Mangolo a halalelang
1 Nefi 1


Buka Ea Pele Ea Nefi

Puso Ea Hae Le Boruti Ba Hae

Pale ea Lehi le mosali oa hae Saria le bara ba hae ba bane, ba neng ba bitsoa (ho qala ho e moholo) Lamane, Lemuele, Seme le Nefi. Morena o bolella Lehi ho falla lefats’eng la Jerusalema hobane o porofetela batho ka bokhopo ba bona ’me ba batla ho felisa bophelo ba hae. O nka leeto la matsatsi a mararo lefelleng le lelapa la hae. Nefi o nka bana b’abo ’me o khutlela lefats’eng la Jerusalema ho ea lata lingoliloeng tsa Ba-Juda. Pale ea lits’otleho tsa bona. Ba nka barali ba Ishmaele ho ba basali ba bona. Ba nka malapa a bona ’me ba fallela lefelleng. Lits’otleho le mahlomola a bona lefelleng. Tsela eo ba e tsamaileng. Ba fihla metsing a mangata. Bana ba bo Nefi ba mo fetohela. O oa ba hlola ’me o aha sekepe. Ba bitsa sebaka seo Nala. Ba ts’ela metsi a mangata ho ea lefats’eng la pallo, joalo-joalo. Pale ena ke ho ea ka Nefi; kapa ka mantsoe a mang, ’na, Nefi ke ngotse pale ena.

Khaolo ea 1

Nefi o qala pale ea batho ba habo—Lehi o bona ponong ts’iea ea mollo ’me o bala ho tsoa bukeng ea boporofeta—O rorisa Molimo, o bolela ka ho tla ha Messia ’me o porofeta ka ho timetsoa ha Jerusalema—O hlorisoa ke Ba-Juda. Ka bo 600 B.C.

1 ’Na, Nefi, ka ha ke tsoetsoe ke batsoali ba lokileng, ka hoo ke ne ke rutiloe hanyenyane ho tsoa boithutong bohle ba ntate; ’me ke bile ke bone mats’oenyeho a mangata matsatsing a bophelo ba ka, le ha ho le joalo, ka ha ke ne ke ratuoe ke Morena matsatsi ohle a bophelo ba ka, ee, ka ha ke ne ke na le tsebo e kholo ea ho loka le liphiri tsa Molimo, ke ka hoo ke ngolang liketsahalo tsa bophelo ba ka matsatsing a ka.

2 Ee, ke ngola pale ka puo ea ntate, e neng e kopantse boithuto ba Ba-Juda le puo ea Ba-Egepeta.

3 ’Me kea tseba hore pale eo ke e ngolang ke ’nete; ’me ke e ngola ka letsoho la ka; ’me ke e ngola ho latela tsebo ea ka.

4 Hobane ho ile ha etsahala hore qalong ea selemo sa pele sa puso ea Zedekia, morena oa Juda (ntate, Lehi, ka ha a ile a phela Jerusalema matsatsi a hae ohle); ’me ka sona selemo seo ho ile ha tla baporofeta ba bangata, ba porofeta ho batho hore ba bake, kapa motse o moholo oa Jerusalema o tla tlameha ho timetsoa.

5 Ka baka leo, ho ile ha etsahala hore ntate, Lehi, ha a ntse a tsamaea a rapela ho Morena, ee, esita le ka pelo ea hae eohle, bakeng sa batho ba habo.

6 ’Me ho ile ha etsahala hore ha a ntse a rapela ho Morena, ho hlahe ts’iea ea mollo ’me ea lula holima lefika le ka pela hae; ’me o ile a bona le ho utloa tse ngata; ’me ka lebaka la lintho tseo a li boneng le tseo a li utloileng o ile a tlakasela le ho thothomela haholo.

7 ’Me ho ile ha etsahala hore a khutlele ntlong ea hae e Jerusalema; ’me o ile a fihla a itahlela holima moalo oa hae a hlotsoe ke Moea le ke lintho tseo a neng a li bone.

8 ’Me ha a se a hlotsoe ke Moea joalo, o ile a nkeloa ponong, moo a ileng a bona maholimo a phetleha, ’me o ile a nahana eka o bona Molimo a lutse holima terone ea hae, a potapotiloe ke mats’oelets’oele a mangeloi a neng a bina le ho rorisa Molimo oa oona.

9 ’Me ho ile ha etsahala hore a bone E mong a theoha ho tsoa leholimong, ’me a bona hore khanya ea hae e ka holimo ho ea letsatsi mots’ehare o moholo.

10 ’Me o ile a boela a bona ba leshome le metso e ’meli ba mo latela, ’me khanya ea bona e ne e feta ea linaleli maholimong.

11 ’Me ba ile ba theoha ’me ba tsamaea holima sefahleho sa lefats’e; ’me oa pele o ile a tla a ema ka pele ho ntate, ’me a mo fa buka, ’me a mo laela hore a e bale.

12 ’Me ho ile ha etsahala hore ha a ntse a bala, a tlaloa ke Moea oa Morena.

13 ’Me o ile a bala, a re: U malimabe, u malimabe uena Jerusalema, hobane ke bone manyala a hao! Ee, ’me li ngata lintho tseo ntate a ileng a li bala ka Jerusalema—hore e tlameha ho timetsoa ’moho le baahi ba eona; ba bangata ba tla bolaoa ka sabole, ’me ba bangata ba tla nkuoa e be bats’oaruoa ho ea Babilona.

14 ’Me ho ile ha etsahala hore ha ntate a se a balile ’me a bone lintho tse ngata tse kholo le tse makatsang, o ile a hoeletsa ho Morena lintho tse ngata; joalo ka: E meholo e ea makatsa mesebetsi ea hao, Oho Morena Molimo ea Matla Ohle! Terone ea hao e holimo maholimong, ’me matla a hao le ho loka le mohau li holima baahi bohle ba lefats’eng; ’me hobane u mohau, o ke ke oa lumella hore ba tlang ho uena ba tle ba timele!

15 ’Me ke ka oona mokhoa ona oa ho bua oo ntate a ileng a rorisa Molimo oa hae; hobane moea oa hae o ile oa nyakalla ’me pelo ea hae eohle e ne e tletse, ka lebaka la lintho tseo a ileng a li bona, ee, tseo Morena a ileng a ’monts’a tsona.

16 ’Me joale ’na, Nefi, ha ke ngole pale e feletseng ea lintho tseo ntate a ileng a li ngola, hobane o ne a ngotse lintho tse ngata tseo a li boneng ka lipono le ka litoro; ’me hape o ne a ngotse lintho tse ngata tseo a ileng a li porofeta le tseo a li buileng ho bana ba hae, tseo ke sa tlo li ngola li feletse.

17 Empa ke tla ngola ka liketsahalo tsa bophelo ba ka matsatsing a ka. Bonang, ke ngola khuts’ufatso ea lingoliloeng tsa ntate holima matlapa ao ke a entseng ka matsoho a ka; ka baka leo, kamora hore ke khuts’ufatse lingoliloeng tsa ntate ke hona ke tla ngola pale ea bophelo ba ka.

18 Ka hoo, ke tla batla hore le tsebe hore kamora hore Morena a bonts’e ntate, Lehi, lintho tse ngata tse hlollang, ee, ka timelo ea Jerusalema, bonang, o ile a tsamaea hara batho ’me a qala ho porofeta le ho phatlalatsa ho bona ka lintho tseo a ileng a li bona le ho li utloa.

19 ’Me ho ile ha etsahala hore Ba-Juda ba mo nyefole ka lebaka la lintho tseo a ileng a li paka ka bona; hobane kannete o ile a paka ka bokhopo ba bona le manyala a bona; ’me a paka hore lintho tseo a li boneng le ho li utloa, hape le lintho tseo a li balileng ka bukeng, tse hlalositseng ka ho hlaka ka ho tla ha Messia le hape ka topollo ea lefats’e.

20 ’Me ha Ba-Juda ba utloa lintho tsena ba ile ba mo halefela; ee, joalo ka baporofeta ba khale, bao ba neng ba ba leleke, ba ba tlepetsa ka majoe, ba ba bolaea; ’me hape ba ne ba batlana le bophelo ba hae, hore ba tle ba bo nke. Empa bonang, ’na, Nefi, ke tla le bonts’a hore pelo e mohau ea Morena e holima bohle bao a ba khethileng, ka lebaka la tumelo ea bona, ho ba matlafatsa esita ho fihlela matla a tokollo.