Mangolo a halalelang
1 Nefi 11


Khaolo ea 11

Nefi o bona Moea oa Morena ’me o bonts’oa ka pono sefate sa bophelo—o bona ’m’e oa Mor’a Molimo ’me u ithuta ka ho itheolela tlaase ha Molimo—O bona kolobetso, boruti, le ho thakhisoa ha konyana ea Molimo—O bona hape le pitso le bosebeletsi ba Baapostola ba Leshome le Metso e ’Meli ba Konyana. Ka bo 600–592 B.C.

1 Hobane ho ile ha etsahala kamora hore ke lakatse ho tseba ntho tseo ntate a ileng a li bona, ’me ke lumela hore Morena o ne a tseba ho li etsa hore li tsebahale ho ’na, ha ntse ke lutse ke nahana ka pelong ea ka ke ile ka nkeloa hole ke moea oa Morena, ee, ka holima thaba e telele ka ho fetisisa, eo ke neng ke eso ka ke e bona, ’me eo holima eona ke so kang ke beha leoto la ka.

2 ’Me Moea o ile a re ho ’na: Bona, keng seo o se lakatsang?

3 ’Me ke ile ka re: Ke lakatsa ho bona ntho tseo ntate a li boneng.

4 ’Me Moea o ile a re ho ’na: Na o oa lumela hore ntat’ao o bone sefate seo a ileng a bua ka sona?

5 ’Me ke ile ka re: Ee, ua tseba hore ke lumela mantsoe oohle a ntate.

6 ’Me ha ke se ke buile mantsoe ana, Moea oa hoeletsa ka lentsoe le phefa, o re: Hosanna ho Morena, Molimo ea holimo bo fetisang, hobane ke Molimo holima lefat’se lohle, ee, esita ka holima tsohle. ’Me o lehlohonolo uena, Nefi, hobane o lumela ho Mor’a Molimo ea holimo bo fetisang; ka baka leo, o tla li bona ntho tseo o li lakatsang.

7 ’Me bona ntho ena u tla e fuoa e le lets’oao, hore kamora hore u bone sefate se beileng tholoana eo ntat’ao a ileng a e latsoa, u tla bona hape motho a theohang ho tsoa leholimong, ’me eena u tla mo paka; ’me kamora hore u mo pake u tla pakahatsa hore ke Mor’a Molimo.

8 ’Me ho ile ha etsahala hore Moea o re ho ’na: Sheba! ’Me ke ile ka sheba ’me ka bona sefate; ’me se ne se ts’oana le sefate seo ntate a ileng a se bona; ’me botle ba sona bo ne bo le hole hole, ee, ka ho fetisisa botle bohle; ’me bosoeu ba sona no ne bo feta bosoeu ba lehloa le khannoang.

9 ’Me ho ile ha etsahala hore kamora hore ke bone sefate, ke ile ka re ho Moea: Kea bona hore u mponts’itse sefate se bohlokoa ka holima tsohle.

10 ’Me o ile a re ho ’na: Ke eng seo u se lakatsang?

11 ’Me ke ile ka re ho eena: Ho tseba tlhaloso ea teng—hobane ke ile ka bua le eena joalo ka ha motho a bua; hobane ke ile ka bona hore o ne a na le sebopeho sa motho; hape le ha ho le joalo, ke ne ke tseba hore e ne e le Moea oa Morena; ’me o ne a bua le ’na joalo ka ha motho a bua le e mong.

12 ’Me ho ile ha etsahala hore a re ho ’na: Sheba! ’Me ke ile ka sheba joalo ka ha e ka ke ne ke sheba ho eena, ’me ha kea ka ka mo bona, hobane o ne a tlohile ponts’eng ea ka.

13 ’Me ho ile ha etsahala hore ke shebe ’me ka bona motse o moholo oa Jerusalema, ’me hape le metse e meng. ’Me ke ile ka bona motse oa Nasaretha, ’me ka hara motse oa Nasaretha ke ile ka bona moroetsana, ’me o ne a le motle ka ho fetisisa ’me a le motle a le mosoeu.

14 ’Me ho ile ha etsahala hore ke bone maholimo a phetleha; ’me lengeloi le ile la tla tlaase ’me la ema ka pele ho ’na; ’me a re ho ’na: Nefi, u bona eng?

15 ’Me ke ile ka re ho eena: Moroetsana, ea motle ka mokhoa o fetisang ’me ea motle ho feta baroetsana ba bang bohle.

16 ’Me o ile a re ho ’na: Na u tseba ho itheolela tlaase ha Molimo?

17 ’Me ke ile ka re ho eena: Kea tseba hore O rata bana ba hae, le ha ho le joalo, ha ke tsebe tlhaloso ea ntho tsohle.

18 ’Me o ile a re ho ’na: Bona, moroetsana eo u ’monang ke ’me’ oa Mor’a Molimo, ho latela ka ’mopo oa nama.

19 ’Me ho ile ha etsahala hore ke bone hore o ile a nkeloa hole ke Moea; ’me kamora hore a nkeloe hole ke Moea bakeng sa nako e itseng lengeloi le ile la bua le ’na, le re: Sheba!

20 ’Me ke ile ka sheba ’me ka bona moroetsana eo hape, a nkile ngoana ka liatleng tsa hae.

21 ’Me lengeloi la re ho ’na: Bona Konyana ea Molimo, ee, esita le Mor’a Ntate oa Bosafeleng! Na u tseba tlhaloso ea sefate seo ntat’ao a se boneng?

22 ’Me ke ile ka mo araba, ka re: Ee, ke lerato la Molimo, le its’ollang ho phatlalla ka hara lipelo tsa bana ba batho, ka baka leo, ke lona le lakatsehang ka ho fetisa holima ntho tsohle.

23 ’Me o ile a bua le ’na, a re: Ee, ’me le thabisang ka mokhoa o fetisang ho moea.

24 ’Me kamora hore a bue mantsoe ana, o ile a re ho ’na: Sheba! ’Me ke ile ka sheba ’me ka bona Mor’a Molimo a ea pele har’a bana ba batho; ’me ka bona ba bangata ba oela tlaase maotong a hae ’me ba mo khumamela.

25 ’Me ho ile ha etsahala hore ke bone hore thupa ea ts’epe, eo ntate a ileng a e bona, e ne e le lentsoe la Molimo, le isang selibeng sa metsi a kollang, kapa sefateng sa bophelo; metsi ao e leng ponts’o ea lerato la Molimo; ’me ke ile ka bona hape hore sefate sa bophelo e ne e le ponts’o ea lerato la Molimo.

26 ’Me lengeloi le ile la re ho ’na hape: Sheba ’me u bone ho itheolela tlaase ha Molimo!

27 ’Me ke ile ka sheba ’me ka bona Molopolli oa lefats’e, eo ntate a ileng a bua ka eena; ’me ke ile ka bona hape moporofeta ea tla tla lokisa tsela pele ho eena. ’Me Konyana ea Molimo ea ea pele ’me a kolobetsoa ke eena; ’me kamora hore a kolobetsoe, ke ile ka bona maholimo a phetleha, ’me Moea o Halalelang oa theohela tlaase ho tsoa leholimong ’me oa lula holima hae ka sebopeho sa leeba.

28 ’Me ke ile ka bona hore o ile a ea pele a ruta batho, ka matla le khanya e kholo; ’me bongata bo ile ba phutheha ha ’moho ho mo utloa; ’me ke ile ka bona hore ba ile ba mo lahlela kantle ho tsoa har’a bona.

29 ’Me ke ile ka bona hape ba bang ba leshome le metso e ’meli ba mo latela. ’Me ho ile ha etsahala hore ba nkeloe hole ke Moea kapele ho sefahleho sa ka, eaba ha ke sa ba bona.

30 ’Me ho ile ha etsahala hore lengeloi le bue ho ’na hape, la re: Sheba! ’Me ke ile ka sheba ’me ka bona maholimo a phetleha hape, ’me ke ile ka bona mangeloi a theohela tlaase ho bana ba batho, ’me a ile a ba sebeletsa.

31 ’Me o ile a bua le ’na hape, a re: Sheba! ’Me ke ile ka sheba, ’me ka bona Konyana ea Molimo a ea pele har’a bana ba batho. ’Me ke ile ka bona bongata ba batho ba neng ba kula, le ba neng ba hlokofatsoa ke mefuta eohle ea maloetse, le ke matemona le meea e lits’ila; ’me lengeloi le ile la bua le ho bonahatsa ntho tsena ho ’na. ’Me ba ile ba folisoa ka matla a Konyana ea Molimo; ’me matemona le meea e lits’ila ea lelekeloa kantle.

32 ’Me ho ile ha etsahala hore lengeloi le bue ho ’na hape, la re: Sheba! ’Me ke ile ka sheba ’me ka bona Konyana ea Molimo, hore O ile a nkoa ke batho; ee, Mor’a Molimo oa ka ho sa feleng o ile a ahloloa ke lefats’e; ’me ke ile ka bona ’me kea paka.

33 ’Me ’na, Nefi, ka bona hore o ile a phahamisetsoa holimo sefapanong ’me a bolaeloa libe tsa lefats’e.

34 ’Me kamora hore a bolaoe ke ile ka bona bongata ba lefats’e, hore ba ne ba phuthehile ha ’moho ho loana khahlanong le baapostola ba Konyana; hobane ke joana ba leshome le metso e ’meli ba neng ba bitsoa ke lengeloi la Morena.

35 ’Me bongata ba lefats’e bo ne bo phuthehile ha ’moho; ’me ke ile ka bona hore ba ne ba le ka har’a moaho o moholo o sephara, joalo ka moaho oo ntate a ileng a o bona. ’Me lengeloi la Morena le ile la bua ho ’na la re: Bona lefats’e le bohlale ba lona; ee, bona ntlo ea Israele e phuthehile hammoho ho loana khahlanong le baapostola ba leshome le metso e ’meli ba Konyana.

36 ’Me ho ile ha etsahala hore ke bone ’me kea paka, hore moaho o moholo o sephara e ne e le boikhohomoso ba lefats’e; ’me bo ile ba oela, ’me ho oela ha teng ho ne ho le hoholo ka ho fetisisa. ’Me lengeloi la Morena le ile la bua ho ’na hape la re: Ke joana ho tlang ho timetsoa ha lichaba tsohle, maloko, maleme, le batho, ba tla loana khahlanong le baapostola ba leshome le metso e ’meli ba Konyana.