Mangolo a halalelang
1 Nefi 16


Khaolo ea 16

Ba khopo ba fumana ’nete e le thata—Bara ba Lehi ba nyala barali ba Ishmaele—Liahona e tataisa tsela ea bona lefelleng—Melaetsa e tsoang ho Morena e ngoloa ho Liahona nako le nako—Ishmaele oa shoa; lelapa la hae lea tletleba ka lebaka la mats’oenyeho. Ka bo 600–592 B.C.

1 ’Me joale ho ile ha etsahala kamora hore ’na, Nefi, ke etse pheletso ea ho bua le bana b’eso, bonang, ba ile ba re ho ’na: U boletse ntho tse thata ho rona, ho feta ka moo re khonang ho li mamella.

2 ’Me ho ile ha etsahala hore ke re ho bona kea tseba hore ke buile ntho tse thata khahlanong le ba khopo, ho latela ’nete; ’me ba lokileng ke ba latoletse melato, ’me ke pakile hore ba tla phahamisetsoa holimo ka letsatsi la ho qetela; ka baka leo, ba molato ba nka ’nete e le thata, hobane e ba seha ka hare-hare.

3 ’Me joale bana b’eso, haeba le ne le lokile ’me le ikemiselitse ho utloa ’nete, ’me le e ela hloko, hore le ke le tsamaee ka toka ka pela Molimo, le ne le ke ke la tletleba ka lebaka la ’nete, e be le re: U buile ntho tse thata khahlanong le rona.

4 ’Me ho ile ha etsahala hore ’na, Nefi, ke eletse bana b’eso, ka mafolofolo, ho boloka litaelo tsa Morena.

5 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ikokobetse ka pela Morena, haholo hoo ke ileng ka ba le nyakallo le ts’epo tse kholo ka bona, hore ba tla tsamaea litseleng tsa ho loka.

6 Joale, ntho tsena tsohle li builoe le ho etsoa ha ntate a ntse a lula ka tenteng phuleng eo a e bitsitseng Lemuele.

7 ’Me ho ile ha etsahala hore ’na, Nefi, ke nke e mong oa barali ba Ishmaele ho ba mosali oa ka, ’me hape, bana b’eso ba ile ba nka ba bang ba barali ba Ishmaele ho ba basali ba bona; ’me le Zorame hape o ile a nka morali e moholo-holo oa Ishmaele ho ba mosali oa hae.

8 ’Me ke joana ntate a ileng a phethahatsa litaelo tsohle tseo Morena a neng a mo file tsona. ’Me hape, ’na, Nefi, ke ne ke hlohonolofalitsoe ke Morena ka ho fetisisa. ’Me joale ’na, Nefi, ha ke bue montsoe oohle a ntate.

9 ’Me ho ile ha etsahala hore lentsoe la Morena le bue le ntate bosiu, ’me la mo laela hore hosasane a nke leeto la hae ho ea lefelleng.

10 ’Me ho ile ha etshala hore ha ntate a tsoha hoseng, ’me a ee pele monyako oa tente, ho makaleng ha hae ho hoholo o ile a bona holima lefats’e pitikoe ea moetso o makatsang; ’me e ne e le ea tsépe e khubelu e ntle. ’Me hara pitikoe e ne e le manaka a mabeli; ’me le leng le ne le supa tsela moo re tlamehang ho ea teng lefelleng.

11 ’Me ho ile ha etsahala hore re bokelle ntho tsohle tseo re tlamehang ho li jara ho ea lefelleng, le ho salletseng ha mefao eo Morena a ileng a re fa; ’me re ile ra nka peo ea mefuta eohle hore re tle re e jare ho ea lefelleng.

12 ’Me ho ile ha etsahala hore re nke li tente tsa rona ’me ra fallela lefelleng, ka mose ho noka ea Lamane.

13 ’Me ho ile ha etsahala hore re tsamaee sebaka sa matsatsi a mane, re batlile re ea ’nqa ea boroa bo boroa-bochabela ’me re ile ra hloma li tente tsa rona hape; ’me re ile ra bitsa sebaka seo lebitso la Shazere.

14 ’Me ho ile ha etsahala hore re nke liqha tsa rona le metsu ea rona, ’me ra ea pele lefelleng ho bolaea lijo bakeng sa malapa a rona; ’me kamora hore re bolaee lijo bakeng sa malapa a rona re ile ra khutlela hape ho malapa a rona lefelleng, sebakeng sa Shazere. ’Me re ile ra ea pele lefelleng, re latetse ’nqa e ts’oanang, re tsamaela likarolong tse nonneng haholo tsa lefelleng, tse neng li le meeling ea Leoatle le Lefubelu.

15 ’Me ho ile ha etsahala hore re tsamaee sebaka sa matsatsi a mangata, re bolaea lijo tseleng, ka liqha tsa rona le metsu ea rona le majoe a rona le matjeketjane a rona.

16 ’Me re ile ra latela tataiso ea pitikoe, e neng e re isa likarolong tse nonneng haholoanyane tsa lefelleng.

17 ’Me kamora hore re tsamaee sebaka sa matsatsi a mangata, re ile ra hloma li tente tsa rona sebaka sa nako e itseng, hore hape re ke re iphomotse ’me re fumane lijo bakeng sa malapa a rona.

18 ’Me ho ile ha etsahala hore ha ’na, Nefi, ke ee pele ho ea bolaea lijo, bonang, ke ile ka roba seqha sa ka, se neng se entsoe ka setala se setle; ’me kamora hore ke robe seqha sa ka, bonang, bana b’eso ba ile ba nkhalefela ka lebaka la tahlehelo ea seqha sa ka, hobane ha rea ka ra fumana lijo.

19 ’Me ho ile ha etsahala hore re khutlele ho malapa a rona re sena lijo, ’me ka ha ba ne ba khathetse haholo, ka lebaka la leeto la bona, ba ile ba utloa bohloko haholo ka baka la ho hloka lijo.

20 ’Me ho ile ha etsahala hore Lamane le Lemuele le bara ba Ishmaele ba qale ho tletleba ka ho fetisisa, ka lebaka la bohloko le mahlomola a bona lefelleng; ’me le ntate o ile a qala ho tetleba khahlanong le Morena Molimo oa hae; ee, kaofela ba ne ba hlomohile haholo, esita hore ba ile ba tletleba khahlanong le Morena.

21 Joale ho ile ha etsahala hore ’na, Nefi, ha ke se ke hlomohile le bana b’eso ka lebaka la tahlehelo ea seqha sa ka, le liqha tsa bona li lahlehetsoe ke matla, ho ile ha qala ho ba thata ka ho fetisisa, ee, hoo re neng re sa khone ho fumana lijo.

22 ’Me ho ile ha etsahala hore ’na, Nefi, ke bue haholo le bana b’eso, ka lebaka la hore ba ne ba thatafalitse lipelo tsa bona hape, esita le ho koma-koma khahlanong le Morena Molimo oa bona.

23 ’Me ho ile ha etsahala hore ’na, Nefi, ke etse seqha ka patsi, ’me ka thupa e otlolohileng, ka etsa motsu, ka baka leo, ke ile ka hlomela ka seqha le motsu, ka letjeketjane le ka majoe. ’Me ke ile ka re ho ntate: ke tle ke ee kae ho ea fumana lijo?

24 ’Me ho ile ha etsahala hore a botse ho Morena, hobane ba ile ba ikokobetsa ka lebaka la mantsoe a ka; hobane ke ile ka bua ntho tse ngata ho bona ka matla a moea oa ka.

25 ’Me ho ile ha etsahala hore lentsoe la Morena le tle ho ntate; ’me o ile a lauoa hore a bake ka ’nete ka lebaka la ho tletleba ha hae khahlanong le Morena, hoo a ileng a theoleloa tlaase botebong ba masoabi.

26 ’Me ho ile ha etsahala hore lentsoe la Morena le re ho eena: Sheba ho pitikoe, ’me o bone ntho tse ngotsoeng.

27 ’Me ho ile ha etsahala hore ha ntate a bona ntho tse neng li ngotsoe holima pitikoe, o ile a ts’aba ’me a thothomela ka ho fetisisa, ’me le bana b’eso le bara ba Ishmaele le basali ba rona.

28 ’Me ho ile ha etsahala hore ’na, Nefi, ke bone manaka oa a neng a le ka hara pitikoe, hore a ne a sebetsa ho latela tumelo le mafolofolo le kelo hloko eo re neng re e fa oona.

29 ’Me ho ne ho ngotsoe hape holima oona mongolo o mocha, o neng o hlakile hore o baloe, oo o ileng oa re fa kutloisiso ka litsela tsa Morena; ’me o ne o ngoloa ’me o fetoloa nako le nako ho latela tumelo le mafolofolo ao re neng re a fa eona. ’Me ke joana re bonang hore ka mekhoa e menyane Morena a ka tlisa ntho tse kholo.

30 ’Me ho ile ha etsahala hore ’na, Nefi, ke ee pele ka holima thaba, ho latela tataiso e neng e fanoe holima pitikoe.

31 ’Me ho ile ha etsahala hore ke bolaee liphoofolo tse hlaha, hoo ke ileng ka fumana lijo bakeng sa malapa a rona.

32 ’Me ho ile ha etsahala hore ke khutlele li tenteng tsa rona, ke jere liphoofolo tseo ke ileng ka li bolaea; ’me joale ha ba bona hore ke fumane lijo, nyakallo ea bona e ne e le e kaakang! ’Me ho ile ha etsahala hore ba ikokobetse ka pela Morena, ’me ba fana ka liteboho ho eena. ’Me ho ile ha etsahala hore a mamele lentsoe la Morena, ka lebaka leo, o ile a etsa kamoo Morena a mo laetseng.

33 ’Me ho ile ha etsahala hore re nke leeto la rona hape, re batla re tsamaea tsela e ts’oanang le qalong; ’me kamora hore re tsamaee sebaka sa matsatsi a mangata re ile ra hloma li tente tsa rona hape, hore re ke re lule sebaka sa nako e itseng.

34 ’Me ho ile ha etsahala hore Ishmaele a shoe, ’me o ile a patoa sebakeng se bitsoang Nahome.

35 ’Me ho ile ha etsahala hore barali ba Ishmaele ba lle ka ho fetisisa, ka lebaka la tahlehelo ea ntat’a bona, le ka lebaka la mats’oenyeho a bona lefelleng, ’me ba ile ba tletleba khahlanong le ntate ka lebaka la hore o ba tlositse lefats’eng la Jerusalema, ba re: Ntat’a rona o shoele; ee, ’me re hlahlathetse haholo lefelleng, ’me re mamelletse mats’oenyeho a mangata, tlala, lenyora, le mokhathala, ’me kamora mahlomola ana kaofela re tlameha ho timella lefelleng ke tlala.

36 ’Me ke joana ba ileng ba tletleba khahlanong le ntate, ’me hape le khahlanong le ’na; ’me ba ne ba lakatsa ho khutlela Jerusalema hape.

37 ’Me Lamane o ile a re ho Lemuele hape le ho bara ba Ishmaele: bonang, ha re bolaeeng ntate, ’me le moena oa rona Nefi, ea inketseng ho eena ho ba ’musi oa rona le moruti oa rona, re le baholoane ba hae.

38 Joale, o re Morena o buile le eena, le hape hore mangeloi a mo rutile. Empa bonang, rea tseba hore o re joetsa leshano; ’me o re joetsa ntho tsena, ’me o sebetsa ntho tse ngata ka mano a hae, hore a tle a thetse mahlo a rona, a nahana, mohlomong, hore a ka re isa hole lefelleng le itseng le sele; me kamora hore a re ise hole, o nahanne ho iketsa morena le ’musi holima rona, hore a tle a etse ka rona ho latela thato ea hae le monyaka. ’Me ke ka ’ona mokhoa oo moholoane oa ka Lamane a ileng a tsosa khalefo lipelong tsa bona.

39 ’Me ho ile ha etsahala hore Morena o ne a na le rona, ee, esita lentsoe la Morena le tlile ’me la bua ntho tse ngata ho bona, ’me la ba laea hore ba bake ka ho fetisisa; ’me kamora hore ba lauoe hore ba bake ke lentsoe la Morena ba ile ba fetola khalefo ea bona, ’me ba baka libeng tsa bona, hoo Morena a ileng a re hlohonolofatsa hape ka lijo, hore re se ke ra timela.