Mangolo a halalelang
1 Nefi 10


Khaolo ea 10

Lehi o porofeta hore Ba-Juda ba tla nkoa e le bats’oaruoa ba ntoa ke Ba-Babilona—O bolela ka ho tla har’a Ba-Juda ha Messia, Mopholosi, Molopolli—Lehi o bolela ka ho tla ha eo a tlang ho kolobetsa konyana ea Molimo—Lehi o bolela ka lefu le ho tsoha bafung ha Messia—O bapisa ho qhalana le ho phutheha ha Israele le sefate sa mohloare—Nefi o bua ka Mor’a Molimo, Ka mpho ea Moea o Halalelang, le ka ho hlokeha ha ho loka. Ka bo 600–592 B.C.

1 ’Me joale ’na, Nefi, ke tsoelapele ho fana ka hlaloso ea litaba tsa ka holim’a matlapa a na, le puso ea ka le boruti; ka baka leo, ho tsoelapele ka hlaloso ea ka, ke ts’oanela ho bua hanyenyane ka litaba tsa ntate, ’me hape le ka bana b’eso.

2 Hobane bonang, ho ile ha etsahala hore kamora hore ntate a etse pheletso ea ho bua mantsoe a toro ea hae, ’me hape le ho ba eleletsa ho mafolofolo oohle, o ile a bua le bona ka Ba-Juda—

3 Hore kamora hore ba timetsoe, esita le motse oo o moholo oa Jerusalema, ’me ba bangata ba jaroe e le bats’oaruoa ho ea Babilona, ka ho ea ka nako ea teng ea Morena, ba tla khutla hape, ee, esita ba khutlisetsoe morao ho tsoa litlamong, ’me kamora hore ba khutlisetoe morao ho tsoa litlamong ba tla rua hape lefats’e la bona la bojalefa.

4 Ee, esita le lilemo tse makholo a ts’eletseng ho tloha nakong eo ntate a neng a tloha Jerusalema, Morena Molimo u tla phahamisa moporofeta har’a Ba-Juda—esita le Messia, kapa, ka mantsoe a mang, Mopholosi oa lefats’e.

5 ’Me o ile a bua hape ka baporofeta, ka moo bongata bo ileng ba paka ka litaba tsena, ka Messia enoa, eo a neng a buile ka eena, kapa Molopolli enoa oa lefats’e.

6 Ka baka leo, batho bohle ba ne ba le boemong ba tahleho le ho oa, ’me ba ne ba tla ba joalo ka ho sa feleng ntle le hore ba behe ts’epo ea bona ho Molopolli enoa.

7 ’Me o ile a bua hape ka moporofeta ea tla tla pele ho Messia, ho lokisa tsela ea Morena—

8 Ee, esita le hore o tla tla pele ’me a hooe lefeelleng: hlekang tsela ea Morena, ’me le etse litsela tsa hae li otlolohe; hobane ho eme e mong hara lona eo le sa mo tsebeng; ’me o matla ho mpheta, eo ke sa lokelang ho lokolla leqhoele la seeta sa hae. ’Me li ngata tseo ntate a li buileng ka ntho ena.

9 ’Me ntate o ile a re o tla kolobetsa Bethania, ka pele ho Jordane; ’me hape o ile a re o tla kolobetsa ka metsi; esita le hore o tla kolobetsa Messia ka metsi.

10 ’Me kamora hore a kolobetse Messia ka metsi, o tla bona ’me a pake hore o kolobelitse konyana ea Molimo, ea tla tlosa libe tsa lefats’e.

11 ’Me ho ile ha etsahala hore kamora hore ntate a bue mantsoe ana o ile a bua hape ho bana b’eso bakeng sa evangeli e tla rutoa hara Ba-Juda, ’me hape bakeng sa ho fella ha Ba-Juda liketsong tsa ho se lumele. ’Me kamora hore ba bolaee Messia, ea tla tla, ’me kamora hore a bolaoe o tla tsoha bafung, ’me o tla etsa hore eena a iponahatse, ka Moea o Halalelang, ho Balichaba.

12 Ee, esita ntate o ile a bua haholo bakeng sa Balichaba, ’me hape bakeng sa ntlo ea Israele, hore ba tla ts’oants’oa le sefate sa mohloare, seo makala a sona a tla robeha ’me a qhalane holim’a sefahleho sa lefats’e lohle.

13 Ka baka leo, o ile a re e ka khona hore re tle re tsamaisoe ka kutloano ho ea lefats’eng la pallo, ho phethahatsa lentsoe la Morena, hore re tla qhalana holima sefahleho sa lefats’e lohle.

14 ’Me kamora hore ntlo ea Israele e tle e qhalane ba tla bokelloa ha ’moho hape; kapa, ha ke phethela, kamora hore Balichaba ba amohele evangeli e feletseng, makala a tlhaho a sefate sa mohloare, kapa likarolo tse setseng tsa ntlo ea Israele, li enteloe teng, kapa ba tle tsebong ea Messia oa ’nete, Morena le Molopolli oa bona.

15 ’Me ke ka mokhoa ona oa puo oo ntate a ileng a porofeta ’me a bua ho bana b’eso, ’me hape le tse ling tse ngata ntho tseo ke sa li ngoleng bukeng eena; hobane ke ngotse bongata ba tsona ka ho ts’oaneleha ho ’na bukeng e ’ngoe ea ka.

16 ’Me ntho tsena kaofela, tseo ke buileng ka tsona, li entsoe ha ntate a ntse a lula ka tenteng, phuleng ea Lemuele.

17 ’Me ho ile ha etsahala kamora hore ’Na, Nefi, ka ha ke ne ke utloile mantsoe oohle a ntate, malebana le ntho tseo a ileng a li bona ka pono, ’me le ntho tse a ileng a li bua ka matla a Moea o Halaleng, e leng matla ao a a fumaneng ka tumelo ho Mor’a Molimo—’me Mor’a Molimo e ne e le Messia ea tla tla—’Na, Nefi, ke ne ke na le takatso hape hore nke ke bone, ’me ke utloe, ’me ke tsebe ntho tsena, ka matla a Moea o Halalelang, e leng mpho ea Molimo ho bohle ba mo batlang ka mafolofolo, joalo ka hantle linakong tsa khale le ka nako eo a tlang ho iponahatsa ka bo eena ho bana ba batho.

18 Hobane oa ts’oana maobane, kajeno, le ka ho sa feleng; ’me tsela e lokiselitsoe batho bohle ho tloha methehong ea lefats’e, ha ho ka etsahala hore ba bake ’me ba tle ho eena.

19 Hobane ea batlang ka mafolofolo o tla fumana; ’me ba tla manolleloa liphiri tsa Molimo, ka matla a Moea o Halalelang, joalo ka hantle linakong tsa kajeno joalo ka linakong tsa khale, joale ka hantle linakong tsa khale joalo ka linakong tse tlang; ka baka leo, tsela ea Morena ke pitikoe e le ngoe ea bosafeleng.

20 Ka hona hopola, Oho motho, bakeng sa liketso tsa hau tsohle u tla tlisoa kahlolong.

21 Ka baka leo, haeba le pheelletse ho etsa hampe matsatsing a lona a teko, mohlang oo le tla fumanoa le sa hloeka ka pela setulo sa kahlolo sa Molimo; ’me ha hona se sa hloekang se ka hlolang le Molimo; ka baka leo le tla tlameha ho lahleloa hole ka ho sa feleng.

22 ’Me Moea o Halalelang o fana ka tokelo ea hore ke bue ntho tsena, ’me ke se li latole.