Mangolo a halalelang
1 Nefi 14


Khaolo ea 14

Lengeloi le bolella Nefi ka lihlohonolofatso le likotlo tse tla oela holima Balichaba—Likereke li peli feela: Kereke ea Konyana ea Molimo le kereke ea diabolose—Bahalaleli ba Molimo ba ea hlorisoa lichabeng tsohle ke kereke e kholo e manyala—Moapostola Johanne o tla ngola ka ho timela ha lefats’e. Ka bo 600–592 B.C.

1 ’Me ho tla etsahala, hore ha Balichaba ba ka utloa Konyana ea Molimo ka letsatsi leo a tla iponahatsa ho bona ka lentsoe, le hape ka matla, ka sebele, ho tloseng likhopiso tsa bona—

2 ’Me ba sa tiise lipelo tsa bona khahlanong le Konyana ea Molimo, ba tla baloa har’a peo ea ntat’ao; ee, ba tla baloa hara ntlo ea Israele; ba tla hlohonolofatsoa holima lefats’e la pallo ka ho sa feleng; ha ba sa tla tlisoa tlaase litlamong; ’me ntlo ea Israele ha e sa tla ferekangoa.

3 ’Me sekoti seo se seholo, se chekiloeng ke bona bao ba kereke e kholo e manyala, e thehiloeng ke diabolose le bana ba hae, hore a tle a khelosetse meea ea batho tlaase liheleng—ee, sekoti seo se seholo se cheketsoeng ho timetsa batho se tla tlatsoa ka ba se chekileng, ho isa ho timelo ea bona e phethahetseng, ho bolela Konyana ea Molimo; e seng timelo ea moea, ha e se ho o lahlela liheleng tseo tse senang pheletso.

4 Hobane bona, sena ke ho latela litlamo tsa diabolosi, ’me le ho latela toka ea Molimo, holima bohle ba tla etsa mesebetsi ea bokhopo le manyala ka pele ho eena.

5 ’Me ho ile ha etahala hore lengeloi le bue ho ’na, Nefi, la re: U bone hore ha Balichaba ba baka ho tla ba molemong oa bona; ’me hape o tseba ka lilekane tsa Morena ho isa ho ntlo ea Israele; ’me o utloile hore ea bakang ha a na timela.

6 Ka hoo, malimabe a be ho Balichaba ha e le hore ba tiisa lipelo tsa bona khahlanong le Konyana ea Molimo.

7 Hobane nako ea tla, ho bolela Konyana ea Molimo, hore ke tla sebetsa mosebetsi o moholo ’me o tsotehang hara bana ba batho; mosebetsi oo e tla ba o sa feleng, le ha e le ka letsohong le leng kapa ka ho le leng—le ha e le ho ba kholisetsa ho khotso le bophelo ba bosafeleng, kapa ho isa ho tokollo ea bona ho lipelo tse tiileng tsa bona le ho foufala ha likelello tsa bona ho isa ho tlisoeng ha bona tlaase litlamong, ’me hape le ho ea timelong, bobeli nameng le moeeng, ho latela litlamo tsa diabolose, tseo ke buileng ka tsona.

8 ’Me ho ile ha etsahala hore ha lengeloi le se le buile mantsoe ana, o ile a re ho ’na: Na u hopola lilekane tsa Ntate ho ntlo ea Israele? Ke ile ka re ho eena, Ee.

9 ’Me ho ile ha etsahala hore a re ho ’na: Sheba, ’me bona kereke eno e kholo e manyala, eo e leng ’m’a manyala, eo mothehi oa eona e leng diabolose.

10 ’Me o ile a re ho ’na: Bona ha ho na likereke haese tse peli feela; e ngoe ke kereke ea Konyana ea Molimo, ’me e ’ngoe ke kereke ea diabolose, ka baka leo, eo e seng oa kereke ea Konyana ea Molimo, ke oa kereke eo e kholo, eo e leng ’m’a manyala; ’me ke seotsoa sa lefats’e lohle.

11 ’Me ho ile ha etsahala hore ke shebe ’me ke bone seotsoa sa lefats’e lohle, ’me u ne a lutse holima metsi a mangata; ’me o ne a na le matla a puso holima lefats’e lohle, har’a lichaba tsohle, maloko, maleme, le batho.

12 ’Me ho ile ha etsahala hore Ke bone kereke ea Konyana ea Molimo, ’me lipalo tsa eona li ne li se kae, ka lebaka la bokhopo le manyala a seotsoa se neng se lutseng holima metsi a mangata; le ha ho le joalo, ke ile ka bona hore kereke ea Konyana, bao e leng bahalaleli ba Molimo, le bona ba ne ba le holima sefahleho sa lefats’e; ’me mebuso ea bona holima sefahleho sa lefats’e e ne e fokola, ka lebaka la bokhopo ba seotsoa se seholo seo ke se boneng.

13 ’Me ho ile ha etsahala hore ke bone hore eo a moholo ’m’a manyala o ile a phutha ha ’moho bongata holima sefahleho sa lefats’e lohle, har’a lichaba tsa Balichaba, ho loana khahlanong le Konyana ea Molimo.

14 ’Me ho ile ha etsahala hore ’na, Nefi, ke bone matla a Konyana ea Molimo, hore a ile a theohela holima bahalaleli ba kereke ea Konyana, le holima batho ba selekane ba Morena, ba neng ba qhalane holima sefahleho sa lefats’e lohle; ’me ba ne ba hlometse ka ho loka le ka matla a Molimo ka khanya e kholo.

15 ’Me ho ile ha etsahala hore ke bone hore khalefo ea Molimo e ile ea ts’olleloa kantle holima kereke eo e kholo e manyala, hoo ho neng ho na le lintoa le menyenyetsi ea ntoa har’a lichaba tsohle le maloko a lefats’e.

16 ’Me joalo ka ha ho ile ha qala ho ba le lintoa le menyenyetsi ea lintoa har’a lichaba tsohle tseo e leng tsa ’m’a manyala, lengeloi le ile la bua ho ’na la re: Bona, khalefo ea Molimo e holima ’m’a liotsoa; ’me bona, u bona ntho tsena kaofela—

17 ’Me ha letstasi le fihla la hore khalefo ea Molimo e ts’olleloe kantle holima ’m’a liotsoa, e leng kereke e kholo e manyala ea lefats’e lohle, eo mothehi oa eona e leng diabolosi, joale, ka letsatsi leo, mosebetsi oa Ntate o tla qala, ho lokisetsa tsela ea ho phethahatsa lilekane tsa hae, tseo a li entseng ho batho ba hae bao e leng ba ntlo ea Israele.

18 ’Me ho ile ha etsahala hore lengeloi le bue ho ’na le re: Sheba!

19 ’Me ke ile ka sheba ’me ka bona motho, ’me o ne a apere kobo e ts’oeu.

20 ’Me lengeloi le ile l re ho ’na: Bona e mong oa baapostola ba leshome le metso e ’meli ba Konyana.

21 Bona, o tla bona ’me a ngole ntho tsena tse setseng; ee, ’me hape ntho tse ngata tse bileng.

22 ’Me o tla ngola hape ho latela pheletso ea lefats’e.

23 Ka baka leo, ntho tseo a tla li ngola li lokile ’me ke ’nete; ’me bona li ngotsoe ka bukeng eo o boneng e tsoa molomong oa Mo-Juda; ’me ka nako eo li tsoang molomong oa Mo-Juda, kapa, ka nako eo buka e tsoang molomong oa Mo-Juda, ntho tse neng li ngotsoe li ne li hlakile ’me li hloekile, e le tsa bohlokoa haholo ’me li le bobebe kutloisisong ea batho bohle.

24 ’Me bona, ntho tseo moapostola enoa oa Konyana a tla li ngola ke ntho tse ngata tseo o li boneng; ’me bona, tse setseng u tla li bona.

25 Empa ntho tseo u tla li bona kamorao ho mona o se ke oa li ngola, hobane Morena Molimo o khethile moapostola oa Konyana ea Molimo hore o tla li ngola.

26 ’Me hape ba bang ba bileng, ho bona o hlahisitse ntho tsohle, ’me ba li ngotse; ’me li tiisitsoe hore li tle li tle ka hloeko ea tsona, ho latela ’nete e ka ho Konyana, ka nako ea boikhethelo ba Morena, ho ntlo ea Israrele.

27 ’Me ’na, Nefi, ke utloile ’me kea paka, hore lebitso la moapostola oa Konyana ke Johanne, ho latela mantsoe a lengeloi.

28 ’Me bona, ’na, Nefi, ke thibeloa ho ngola ho setseng ha ntho tseo ke li boneng le ho li utloa; ka baka leo ntho tseo ke li ngotseng li lekane ho ea ka ’na; ’me ke ngotse empa karolo e nyane ea ntho tseo ke li boneng.

29 ’Me kea paka hore ke bone ntho tseo ntate a li boneng, me lengeloi la Morena le ile la etsa hore li tsebahale ho ’na.

30 ’Me joale ke etsa pheletso ea ho bua ka ntho tseo ke li boneng ha ntse ke nketsoe hole ke Moea; ’me haeba ntho tsohle tseo ke li boneng ha lia ngoloa, ntho tseo ke li ngotseng ke ’nete. ’Me ho fela ho le joalo. Amen.