“Khaolo ea 10: Enose,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 27–29
“Khaolo 11,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 30–31
Khaolo ea 11
Enose
Enose e ne e le mora oa Jakobo. O ile a boloka matlapa ´me a ngola ho ona kamora ho shoa ha ntata´e.
Ka latsatsi le leng Enose o ne a ntse a tsoma ka morung. O ile a nahana ka lithuto tsa Ntata´e ´me o ne a batla tśoarelo ea libe tsa hae.
Enose o ile a khumama ´me a rapela ho Molimo. O ile a rapela letsatsi lohle ´me o ne a ntse a rapela ha bosiu bo fihla.
Molimo o ile a bolella Enose hore ka lebaka la tumelo ea hae ho Jesu Kreste, libe tsa hae li tśoaretsoe.
Enose joale o ne a batla hore Morena a hlohonolofatse Ba-Nefi. O ile a ba rapella, ´me Morena a re o tla ba hlohonolofatsa ha ba mamela litaelo tsa hae.
Enose o ne a batla hape hore Morena a hlohonolofatse Ba-Lamane. O ile a rapela ka tumelo e kholo, ´me Morena o ile a mo tśepisa hore o tla etsa seo Enose a se kopileng.
Le ha Ba-Lamane ba ne ba loantśa Ba-Nefi ´me ba leka ho timetsa lingoliloeng tsa bona, Enose o ile a rapella hore ba tle ba fetohe batho ba lokileng.
Enose o ile a rapella hore lingoliloeng tseo a li bolokileng li tle li bolokehe. Morena o ile a tśepisa hore o tla fa Ba-Lamane lithuto tse neng li le ho lingoliloeng tseo.
Enose o ile a ruta Ba-Nefi. O ne a batla ba lumele ho Molimo ´me ba boloke litaelo tsa hae.
Ba-Nefi ba ile ba leka ho ruta evangeli ho Ba-Lamane, empa ba ne ba sa mamele. Ba-Lamane ba ne ba hloile Ba-Nefi.
Enose o phetse bophelo ba hae a ruta batho ka Jesu le ka evangeli. O sebelelitse Molimo ´me a mo rata matsatsi ohle a bophelo ba hae.