Mangolo a halalelang
1 Nefi 21


Khaolo ea 21

Messia e tla ba khanya ho Balichaba ’me o tla lokolla bats’oaruoa—Israele e tla bokelloa ka matla matsatsing a ho qetela—Marena e tla ba ntat’a bona ba bafepi—Bapisa Esaia 49. Ka bo 588–570 B.C.

1 ’Me hape; Mamelang, Oho lona ntlo ea Israele, lona bohle ba khaotsoeng ’me ba khannetsoe kantle ka lebaka la bokhopo ba baruti batho ba ka; ee, lona bohle ba khaotsoeng, ba qhalaneng mose, bao e leng ba batho ba ka, Oho ntlo ea Israele. ’Mamele, Oho sehlekehleke, ’me le mamele lona batho ba hole; Morena u mpitsitse ke sa le ka popelong; Ke sa le ka maleng a ’m’e o ile a bolela lebitso la ka.

2 ’Me o entse molomo oa ka joalo ka sabole e nchocho; moriting oa seatla sa hae o mpatile, ’me a nketsa motsu o bents’itsoeng; a mpata khohlopong ea hae;

3 ’Me are ho ’na: U mohlanka oa ka, Oho Israele, eo ka eena ke tlang ho tlotlisoa.

4 Eaba ke re, ke sebelelitse lefeela, ke sebelisitse matla a ka ho masaoana le lefeela; kannete kahlolo ea ka e ho Morena, ’me mosebetsi oa ka o ho Molimo.

5 ’Me joale, ho bolela Morena—ea mpopileng ka popelong hore ke tle ke be mohlanka oa hae, ho tlisa Jakobo hape ho Eena—le ha Israele e so bokelloe, le ha ho le joalo ke tla khanya mahlong a Morena, ’me Molimo oa ka e tla ba matla a ka.

6 ’Me o ile a re: Ke ntho e bobebe hore uena o tlo be mohlanka oa ka ho phahamisa meloko ea Jakobo, le ho tsosolosa ba bolokiloeng ba Israele. Ke tla boela ke u fe le khanya ho Balichaba, hore u tle u be pholoso ea ka ho qetello tsa lefatsé.

7 Joana ho bolela Morena, Molopolli oa Israele, oa Hae ea Halalelang, ho eo a sa ratoeng ke motho, eo ea hlouoeng ke lichaba, ho mohlanka oa babusi: Marena a tla bona ’me a tla ema, hape likhosana li tla mo khumamela, ka lebaka la Morena ea ts’epehang.

8 Joana ho bolela Morena: ka nako e lumelehileng ke ile ka u utloa, Oho lihlekehleke tsa leoatle, ’me ka letsatsi la pholoso ke ile ka u thusa; ’me ke tla u boloka, ’me ke u fe mohlanka oa ka e le selekane sa batho, ho theha lefats’e, ho etsa ho rua lefa la mahlomola;

9 Hore u tle u re ho bats’oaruoa: Tsamaea; u ee ho ba lutseng lefifing; Iponahatseng. Ba tla ja litseleng, ’me makhulo a bona a tla ba libakeng tse phahameng.

10 Ha ba na ho lapa le ha e le ho nyoroa, le ha e le mocheso kapa letsatsi ha le na ho ba otla; hobane eo ea nang le mohau ho bona o tla ba tsamaisa, esita le pel’a liliba tsa metsi o tla ba tataisa.

11 ’Me ke tla etsa lithaba tsohle tsa ka tsela, ’me ’mila ea ka e meholo e tla phahamisoa.

12 ’Me mohlang oo, Oho ntlo ea Israele, bona, bana ba tla tla ho tsoa hole; ’me bona, ba bang ho tsoa leboea le ho tsoa bophirima; ’me ba bang ho tsoa lefats’eng la Sinime.

13 Binang, Oho maholimo; ’me le nyakalle, Oho lefats’e; hobane maoto a bao ba bochabela a tla thehoa; ’me hlahellang ka ho bina, Oho lithaba; hobane ha ba sa tla otloa hohang; hobane Morena o se a ts’elisitse batho ba hae, ’me o tla ba le mohau ho ba hae ba hlokofalitsoeng.

14 Empa, bonang, Sione e itse: Morena o mphuraletse, ’me Morena oa ka o ntebetse—empa o tla bonts’a hore ha a ntebala.

15 Hobane na mosali a ka lebala lesea la hae le anyang, hore a ke se be le khauhelo ho mora oa popelo ea hae? Ee, ba ka lebala, le ha ho le joalo ha kena ho u lebala, Oho ntlo ea Israele.

16 Bonang, ke le ngotse ka har’a liatla tsa ka; mabota a lona a ka pel’a ka nako eohle.

17 Bana ba hao ba tla potlaka khahlanong le ba le timetsang; ’me bao ba le entseng lesupi ba tla tsamaela ka pele ho lona.

18 Phahamisetsa mahlo a hau ho potoloha ’me u bone; bana bohle ba phuthehileng ’moho, ’me ba tla tla ho uena. ’Me ke phela, ho bolela Morena, kannete u tla ikapesa ka bona kaofela, joale ka khabiso, ’me u li tlame esita joalo ka monyaluoa.

19 Hobane libaka tsa lona tse lesupi ’me tse mahlomoleng, le lefats’e la timelo ea lona, esita li tla ba ts’esanyane ka lebaka la baahi; ’me bao ba le koentseng ba tla be ba le hole.

20 Bana bao u tlang ho ba le bona, kamor’a hore u lahleheloe ke ba pele, ba tla boela ba re ka litsebeng tsa hau: Sebaka se patisane haholo bakeng sa ka; mphe sebaka hore ke tle ke lule.

21 Mohlang oo u tla re ka pelong ea hao: Ke mang ea ntsooaletseng baa, ha ho bonahala ke ne ke lahlehetsoe ke bana ba ka, ’me ke le mahlomoleng, mots’oaruoa, ’me ke fallela koa le koa? ’Me ke mang ea holisitseng baa? Bona, ke ne ke setse ke le mong; baa, ba ne ba le hokae?

22 Ho bolella Morena Molimo: Bona, ke tla phahamisetsa matsoho a ka ho Balichaba, ke phahamisetse folakha ea ka ho batho; ’me ba tla tlisa bara ba hao ka matsohong a bona, ’me barali ba hao ba tla ba jara mahetleng a bona.

23 ’Me marena e tla ba bafepi ba bona, ’me mafumahali a bona e be baanyesi ba bona; ba tla u khumamela ka lifahleho tse inameng, ’me ba nyeke lerole la maoto a hao; ’me u tla tseba hore ke Morena; hobane ha ba na ho ba lihlong bao ba nkemetseng.

24 Hobane khapo e tla nkuoa ho ba matla, kapa bats’oaruoa ba molaong ba lokolloe?

25 Empa Morena o bolela joana, esita le bats’oaruoa ba ba matla Morena o tla ba nka, ’me bahapuoa ba ba ts’abehang ba tla lokolloa; hobane ke tla tsekisana le ea u tsekisang, ’me ke tla pholosa bana ba hao.

26 ’Me ke tla ba fepa bao ba u tlatlapang ka nama ea bona; ba tla taoa ke mali a bona joalo ka ha eka ke ka veine e hlabosang; ’me nama eohle e tla tseba hore ’Na, Morena, ke Mopholosi le Molopolli oa hau, Ea Matla oa Jakobo.

Hatisa