“Khaolo ea 9: Lehae le Lecha Lefatśeng la Pallo,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 25–26
“Khaolo ea 9,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 25–26
Khaolo ea 9
Lehae le Lecha Lefatśeng la Pallo
Sekepe se neng se jarile lelapa la Lehi se ile sa ts´ela leoatle ´me sa fihla lefatśeng la pallo. Batho ba ile ba hloma litente tsa bona.
Ba ile ba hlophisa mobu ´me ba jala lipeo tseo ba neng ba tlile le tsona.
Ha ba ntse ba tsamaea lefats´eng la bona le lecha, ba ile ba fumana mefuta e mengata ea liphoofolo. Hape ba ile ba fumana khauta, selivera, le koporo.
Molimo o ile a bolella Nefi ho etsa matlapa a tśepe ho ngola ho oona. Nefi o ile a ngola ka lelapa labo le maeto a bona. A boela a ngola le mantsoe a Molimo.
Lehi a tsofala. Pele a shoa o ile a bua le bara ba hae ´me a ba bolella ho mamela melao ea Molimo. A boela a hlohonolofatsa litloholo tsa hae.
Kamorao ho hore Lehi a shoe Lamane le Lemuele ba ile ba halefela Nefi ´me ba batla ho mo bolaea. Ba ne ba sa rate ha moena oa bona Nefi, eba moetapele oa bona.
Morena a bolella Nefi ho etella pele batho ba neng ba lokile ho ea lefelleng. Ba ile ba tsamaea matsatsi a mangata ´me qetellong ba fihla lefatśeng leo ba ileng ba le reha Nefi.
Batho ba ileng ba latela Nefi ba ne ba mamela Molimo. Ba ne ba sebetsa ka thata ´me ba ile ba hlohonolofatsoa. Nefi o ile a ruta batho ba habo ho aha ka lifate le tśepe. Ba ile ba aha tempele e ntle.
Balateli ba Lamane le Lemuele ba ile ba bitsoa Ba-Lamane.
Ba-Lamane ha ba ka ba mamela Molimo ´me ba khaola ho tloha pontśeng ea hae. Moea oa Morena o ne o ke ke oa ba le bona ho fihlela ba baka.
2 Nefi 5:20; Ethere 2:15
Ba-Lamane ba ne ba tletse bobe ´me hangata ba loantśa Ba-Nefi.