Mangolo a halalelang
1 Nefi 15


Khaolo ea 15

Peo ea Lehi e tla amohela evangeli ho tsoa ho Balichaba matsatsing a qetelo—Ho phutheha ha Israele ho ts’oants’oa le sefate sa mohloare seo makala a sona a tlhaho a tlang ho entoa hape—Nefi o hlalosa pono ea sefate sa bophelo ’me o bua ka toka ea Molimo ho arola ba khopo ho ba lokileng. Ka bo 600–592 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala kamora hore ’na, Nefi, ke nkeloe hole ke Moea, ’me ke bone ntho tsena kaofela, ke ile ka khutlela tenteng ea ntate.

2 ’Me ho ile ha etsahala hore ke bone bana b’eso, ’me ba ne ba tsekisana e mong le e mong ka ntho tseo ntate a li buileng ho bona.

3 Hobane kannete o buile ntho tse ngata ho bona, tse neng li le thata ho utloisiseha, hae e se hore motho a botse Morena; ’me bona ka ha ba thatafetse lipelong tsa bona, ka hona ha ba ka ba sheba ho Morena joalo ka ha ba ne ba ts’oanela.

4 ’Me joale ’na, Nefi, ke ne ke hloname ka lebaka la ho thatafala ha lipelo tsa bona, ’me hape, ka lebaka la ntho tseo ke li boneng, ’me ke tsebile hore li tlamehile ho etsahala joang kapa joang ka lebaka la boholo ba bokhopo ba bana ba batho.

5 ’Me ho ile ha etsahala hore ke hlolehe ka lebaka la mahlomola a ka, hobane ke lemohile hore mahlomola a ka a maholo ka holima ohle, ka lebaka la ho timela ha batho ba heso, hobane ke ile ka bona ho oa ha bona.

6 ’Me ho ile ha etsahala hore kamora hore ke fumane matla ke ile ka bua ho bana b’eso, ke lakatsa ho tseba sesosa sa litsekisano tsa bona.

7 ’Me ba ile ba re: Bona, re sitoa ho utloisisa mantsoe ao ntate ao a buileng ka makala a tlhaho a sefate sa mohloare, ’me hape le ka Balichaba.

8 ’Me ke ile ka re ho bona: Na le botsitse Morena?

9 ’Me ba ile ba re ho ’na: Ha rea etsa joalo; hobane Morena ha a etse hore ntho e joalo e tsebahale ho rona.

10 Bonang, ke ile ka re ho bona: Ho tla joang hore e be ha le boloke litaelo tsa Morena? Ho tla joang hore le tla timela, ka lebaka la ho thatatafala ha lipelo tsa lona?

11 Ha le hopole ntho tseo Morena a li buileng?—Ha le ke ke la thatafatsa lipelo tsa lona, ’me la mpotsa ka tumelo, le lumela hore le tla fumana, ka mafolofolo ho bolokeng litaelo tsa ka, ka ’nete ntho tsena li tla tsebahatsoa ho lona.

12 Bonang, ke re ho lona, hore ntlo ea Israele e ile ea ts’oants’oa le sefate sa mohloare, ke Moea oa Morena o neng o le ka ho ntate; ’me bonang re khaotsoe ho tsoa ho ntlo ea Israele, ’me na ha re lekala la ntlo ea Israele?

13 ’Me seo ntate a se bolelang ka ho entoa ha makala a tlhaho ka botlalo ka Balichaba, ke, hore ka matsatsi a qetelo, ha peo ea rona e felletse liketsong tsa ho se lumele, ee, ka lilemo tse ngata, ’me meloko e mengata kamora hore Messia a bonahale ka nama ho bana ba batho, mohlang oo evangeli ea Messia ka botlalo e tla tla ho Balichaba, ’me ho tloha ho Balichaba ho ea ho karolo e setseng ea peo ea rona—

14 ’Me ka letsatsi leo karolo e setseng ea peo ea rona e tla tseba hore ke ba ntlo ea Israele, le hore ke batho ba selekane ba Morena; ’me ba tla tseba ’me ba tle tsebong ea bo ntat’a bona moholo-holo, ’me hape le tsebong ea evangeli ea Molopolli oa bona, e ileng ea rutoa ho bo ntat’a bona ke eena; ka baka leo, ba tla tla tsebong ea Molopolli oa bona le lintlha tsa sebele tsa lithuto tsa hae tsa tumelo, hore ba tle ba tsebe hore na ba tla ho eena joang ’me ba pholosoe.

15 ’Me e be ka letsatsi leo na ha ba na nyakalla ’me ba ise lithoriso ho Molimo oa bona oa bosafeleng, lefika la bona le polokeho ea bona? Ee, ka letsatsi leo, na ha ba na fumana matla le matlafalo ho tsoa morareng oa ’nete? Ee, na ha ba na tla ho mohlape oa ’nete oa Molimo?

16 Bonang, ke re ho lona, Ee; ba tla hopoloa hape hara ba ntlo ea Israele; ba tla enteloa teng, e le lekala la tlhaho la sefate sa mohloare, ka hara’ sefate sa mohloare sa ’nete.

17 ’Me sena ke sona seo ntate a neng a se hlalosa; ’me o ne a hlalosa hore ha ho na ho etsahala ho fihlela kamora hore ba qhaloe ke Balichaba; ’me o hlalosa hore e tla tla ka tsela ea Balichaba, hore Morena a tle a bonts’e matla a hae ho Balichaba, hobane ke sona sesosa sa sebele hore a hanoe ke Ba-Juda, kapa ba ntlo ea Israele.

18 Ka baka leo, ntate ha a bua ka peo ea rona e le ’ngoe, empa hape ka bohle ba ntlo ea Israele, a supela selekaneng se tla phethahatsoa matsatsing a qetelo; selekane seo Morena a se entseng le ntat’a rona Abrahama, a re: ka peo ea hau maloko a batho bohle ba lefats’e a tla hlohonolofatsoa.

19 ’Me ho ile ha etsahala hore ’na, Nefi, ke bue tse ngata ho bona ka ntho tsena; ee, ke buile ho bona ka tsosoloso ea Ba-Juda ka matsatsi a qetelo.

20 ’Me ke ile ka pheta ho bona mantsoe a Esaia, ea buileng ka tsosoloso ea Ba-Juda, kapa ba ntlo ea Israele; ’me kamora hore ba tsosolosoe ha ba sa tla ferekana, le ha e le ho qhalana hape. ’Me ho ile ha etsahala hore ke bue mantsoe a mangata ho bana b’eso, hoo ba neng ba khotsofetse ’me ba ile ba ikokobetsa ka pele ho Morena.

21 ’Me ho ile ha etsahala hore ba bue ho ’na hape ba re: E bolelang ntho ee eo ntate a e boneng torong? Se bolelang sefate seo a se boneng?

22 ’Me ke ile ka re ho bona: E ne e le ponts’o ea sefate sa bophelo.

23 ’Me ba ile ba re ho ’na: E bolelang thupa ea ts’epe eo ntate a e boneng, e isang sefateng?

24 ’Me ke ile ka re ho bona hore e ne e le lentsoe la Molimo; ’me ea tla utloa lentsoe la Molimo, ’me a ka ts’oara ka thata ho lona, a ke ke a timela; le ha e le hore liteko le metsu ea mollo ea sera e ba hlole ho isa bofofung, ho ba isa timelong.

25 Ka baka leo, ’na, Nefi, ka ba eletsa ho ela hloko ho lentsoe la Morena; ee, ke ile ka ba eletsa ka matla ohle a moea oa ka, le ka bokhoni bohle boo ke nang le bona, hore ba ke ba ele hloko lentsoe la Molimo ’me ba hopole ho boloka litaelo tsa hae kamehla linthong tsohle.

26 ’Me ba ile ba re ho ’na: E bolelang noka ea metsi eo ntate a e boneng?

27 ’Me ke ile ka re ho bona metsi ao ntate a boneng e ne e le lits’ila; ’me kelello ea hae e ne e ts’oarehile nthong tse ling haholo hoo a sa kang a bona ho ts’ilafala ha metsi.

28 ’Me ke ile ka re ho bona e ne e le khohlo e ts’abehang, e arolang ba khopo ho sefate sa bophelo ’me le ho bahalaleli ba Molimo.

29 ’Me ke ile ka re ho bona e ne e le ponts’o ea lihele tseno tse ts’abehang, tseo lengeloi le ileng la re ho ’na li lokiselitsoe ba khopo.

30 ’Me ke ile ka re ho bona ntate o ile a bona hape hore toka ea Molimo hape e arola ba khopo ho ba lokileng; ’me khanya ea teng e ne e ts’oana le khanya ea mollo o tukang, o nyolohelang holimo ho Molimo ka mehla le ka ho sa feleng, ’me o se na pheletso.

31 ’Me ba ile ba re ho ’na: E le hore ntho ee e hlalosa bohloko ba nama ka matsatsi a teko, kapa e hlalosa boemo ba ho qetela ba moea kamora lefu la ’mele oa nama, kapa e bua ka ntho tsa nama?

32 ’Me ho ile ha etsahala hore ke re ho bona e ne e le ponts’o ea lintho bobeli tsa nama le tsa moea; hobane letsatsi le tla tla leo ba tla ts’oanela ho ahloloa ka mesebetsi ea bona, ee, esita le mesebetsi e entsoeng ke ’mele oa nama ka matsatsi a bona a teko.

33 Ka baka leo, ha ba ka shoela bokhopong ba bona ba tla tlameha ho lahleloa hole hape, joalo ka ntho tseo e leng tsa moea, tse amangoang le ho loka; ka baka leo, ba tlameha ho tlisoa ba eme ka pele ho Molimo, ho ahloloa ka mesebetsi ea bona; ’me haeba mesebetsi ea bona e bile lits’ila ba tlamea ho ba lits’ila; ’me haeba ba le lits’ila e tlameha hore e be ha ba khone ho lula ’musong oa Molimo; ha ho ne ho le joalo, ’muso oa Molimo e tlameha o be o le lits’ila le oona.

34 Empa bonang, ke re ho lona, ’muso oa Molimo ha o lits’ila, ’me ha ho khonehe hore letho le sa hloekang le kene ka har’a ’muso oa Molimo; ka baka leo ho tlameha hore e be ho na le sebaka sa lits’ila se lokiselitsoeng seo se lits’ila.

35 ’Me ho na le sebaka se lokisitsoeng, ee, esita lihele tse ts’abehang tsane tseo ke buileng ka tsona, ’me diabolosi ke molokisi oa tsona; ka baka leo boemo ba ho qetela ba meea ea batho ke ho lula ’musong oa Molimo, kapa ho lahleloa kantle ka lebaka la toka eane eo ke buileng ka eona.

36 Ka baka leo, ba khopo ba hanoa ho ba lokileng, ’me hape le ho tsoa sefateng sane sa bophelo, seo tholoana ea sona e leng bohlokoa haholo ’me e lakatsehang haholo ka holimo ho litholoana tsohle; ee, ’me ke e kholo kholo ea limpho tsohle tsa Molimo. ’Me ke joana ke ileng ka bua ho bana b’eso. Amen.