Mangolo a halalelang
1 Nefi 20


Khaolo ea 20

Morena o senola merero ea Hae ho Israele—Israele e se e khethiloe ka har’a sebopi sa mahlomola ’me ba tlo tsoa Babilona—Bapisa Esaia 48. Ka bo 588–570 B.C.

1 Mamela ’me u utloe sena, Oho ntlo ea Jakobo, ba bitsitsoeng ka lebitso Israele, ’me ba tsoile ka metsing a Juda, kapa ba tsoileng ka metsing a kolobetso, bao ba hlapanyang ka lebitso la Morena, ’me ba bolela ka Molimo oa Israele, le ha ho le joalo ba sa hlapanye ka ’nete le ha e le ka toka.

2 Le ha ho le joalo, ba ipitsa ba motse o halalelang, empa ha ba ipehe holima Molimo oa Israele, eo e leng Morena oa Lichaba; ee, Morena oa Lichaba ke lebitso la hae.

3 Bonang, ke se ke boletse lintho tsa pele ho tloha qalong; ’me li ile tsa tsoa molomong oa ka, ’me ke ile ka li bonts’a. Ke ile ka li bonts’a hang-hang.

4 ’Me ke ile ka etsa sena hobane ke ne ke tseba hore u manganga, ’me molala oa hao ke mosifa oa ts’epe, ’me phatla ea hao ke ts’epe e khubelu;

5 ’Me esita le ho tloha qalong ke ile ka u bolella; pele ho etsahala ke ile ka u bonts’a tsona; ’me ke ile ka u bonts’a ke ts’aba hore u se ke oa re—molingoana oa ka ke eena ea li entseng, ’me sets’oants’o sa ka se betliloeng, le sets’oants’o sa ka se qhibilihisitsoeng se li laetse.

6 U se u bone le ho utloa tsena tsohle; ’me u ke se li bolele? Le hore ke u bonts’its’e lintho tse ncha ho tloha nakong ena, esita le ntho tse patuoeng, ’me u ne u sa li tsebe.

7 Li hlotsoe ha joale, ’me e seng ho tloha qalong, esita le pele ho letsatsi leo u neng u li bolelloa ha u oa li utloa, e se re oa re—Bona ke ne ke li tseba.

8 Ee, ’me ha u oa li utloa; ee, ha u oa li tseba; ee, ho tloha nakong eo tsebe ea hao e ne e sa buleha; hobane ke ne ke tseba hore u tla sebetsa ka bolotsana, ’me oa bitsoa setloli ho tloha popelong.

9 Le ha ho le joalo, ka baka la lebitso la ka ke tla suthisa khalefo ea ka, ’me ka tlotliso ea ka ke tla u lesa, hore ke se u khaole.

10 Hobane bona, ke u hloekisitse, ke u khethile ka har’a sepobi sa mahlomola.

11 Ka baka la ka, ee, ka baka la ka ke tla etsa sena, hobane ha ke na lumella lebitso la ka le silafatsoe, ’me nke ke ka fana ka khanya ea ka ho e mong.

12 ’Mamele, Oho Jakobo, le Israele ’mitsuoa oa ka, hobane ke Eena, ke oa pele, ’me hape ke oa ho qetela.

13 Seatla sa ka se boetse se entse motheo oa lefats’e, ’me seatla sa ka sa boja se lekanyelitse maholimo. Kea ba bitsa ’me ba ema ’moho.

14 Lona bohle, iphutheng, ’me le utloe; ke mang har’a bona ea seng a ba boleletse lintho tsee? Morena o mo ratile; ee, ’me o tla phethahatsa lentsoe la hae leo a seng a le boletse ka bona; ’me o tla etsa khahliso ea hae ho Babilona, ’me letsoho la hae le tla theohela holima Ba-Kalde.

15 Hape, ho bolela Morena; ’na Morena, ke se ke buile; ee, ke se ke ’mitsitse ho tla bolela, ke mo tlisitse, ’me o tla etsa tsela ea hae e atlehe.

16 Tlohong haufi le ’na; ha ke so bue ka lekunutu; ho tloha qalong, ho tloha nakong eo e neng e boleloa esale ke ntse ke bua; ’me Morena Molimo, le Moea oa hae o Halalelang, ba nthomile.

17 ’Me joana ho bolela Morena, Molopolli oa lona, ea Halalelang oa Israele; ke mo romile, Morena Molimo oa lona ea le rutang ho atleha, ea le isang tseleng eo le tla tsamaea ka eona, o entse joalo.

18 Oho ha le ne le ile la mamela litaelo tsa ka—ebile khotso ea lona e ne e tla ba noka, ’me toko ea lona e ne e tla ba maqhubu a leoatle.

19 Hape ha peo ea hau e ne e le joalo ka lehlabathe; bana ba mala a hao ba le joalo ka karabole ea teng; lebitso la hae le ne le ke ke la tla khaoloa le ha e le ho timetsoa ho tloha ponts’eng ea ka.

20 Tsamaea o tsoe Babilona, baleha ho Ba-Kalde, ka lentsoe le binang ba bolelle, bua sena, bua ho qetello ea lefats’e; u re: Morena o lopollotse mohlanka oa hae Jakobo.

21 ’Me ha ba ea ka ba nyoroa; o ile a ba tsamaisa lefelleng; o ile a etsa hore metsi a ba phallele ho tsoa leralleng; hape o ile a otla leralla ’me metsi a ile a phalla.

22 ’Me le ha ho le joalo o entse tsena tsohle, le haholo hape, ha ho na khotso, ho bolela Morena, ho ba khopo.