“Khaolo ea 47: Jesu Kreste o Hlohonolofatsa Barutuoa Ba Hae,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 131–33
“Khaolo ea 47,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 131–33
Khaolo ea 47
Jesu Kreste o Hlohonolofatsa Barutuoa Ba Hae
Ka letsatsi le leng ha barutuoa ba le ´moho ba itima le ho rapela, Jesu Kreste o ile a fihla ho bona.
3 Nefi 27:1 - 2
Barutuoa ba ile ba mo botsa hore na ba rehe Kereke lebitso lefe. Jesu a re e ts´oanetse e rehelloe ka eena hobane e ne e le Kereke ea hae.
3 Nefi 27:3, 7
Jesu o ile a hlalosetsa barutuoa ba hae hore Ntate ea Maholimong o mo rometse lefats´eng ho tla fana ka bophelo ba hae ho batho bohle.
3 Nefi 27:14
O ile a re e mong le e mong ea bakang, a kolobetsoa ka lebitso la hae, ´me a mamela litaelo tsa hae o tla nkoa a se molato ka pele ho Ntate ea Maholimong.
3 Nefi 27:16
Mopholosi o ile a bolella barutuoa ba hae ho etsa lintho tseo ba boneng a li etsa. O ne a ba sietse mohlala.
3 Nefi 27:21
O ile a boela a ba bolella ho ngola fats´e tseo ba li boneng le ho li utloa hore ba bang ba tle ba li tsebe.
3 Nefi 27:23 - 25
Jesu o ile a botsa barutuoa ba hae seo ba ka se ratang ho tsoa ho eena. Ba robong ba ile ba batla ho ba le eena kamorao ho hore maphelo a bona a fele.
3 Nefi 28:1 - 2
Jesu o ile a ba ts´episa hore ha ba le lilemo tse 72, ba tla leba ho eena maholimong.
3 Nefi 28:3
Ba bang ba bararo ba ba barutuoa ba ne ba ts´aba ho kopa seo ba neng ba se batla, empa Jesu o ne a tseba. Ba na ba batla ho phela lefats´eng ba ruta evangeli ho fihlela Jesu a etla hape.
3 Nefi 28:5 – 6, 9
Mopholosi o ile a ba ts´episa hore ba ke ke ba utloa bohloko kapa ho hlonama ´me ha ba na ho shoa. Ba tla ruta batho evangeli ho fihlela a khutla.
3 Nefi 28:7 - 9
Jesu o ile a ts´oara morutuoa ka mong ntle le ba bararo ba neng ba tlilo sala lefats´eng. Eaba o oa tsamaea.
3 Nefi 28:12
Barutuoa ba bararo ba ile ba nkeloa maholimong, moo ba ileng ba bona le ho utloa lintho tse ngata tse khahlisang. Ba ile ba khona ho eba le kutloisiso e betere ea lintho tsa Molimo.
3 Nefi 28:13, 15
´Mele ea bona e ile ea fetoloa hore ba se ke ba shoa.
3 Nefi 28:15
Barutuoa ba bararo ba ile ba khutlela lefats´eng ´me ba qala ho ruta le ho kolobetsa.
3 Nefi 28:16, 18
Ba-Nefi ba khopo ba ile ba ba akhela chankaneng le mekoting e tebileng, empa matla a Molimo a ile a ba thusa ho pholoha.
3 Nefi 28:19 - 20
Ha ba ne ba sutumeletsoa ka lipobing tsa mollo le ka mameneng a liphoofolo tse hlaha, Ba ne ba sireletsoa ke matla a Molimo.
3 Nefi 28:21 - 22
Barutuoa ba bararo ba ile ba tsoela pele ho ruta evangeli ea Jesu Kreste ho Ba-Nefi. Ba ntse ba ruta evangeli ea hae le ha joale.
3 Nefi 28:23, 27 - 29