Mangolo a halalelang
1 Nefi 12


Khaolo ea 12

Nefi o bona ponong lefats’e la pallo; ho loka, bokhopo, le ho oela ha baahi ba lona; ho tla ha Konyana ea Molimo har’a bona; ka moo Barutuoa ba Leshome le Metso e ’Meli le Baapostola ba Leshome le Metso e ’Meli ba tlang ho ahlola Israele; ’me boemo ba ho tsoafeha le boemo ba silafalo ha bao ba fellang ketsong tsa ho se lumele. Ka bo 600–592 B.C.

1 ’Me ho ile ha etshala hore lengeloi le re ho ’na: Sheba, ’me u bone peo ea hau, ’me hape le peo ea bana beno. ’Me ke ile ka sheba ’me ka bona lefats’e la pallo; ’me ka bona bongata ba batho, ee, esita ba bangata joalo ka lehlabathe la leoatle.

2 ’Me ho ile ha etsahala hore ke bone bongata bo phutheileng ha ’moho ho loants’ana, ba bang khahlanong le ba bang; ’me ke ile ka bona lintoa, le ho tumisoa ha lintoa, le lipolao tse kholo ka sabole har’a batho ba heso.

3 ’Me ho ile ha etshala hore ke bone mengoaha e mengata e feta, ka mokhoa oa lintoa le likhang tse lefat’seng leo; ’me ke ile ka bona metse e mengata, ee, esita le hore ha kea ka ka e bala.

4 ’Me ho ile ha etsahala hore ke bone leru la lefifi holima sefahleho sa lefats’e la pallo, ’me ka bona mahalima, ’me ka utloa lialuma, le ho reketla ha lefats’e, le mekhoa eohle ea marata a moferefere; ’me ka bona lefat’se le mafika, hore a ile a peperana; ’me ka bona lithaba li heleha ho ba likoto; ’me ka bona lithota tsa lefats’e, hore li ne li petsohile; ’me ka bona hore metse e mengata e ile ea teba; ’me ka bona hore e ile ea chesoa ka mollo; ’me ka bona hore e mengata e ile ea helehela fats’e, ka lebaka la ho reketla ha teng.

5 ’Me ho ile ha etsahala hore kamora hore ke bone ntho tsena, ke ile ka bona moholi o lefifi, hore o ile oa feta ho tloha sefahlehong sa lefats’e; ’me bonang, ke ile ka bona bongata bo ileng ba oela ka baka la likahlolo tse kholo tse ts’abehang tsa Morena.

6 ’Me ke ile ka bona maholimo a phetleha, ’me Konyana ea Molimo e theoha ho tsoa leholimong; ’me a tla tlaase ’me a iponahatsa ho bona.

7 ’Me ke ile ka bona hape ’me ke paka hore Moea o Halalelang o ile a theohela ho ba leshome le metso e ’meli ba bang; ’me ba ile ba beoa matsoho ke Molimo, ’me ba khethoa.

8 ’Me lengeloi le ile la bua ho ’na, le re: Bona barutuoa ba leshome le metso e ’meli ba Konyana, ba khethuoeng ho ruta peo ea hau.

9 ’Me o ile a re ho ’na: U hopola baapostola ba lehsome le metso e ’meli ba Konyana? Bona ke bona ba tlang ho ahlola meloko e leshome le metso e ’meli ea Israele; ka baka leo, baruti ba leshome le metso e ’meli ba peo ea hau ba tla ahloloa ke bona; hobane le ba ntlo ea Israele.

10 ’Me baruti bana ba leshome le metso e ’meli bao u ba bonang ba tla ahlola peo ea hau. ’Me bona, ba lokile ka ho sa feleng; hobane ka lebaka la tumelo ea bona ho Konyana ea Molimo liaparo tsa bona li soeufalitsoe ka mali a hae.

11 ’Me lengeloi le ile la re ho ’na: Sheba! ’Me ke ile ka sheba, ’me ka bona meloko e meraro e shoa ka ho loka; ’me liaparo tsa bona li ne li le ts’oeu esita joalo ka Konyana ea Molimo. ’Me lengeloi le ile la re ho ’na: Bana ba soeufalitsoe ka mali a Konyana, ka baka la tumelo ea bona ho eena.

12 ’Me ’na, Nefi, hape ke bone ba bangata ba moloko oa bone o fetileng ka ho loka.

13 ’Me ho ile ha etsahala hore ke bone bongata ba lefats’e bo phuthehile ha ’moho.

14 ’Me lengeloi le ile la re ho ’na: Bona peo ea hau, ’me hape le peo ea bana beno.

15 ’Me ho ile ha etsahala hore ke shebe ’me ka bona batho ba peo ea ka ba phuthehile ha ’moho ka bongata khahlanong le peo ea bana b’eso; ’me ba ne ba phuthehile ha ’moho ho tla loana.

16 ’Me lengeloi le ile la bua ho na, le re: Bona seliba sa metsi a lits’ila seo ntat’ao a se boneng, ee, esita le noka eo a buileng ka eona; ’me le botebo ba teng ke botebo ba lihele.

17 ’Me meholi ea lefifi ke liteko tsa diabolose, tse foufatsang mahlo, le ho thatafatsa lipelo tsa bana ba batho, ’me li ba isa hole litseleng tse sephara, hore ba timele ’me ba lahlehe.

18 ’Me moaho o moholo o sephara, oo ntat’ao a o boneng, ke likhopolo tsa lefela le boikhohomoso ba bana ba batho. ’Me khohlo e kholo ’me e ts’abehang e ba arolang; ee, esita le lentsoe la toka la Molimo oa Bosafeleng, le Messia eo e leng Konyana ea Molimo, eo Moea o Halaleng o pakileng ka eena, ho tloha ts’imolohong ea lefats’e ho fihlela nako ena, ’me ho tloha nakong ena ho ea pele le ka ho sa feleng.

19 ’Me ha lengeloi le ntse le bua mantsoe ana, ke ile ka sheba ’me ka bona hore peo ea bana b’eso e ne e loants’ana le peo ea ka, ho latela polelo ea lengeloi; ’me ka baka la boikhohomoso ba peo ea ka, le liteko tsa diabolose, ke ile ka bona hore peo ea bana b’eso e ile ea hlola batho ba peo ea ka.

20 ’Me ho ile ha etsahala hore ke shebe, ’me ka bona hore batho ba peo ea bana b’eso ba ne ba hlotse peo ea ka; ’me ba ea pele ka bongata holima sefahleho sa lefats’e.

21 ’Me ke ile ka ba bona ba phutheha ha ’moho ka bongata; ’me ka bona lintoa le ho tumisoa ha lintoa har’a bona; ’me ka lintoa le ho tumisoa ha lintoa ke ile ka bona meloko e mengata e feta.

22 ’Me lengeloi le ile la re ho ’na: Bona bana ba tla fella liketsong tsa ho se lumele.

23 ’Me ho ile ha etsahala hore ke bone, kamora hore ba felle liketsong tsa ho se lumele ba ile ba ba lefifi, le ho tsoafeha, le ho ba batho ba lits’ila, ba tletseng botsoa le mekhoa eohle ea manyala.