“Khaolo ea 5: Ho Tsamaea lefelleng” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 13–15
“Khaolo ea 5,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 13–15
Khaolo ea 5
Ho Tsamaea Lefelleng
Morena o ne a batla bara ba Lehi hore ba fumane balekane ba tlang ho ruta bana ba bona evangeli. O ile a bolella Lehi hore a rome bara ba hae Jerusalema ho ea lata lelapa la Ishmaele.
Nefi le baholoane ba hae ba ile ba khutlela Jerusalema. Ba ile ba bolella Ishmaele seo Morena a neng a batla hore a se etse. Ishmaele o ile a ba kholoa, ´me eena le lelapa la hae ba ile ba tsamaea le bara ba Lehi.
Ha ba ntse ba tsamaea lefelleng, Lamane le Lemuele le ba bang ba lelapa la Ishmaele ba halefa. Ba ne ba batla ho khutlela Jerusalema.
Nefi o ile a hopotsa Lamane le Lemuele ka tsohle tseo Morena a ba etselitseng tsona. A ba bolella hore ba be le tumelo e kholo. Ba ile ba halefela Nefi empa ba se ke ba khutlela Jerusalema.
Nefi, baholoane ba hae, le Zorame hamorao ba ile ba nyala barali ba Ishmaele.
Morena o ile a bolella Lehi ho tsoela pele ka leeto la hae. Letsatsi le hlahlamang Lehi o ile a fumana bolo ea borase e bitsoang Liahona ka ntle ho tente ea hae. E ne e supa tsela eo ba tlang ho tsamaea ka eona lefelleng.
Lelapa la Lehi le ile la bokella lijo ´me ba phutha litente tsa bona. Ba tsamaile thoteng matsatsi a mangata, ba latela tsela e neng e bontśoa ke Liahona.
Nefi le baholoane ba hae ba ne ba sebelisa metsu le liqha ho tsoma lijo ha ba ntse ba tsamaea.
Seqha sa tśepe sa Nefi se ile sa robeha, `me tsa baholoane ba hae tsa lahleheloa ke matla. Baholoane ba hae ba ne ba sa bolaee liphoofolo, ´me bohle ba ne ba lapile. Lamane le Lemuele ba ne ba halefile.
Nefi o ile a etsa seqha sa thupa ´me a botsa ntata´e hore a ilo tsoma kae. Lehi o ile a fumana tsela ho Liahona. Nefi o ile a latela tsela eo ´me a fumana liphoofolo tse ling.
Liahona e ne e sebetsa ha feela lelapa la Lehi le ne le na le tumelo, le tiiselitse ´me le mamela.
Nefi o ile a khutla le liphoofolo tseo a ileng a li fumana. Bohle ba ne ba thabetse ho fumana lijo. Ba ne ba soabetse ho ba le khalefo, ´me ba ile ba leboha Molimo ka ho ba hlohonolofatsa.
Leeto leo le ne le se bonolo. Ha ngata lelapa la Lehi le ne le khathetse, le lapile, le nyoriloe. Ishmaele o ile a shoa ´me barali ba hae ba ne ba hloname. Ba ile ba komakoma khahlanong le Lehi.
Lamane le Lemuele le bona ba komakoma. Ba ne ba sa lumele hore Morena o buile le Nefi. Ba ne ba batla ho bolaea Lehi le Nefi ´me ba khutlele Jerusalema.
Lentsoe la Morena le ile la bua le Lamane le Lemuele. La ba bolella hore ba se ke ba halefela Lehi le Nefi. Lamane le Lemuele ba ile ba baka.
Lelapa la Lehi le ile la tsoela pele ka leeto la bona le boima. Molimo O ile a ba thusa ´me a ba matlafatsa. Bana ba ile ba tsoaloa. Lehi le Saria ba ile ba ba le bara ba bang, ba bitsoang Jakobo le Josefa.
Kamora hore ba tsamaee lefelleng lilemo tse robeli, ba ile ba fihla lebopong la leoatle. Ba ile ba fumana litholoana le mahe a linotśi. Ba ile ba reha sebaka seo Nala.