Mangolo a halalelang
1 Nefi 18


Khaolo ea 18

Sekepe se qetiloe—Tsoalo tsa Jakobo le Josefa li a boleloa—Sehlopha se kena sekepeng ho ea lefats’eng la pallo—Bara ba Ishmaele le basali ba bona ba kopana ka boithabiso le phetohelo—Nefi oa tlangoa, ’me sekepe se khanneloa morao ke sefefo se ts’abehang—Nefi oa lokolloa, ’me ka thapelo ea hae sefefo sea khaotsa—Batho ba fihla lefats’eng la pallo. Ka bo 591–589 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore ba khumamele Morena, ’me ba ile ba tsamaea le ’na; ’me re ile ra etsa mosebetsi o tsotehang ka lifate tsa ho haha. ’Me Morena o ne a mponts’a nako le nako hore ke ka mokhoa ofe ke tlang ho sebelisa lifate tsa ho haha.

2 Joale ’na, Nefi, ke ne ke sa sebelise lifate tsa ho haha ka mokhoa oo batho ba neng ba ithutile oona, le ha e le ho haha sekepe ka mokhoa oa batho; empa ke ile ka se haha ka mokhoa oo Molimo a neng a mponts’itse; ka baka leo, e ne e se ka mokhoa oa batho.

3 ’Me ’na, Nefi, ke ile ka ea ka holima thaba khafetsa, ’me ke ile ka rapela khafetsa ho Morena; ka baka leo Morena o ile a mponts’a lintho tse kholo.

4 ’Me ho ile ha etsahala hore ha ke se ke qetile sekepe, ho latela lentsoe la Morena, bana b’eso ba ile ba bona hore se nepahetse, le hore ts’ebetso ea teng e ne e le ntle haholo; ka baka leo, ba ile ba ikokobetsa hapeka pele ho Morena.

5 ’Me ho ile ha etsahala hore lentsoe la Morena le tle ho ntate, hore re tle re tsohe ’me re theohele ka sekepeng.

6 ’Me ho ile ha etsahala hore ka le hlahlamang, kamora ho lokisa lintho tsohle, litholoana tse ngata le nama ho tsoa lefelleng, le mahe a linotsi ka bongata, le lijo ho latela seo Morena a neng a re laetse sona, re ile ra theohela ka sekepeng, ka thoto eohle ea rona le lipeo tsa rona, le ntho efe kapa efe eo re neng re tlile le eona, e mong le e mong ho latela lilemo tsa hae; ka baka leo, bohle re ile ra theohela ka sekepeng, le basali le bana ba rona.

7 ’Me joale, ntate o ne a tsoetse bara ba babeli lefelleng; e moholo o ne a bitsoa Jakobo ’me e monyenyane a bitsoa Josefa.

8 ’Me ho ile ha etsahala hore kamora hore bohle re theohele ka sekepeng, ’me re se re nkile lijo tsohle tsa rona le lintho tseo re neng re li laetsoe, re ile ra kena ka leoatleng ’me ra khanneloa pele ka moea ho ea lefats’eng la pallo.

9 ’Me kamora hore re khanneloe pele ka moea sebaka sa matsatsi a mangata, bonang, bana b’ eso le bara ba Ishmaele ’moho le basali ba bona ba ile ba qala ho ithabisa, hoo ba ileng ba qala ho tjeka, le ho bina, le ho bua ka mokhoa o hlokang hlompho, ee, esita le hore ba ile ba lebala ke ka matla afe ba neng ba tlisitsoe mona; ee, ba ne ba phahametse holimo mekhoeng e hlokang hlompho ka ho fetisisa.

10 ’Me ’na, Nefi, ka qala ho ts’oha ka ho fetisisa esere Morena a tle a re halefele, ’me a re otle ka baka la bokhopo ba rona, hore re tle re koenngoe ke botebo ba leoatle; ka baka leo, ’na, Nefi, ke ile ka qala ho bua ho bona ka khalemelo e matla; empa bonang ba ile ba nkhalefela, ba re: re ke ke be ra lumela hore moena oa rona e tle e be ’musi oa rona.

11 ’Me ho ile ha etsahala hore Lamane le Lemuele ba nts’oare ’me ba ntlame ka lithapo, ’me ba ile ba nts’oara ka tsela e mpe; le ha ho le joalo, Morena o ile a e lumella hore a tle a bonts’e matla a hae, ho phethahatsa lentsoe la hae leo a neng a le buile bakeng sa ba khopo.

12 ’Me ho ile ha etsahala kamora hore ba ntlame hoo ke neng ke sa khone ho sisinyeha, sesupa-tsela se neng se lokisitsoe ke Morena, se ile sa khaotsa ho sebetsa.

13 Ka baka leo, ba ne ba sa tsebe hore ba tsamaisetse sekepe hokae, hoo ho ileng ha tsoha sefefo se seholo, ee, sefefo se seholo ’me se ts’abehang, ’me re ile ra khanneloa morao holim’a metsi sebaka sa matsatsi a mararo; ’me ba ile ba qala ho ts’oha ka ho fetisisa esere ba tla noela ka leoatleng; le ha ho le joalo, ha ba ka ba ntlamolla.

14 ’Me ka letsatsi la bone, leo re ne ntse re khanneloa morao, sefefo se ile sa qala ho mpefala ka ho fetisisa.

15 ’Me ho ile ha etsahala hore re ne re se re tlo koenngoa ke botebo ba leoatle. ’Me kamor’a ho khanneloa morao holim’a metsi sebaka sa amtsatsi a mane, bana b’eso ba ile ba qala ho bona hore likahlolo tsa Molimo li ne li le holim’a bona, le hore ba tlameha ho shoa ntle le hore ba bakele bokhopo ba bona; ka baka leo, ba ile ba tla ho ’na, ’me ba ntlamolla lithapo tse neng li le maqaqailaneng a liatla, ’me bonang, a ne a ruruhile ka ho fetisisa; hape le maqaqailane a maoto a ne a ruruhile haholo, ’me bohloko ba teng e ne e le bo boholo ke hona.

16 Le ha ho le joalo, ke ile ka sheba ho Molimo oa ka, ’me ke ile ka mo rorisa letsatsi lohle; ’me ha kea ka ka tletleba khahlano le Morena ka baka la mahlomola a ka.

17 Joale ntate, Lehi, o ne a buile lintho tse ngata ho bona, ’me hape le ho bana ba Ishmaele; empa, bonang, ba ile ba bua mantsoe a lits’oko khahlanong le mang le mang a neng a mpuella; ’me batsoali ba ka ba neng ba se ba tsofetse, ’me ba neng ba ile ba sotloa ke masisa-pelo ka baka la bana ba bona, ba ile ba theoleloa tlaase, ee, esita le ho robala mealong ea bona ea bokulo.

18 Ka baka la masisa-pelo a bona le mahlomola a mangata, le bokhopo bana b’eso, ba ile ba tlisoa haufinyana esita le ho nkoa nakong ena ho ea kopana le Molimo oa bona; ee, meriri ea bona e meputsoa e ile ea batla e tlisoa tlaase ho robala fats’e leroleng; ee, esita ba ne ba le haufinyana le ho lahleloa ka masoabi lebitleng la metsi.

19 ’Me hape Jakobo le Josefa, ka ha ba ne ba le banyenyane, ba ne ba hloka tlhokomelo e kholo, ba ne ba hlokofetse ke mahlomola a ’m’a bona; ’me hape le mosali oa ka ka likeleli tsa hae le lithapelo, le hape bana ba ka, ha ba ka ba nolofatsa lipelo tsa bana b’eso hore ba ke ba ntlamolle.

20 ’Me ho ne ho se letho ntle le matla a Molimo, a neng a ba ts’ositse ka timelo, a neng a ka nolofatsa lipelo tsa bona; ka baka leo, ha ba bona hore ba ne ba se ba tla koenngoa ka botebong ba leoatle ba ile ba bakela ntho eo ba neng ba e entse, hoo ba ileng ba ntlamolla.

21 ’Me ho ile ha etsahala hore kamor’a hore ba ntlamolle, bonang, ke ile ka nka sesupa-tsela, ’me se ile sa sebetsa ka moo ke neng ke lakatsa ka teng. ’Me ho ile ha etsahala hore ke rapele ho Morena; ’me kamora ho rapela meea e ile ea khaotsa, ’me sefefo se ile sa khaotsa ’me ho ile ha eba le khutso e kholo.

22 ’Me ho ile ha etsahala hore ’na, Nefi, ke khanne sekepe, hore re tsamaee ka sekepe hape ho leba lefats’eng la pallo.

23 ’Me ho ile a etsahala hore kamora ho tsamaea ka sekepe sebaka sa matsatsi a mangata re ile ra fihla lefats’eng la pallo; ’me re ile ra tsamaea holima lefats’e leo, ’me re ile ra hloma litente tsa rona; ’me re ile ra le bitsa lefats’e la pallo.

24 ’Me ho ile ha etsahala hore re qale ho lema lefats’e, ’me ra qala ho jala lipeo; ee, re ile ra kenya lipeo tsohle tsa rona ka mobung, tseo re neng re tlile le tsona ho tloha lefats’eng la Jerusalema. ’Me ho ile ha etsahala hore li hole ka ho fetisisa; ka baka leo, re ile ra hlohonolofatsoa ka bongata.

25 ’Me ho ile ha etsahala hore re fumane lefats’eng la pallo, ha re ntse re tsamaea lefelleng, hore ho ne ho ena le liphoofolo tsa mefuta eohle ka merung, ka bobeli khomo le pholo, le esele le pere, le poli le poli e hlaha, le mefuta eohle ea liphoofolo tse hlaha, tseo li neng li ka sebelisoa ke motho. ’Me re ile ra fumana mefuta eohle ea ts’epe, ka bobeli ea khauta, le ea selivera, le ea koporo.