Mangolo a halalelang
1 Nefi 19


Khaolo ea 19

Nefi o etsa matlapa a ts’epe ’me o ngola tsa nalane ea batho ba habo—Molimo oa Israele o tla tla lilemo tse makholo a ts’eletseng ho tloha nakong eo Lehi a tlohileng Jerusalema—Nefi o bolela ka mahlomola a Hae le thakhiso—Ba-Juda ba tla hlouoa ’me ba qhalangoe ho fihlela matsatsi a ho qetela, ha ba tla khutlela ho Morena. Ka bo 588–570 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore Morena a ntaele, ka baka leo ke ile ka etsa matlapa a ts’epe hore ke tle ke ngole ho oona litaba sa batho ba heso. ’Me holim’a matlapa ao ke a entseng ke ile ka ngola litaba tsa ntate, hape le maeto a rona lefelleng, le boporofeta ba ntate; hape le bongata ba boporofeta ba ka ke bo ngotse ho oona.

2 ’Me ke ne ke sa tsebe ka nako eo ke a etsang hore ke tla laeloa ke Morena ho etsa matlapa ao; ka baka leo, litaba tsa ntate, le leloko la bo ntat’ae, le boholo ba karolo ea liketsahalo tsohle tsa rona lefelleng li ngotsoe holim’a matlapa ao a pele ao ke seng ke buile ka oona; ka baka leo, lintho tse ileng tsa etsahala pele ke etsa matlapa ana, e le ka nnete, li boletsoe haholo ka ho khetheha matlapeng a pele.

3 ’Me kamor’a hore ke etse matlapa ana ka tsela ea taelo, ’na, Nefi, ke ile ka amohela taelo hore bosebeletsi le boporofeta, boholo ba likarolo tsa tsona tse ponts’eng tsa bohlokoa, li tle li ngoloe matlapeng ana; le hore lintho tse neng li ngotsoe li tle li bolokoe ho ruta batho ba heso, ba tlang ho rua lefats’e, le hape ka merero e meng e bohlale, merero eo e tsejoang ke Morena.

4 Ka baka leo, ’na, Nefi, ke ile ka ngola matlapeng a mang, ao a fanang ka litaba, kapa ao a fanang ka boholo ba litaba tsa lintoa le likhang le timelo ea batho ba heso. ’Me sena ke se entse, ’me ka laela batho ba heso hore ba tle ba etse eng kamor’a hore ke tsamaee; le hore matlapa ana a tle a neheletsanoe ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong, kapa ho tloha moporofeteng e mong ho ea ho e mong, ho fihlela ho litaelo tse tlang tsa Morena.

5 ’Me litaba tsa ka tsa ho etsa matlapa ana li tla fanoa mona ha morao; ebile, bonang, ke tsoela pele ho latela seo ke seng ke se buile; ’me sena ke se etsa hore boholo ba lintho tse halalelang li tle li bolokeloe tsebo ea batho ba heso.

6 Le ha ho le joalo, ha ke ngole eng kapa eng ntle le hore ke nahane hore ea halalela. ’Me joale, haeba ke etsa phoso, esita le ba boholo ba ile ba fosa; eseng hore ke tla itatola ka baka la batho ba bang, empa ka lebaka la bofokoli bo ka ho ’na, ho latela nama, ke tla itatola.

7 Ka baka la lintho tseo batho ba li hlomphang e le tsa bohlokoa haholo, ka bobeli ho ’mele le moea, ba bang ba li nyefola ’me ba li hatakela tlas’a maoto a bona. Ee, esita eena Molimo oa Israele batho ba mo hatakela tlas’a maoto a bona; ke re, ho mo hatakela tlas’a maoto a bona empa ke tla bua ka mantsoe a mang—ba mo nyefola, ’me ha ba mamele lentsoe la likeletso tsa Hae.

8 ’Me bonang o oa tla, ho latela mantsoe a lengeloi, lilemo tse makholo a ts’eletseng ho tloha nako eo ntate a tlohileng Jerusalema.

9 ’Me lefats’e, ka baka la bokhopo ba bona, ba tla mo ahlola e le ntho ea lelea; ka baka leo ba mo otla, ’me oa ho mamella; ’me ba mo bata, ’me oa ho mamella. Ee, ba mo ts’oela, ’me oa ho mamella, ka lebaka la mosa oa hae o lerato le mamello ea hae ho bana ba batho.

10 ’Me Molimo oa bo ntat’a rona, ba ileng ba nts’oa Egepeta, litlamong, ’me hape ba ile ba bolokoa lefelleng ke eena, ee, Molimo oa Abrahama, le oa Isaka, le Molimo oa Jakobo, o nehelana ka eena, ho latela mantsoe a lengeloi, joalo ka motho, ka liatleng tsa batho ba khopo, ho phahamisetsoa holimo, ho latela mantsoe a Zenoko, ho thakhisoa, ho latela mantsoe a Neume, le ho patoa lebitleng, ho latela mantsoe a Zenose, ao a a buileng bakeng sa matsatsi a mararo a lefifi, leo le tlang ho fanoa e le lets’oao la lefu la hae ho bao ba tlang ho phela lihlekehlekeng tsa leoatle, haholo ka ho khetheha le fanoe ho bao e leng ba ntlo ea Israele.

11 Ha joana ho buile moporofeta: Morena Molimo kannete o tla etela bohle ba ntlo ea Israele ka tsatsi leo, ba bang ka lentsoe la hae, ka baka la ho loka ha bona, ho nyakallo ea bona e kholo le pholoso, ’me ba bang ka matolo le mahalima a matla a hae, ka sefefo, ka mollo, ka mosi le moholi oa lefifi, le ka ho phetsoha ha lefats’e, le ka lithaba tse tla nkeloa holimo.

12 ’Me lintho tsena tsohle kannete li tlameha ho etsahala, ho bolela moporofeta Zenose. ’Me mafika a lefats’e a tlameha ho taboha; ’me ka lebaka la ho bobola ha lefats’e, bongata ba marena a lihlekehleke tsa leoatle a tla tlatsoa ka Moea oa Molimo, ho hooa: Morena oa tlhaho o utloa bohloko.

13 ’Me ha e le bao ba Jerusalema, ho bolela moporofeta, ba tla otloa ke batho bohle, hobane ba thakhisa Molimo oa Israele, ’me ba fetolela lipelo tsa bona ka thoko, ba hana mats’oao le limakatso, le matla le khanya ea Molimo oa Israele.

14 ’Me hobane ba fetolela lipelo tsa bona ka thoko, ho bolela moporofeta, ’me ba ne ba hloile Ea Halalelang oa Israele, ba tla lelera nameng, ’me ba timele, ’me e be mohoeshetso le sesomo, ’me ba hlouoe har’a lichaba tsohle.

15 Le ha ho le joalo, ha letsatsi leo le fihla, ho bolela moporofeta, hore ha ba se ba sa fetolela lipelo tsa bona ka thoko khahlanong le Ea Halalelang oa Israele, mohlang oo o tla hopola lilekane tseo a li entseng ho bo ntat’a bona.

16 Ee, mohlang oo o tla hopola lihlekehleke tsa leoatle; ee, ’me batho bohle bao e leng ba ntlo ea Israele, ke tla ba bokella, ho bolela Morena, ho latela mantsoe a moporofeta Zenose, ho tsoa likhutlong tse ’ne tsa lefats’e.

17 Ee, ’me lefats’e lohle le tla bona pholoso ea Morena, ho bolela moporofeta; lichaba tsohle, maloko, leleme ’me batho ba tla hlohonolofatsoa.

18 ’Me ’na, Nefi, ke ne ke ngolla lintho tsena batho ba heso, hore mohlomong ke tle ke ba kholise hore ba tle ba hopole Morena le Molopolli oa bona.

19 Ka baka leo, ke bua le bohle ba ntlo ea Israele, haeba e le hore ba tla fumana lintho tsena.

20 Hobane bonang, ke na le maikutlo a tebileng, a nkhathatsang esita le hore manonyeletso ohle a ka a ts’ereme, bakeng sa bao ba Jerusalema; hobane ha Morena a ne a se mohau, ho mponts’a ka bona, esita joalo ka ha a entse ka baporofeta ba khale, nka be ke timetse le ’na.

21 ’Me kannete o ile a bonts’a baporofeta ba khale lintho tsohle ka bona; ’me hape o ile a bonts’a ba bangata ka rona; ka baka leo, ho hlokahala hore re tsebe ka bona hobane ba ngotsoe matlapeng a ts’epe e khubelu.

22 Joale ho ile ha etsahala hore ’na, Nefi, ke rute bana b’ eso lintho tsena; ’me ho ile ha etsahala hore ke ba balle lintho tse ngata, tse neng li ngotsoe matlapeng a ts’epe e khubelu, hore ba tle ba tsebe ka liketso tsa Morena mafats’eng a mang, har’a batho ba khale.

23 ’Me ke ile ka ba balla lintho tse ngata tse neng li ngotsoe ka libukeng tsa Moshe; empa hore ke tle ke ba kholise ka botlalo ho lumela ho Morena le Molopolli oa bona ke ile ka ba balla tse neng li ngotsoe ke moporofeta Esaia; hobane ke ne ke bapisa mangolo a halalelang le rona, hore e tle e be molemong oa rona le boithuto.

24 Ka baka leo ke ile ka bua ho bona, ka re: Utloang mantsoe a moporofeta, lona bao le leng karolo e setseng ea ntlo ea Israele, lekala le ileng la rojoa; utloang mantsoe a moporofeta, a neng a ngoletsoe bohle ba ntlo ea Israele, ’me le a ts’oants’e le lona, hore le tle le be le ts’epo joalo ka bana ba bo lona bao le robiloeng ho bona; hobane ke ka mokhoa ona moporofeta a ngotseng.