la hae, le lijo, le litente ’me a fallela lefelleng.

5 ’Me o ile a theoha ka meeli e haufi le lebopo la Leoatle le Lefubelu; ’me o ile a tsamaea lefelleng meeling e haufi le Leoatle le Lefubelu; ’me o ile a tsamaea lefelleng le lelapa la hae, le kenyellelitseng ’m’e, Saria, le baholoane ba ka, bao e neng e le Lamane, Lemuele le Seme.

6 ’Me ho ile ha etsahala hore ha a se a tsamaile matsatsi a mararo lefelleng, a hloma tente ea hae phuleng e pela noka ea metsi.

7 ’Me ho ile ha etsahala hore a ahe aletare ea majoe, ’me a etsetsa Morena sehlabelo, ’me a isa liteboho ho Morena Molimo oa rona.

8 ’Me ho ile ha etsahala hore a rehe lebitso la noka eo, Lamane, ’me e ne e phalella Leoatleng le Lefubelu; ’me phula e ne e le meeling e haufi le koung ea eona.

9 ’Me ha ntate a bona hore metsi a noka eo a phallela mohloling oa Leoatle le Lefubelu, o ile a bua le Lamane, a re: Oho eka u ka ts’oana le noka ena, o phallele mohloling oa ho loka ho ea ho ile!

10 ’Me o ile a bua hape le Lemuele: Oho eka o ka ts’oana le phula ena, o tiie o tsitse, ’me o se sisinyehe ho boloka litaelo tsa Morena!

11 Joale sena o se buile ka lebaka la ho satalatsa melala ha Lamane le Lemuele; hobane bonang ba ne ba tletleba ka ntho tse ngata khahlanong le ntat’a bona, hobane e ne e le monna oa lipono, ’me o ne a ba nts’itse lefats’eng la Jerusalema, ho siea lefats’e la bona la bojalefa, le khauta ea bona, le silivera ea bona, le lintho tsa bona tsa bohlokoa, ho ea timella lefelleng. ’Me hona ba re o ho entse ka lebaka la menahano e booatla ea pelo ea hae.

12 ’Me ka hoo Lamane le Lemuele, e neng e le bona ba baholo, ba ile ba tletleba khahlanong le ntat’a bona. ’Me ba ne ba tletleba hobane ba ne ba sa tsebe mesebetsi ea Molimo enoa ea ba bopileng.

13 Hape ba ne ba sa lumele hore Jerusalema, motse o moholo oo, o ka timetsoa ho latela mantsoe a baporofeta. ’Me ba ne ba ts’oana le Ba-Juda ba neng ba le Jerusalema, ba neng ba batlana le ho nka bophelo ba ntate.

14 ’Me ho ile ha etsahala hore ntate a bue le bona phuleng ea Lemuele, ka matla, a tletse ka Moea, ho fihlela ’mele ea bona e thothomela ka pele ho eena. ’Me o ile a ba makatsa, hore ba ts’abe ho bua khahlanong le eena; ka baka leo, ba ile ba etsa seo a ba laetseng.

15 ’Me ntate o ne a lula ka tenteng.

16 ’Me ho ile ha etsahala hore, ’na, Nefi, ke le monyenyane haholo, le ha ho le joalo ke le moholo ka seemo, ’me hape ke na le takatso e kholo ea ho tseba liphiri tsa Molimo, ke ile ka llela ho Morena; ’me bonang o ile a nketela, ’me a nolofatsa pelo ea ka hoo ke ileng ka lumela mantsoe ohle a neng a builoe ke ntate; ka baka leo, ha ke ea ka ka mo fetohela joalo ka baholoane ba ka.

17 ’Me ke ile ka bua le Seme, ke mo tsebisa ka lintho tseo Morena a li bonahalitseng ho ’na ka Moea oa hae o Halalelang. ’Me ho ile ha etsahala hore a lumele mantsoeng a ka.

18 Empa, bonang, Lamane le Lemuele ha ba ka ba batla ho mamela mantsoe a ka; ’me ka ha ke ne ke hlomohile ka lebaka la ho thatafala ha lipelo tsa bona ke ile ka llela ho Morena bakeng sa bona.

19 ’Me ho ile ha etsahala hore Morena a bue le ’na, a re: U lehlohonolo uena, Nefi, ka lebaka la tumelo ea hau, hobane o ile oa tsitlallela ho mpatla ka tieo, ka pelo e ikokobelitseng.

20 ’Me ha feela u ka hla oa boloka litaelo tsa ka, u tla atleha, ’me u tla lebisoa lefats’eng la pallo; ee, esita lefats’e leo ke u lokiselitseng lona; ee, lefats’e le khethehileng ka holima mafats’e a mang oohle.

21 ’Me ha feela baholoane ba hau ba ka ba khahlanong le uena, ba tla khaoloa ponts’eng ea Morena.

22 ’Me ha feela o ka boloka litaelo tsa ka, u tla etsoa ’musi le moruti holima baholoane ba hau.

23 Hobane bona, ka letsatsi le ba tlang ho mphetohela, ke tla ba rohaka esita ka thohako e bohloko, ’me ba tla hloka matla holima peo ea hau ntle le ha ba ka mphetohela le bona.

24 ’Me haeba ba mphetohela, e tla ba bahlorisi ba peo ea hao, ho ba sisinyetsa mekhoeng ea khopotso.