“Khaolo ea 1: Re fumane Buka ea Mormone joang,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 2–4
“Khaolo ea 1,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 2–4
Khaolo ea 1
Re fumane Buka ea Mormone joang
Ha Joseph Smith a le lilemo li 14, likereke tse ngata li ne li tseka hore ke tsa ´nete, ´me o ne a sa tsebe hore a kene efe.
Joseph Smith—nalane1:5–10
Ka letsatsi le leng Joseph o ile a bala Jakobo 1:5 ka har´a Bibele:” Ha e mong ho lona a hloka bohlale, a bo kope ho Molimo” Joseph o ne a hloka ho tseba hore na ke kereke efe e nepahetseng, ´me o ile a etsa qeto ea ho botsa Molimo.
Joseph Smith-Nalane1:11-13
Hoseng ho hong ka nako ea selemo Joseph a leba morung o neng o le haufi le lehae la hae ho ea rapela.
Joseph Smith-Nalane1:14
Ha a khumame a se a qalile ho rapela, Satane a leka ho mo thiba. Joseph a rapela ka thata, a kopa thuso ho Ntate ea Maholimong.
Joseph Smith-Nalane1:15-16
Ntate ea Maholimong le Jesu Kreste ba itlhahisa ho Joseph ka har´a khanya. Ntate ea Maholimong a supa Jesu a re: “Enoa Ke Mora oa Ka Ea Ratoang. Mo utloe!”
Joseph Smith—Nalane1:16–17
Joseph a botsa hore na a kene kereke efe. Jesu a re ho eena a se kene efe kapa efe ea tsona hobane tsohle li ne li fosahetse.
Joseph Smith-Nalane1:18-19
Ha Joseph Smith a bolella batho ka seo a se boneng le ho se utloa, ba ile ba mo tśeha. Baetapele ba likereke tsa lehae ba ile ba mo phelisa habohloko.
Joseph Smith -Nalane 1:21 - 22
Lilemo tse tharo li ile tsa feta. Bosiung bo bong Joseph o ne a rapella tśoarelo ea libe tsa hae le ho tseba hore ke eng seo a tśoanetseng ho se etsa.
Joseph Smith - Nalane 1:29
Lengeloi le bitsoang Moroni la itlhahisa ´me la bolella Joseph ka buka e ngotsoeng matlapeng a khauta. Joseph o ne a tlo fetolela matlapa ana ho Sekhooa.
Joseph Smith -Nalane 1:33 - 35
Kamora hore Moroni a tsamaee, Joseph o ile a nahana ka tseo Moroni a mo boleletseng tsona. Moroni o khutlile makhetlo a mang a mabeli bosiung boo.
Joseph Smith - Nalane 1:44 -47
Letsatsing le hlahlamang Joseph a ea ka holima leralla la Kumora, leo a neng a le bone ponong. A fumana lefika le leholo. A phahamisa lefika leo ka thupa.
Joseph Smith - Nalane 1:50 - 52
Tlasa lefika ho ne ho ena le lebokose la lejoe. Ha Joseph a sheba ka hare ho lebokose, a bona matlapa a khauta.
Joseph Smith - Nalane 1:51 - 52
Moroni a itlhahisa ´me a bolella Joseph hore a se ke a nka matlapa empa a khutle ka lona letsatsi le tśoanang selemo se seng le se seng ka lilemo tse nne. Nako eohle ha Joseph a ile, Moroni o ne a mo ruta.
Joseph Smith - Nalane 1:53 - 54
Kamora lilemo tse ´ne Joseph o ile a lumelloa ho nka matlapa a khauta. O sebelisitse Urim le Thummim ho fetolela a mang a oona.
Joseph Smith - Nalane 1:59, 62
Bangoli ba thusitse Joseph Smith ka ho ngola mantsoe ha a ntse a a fetolela ho tsoa matlapeng a khauta.
Joseph Smith - Nalane 1:67
Joseph o ile a nka mantsoe a fetoletsoeng a a isa ho mohatisi ´me a hatisoa a etsoa buka.
Nalane ea Kereke 1:71
Buka ena e bitsoa Buka ea Mormone. E bolela ka batho ba phetseng Amerika ilemong tse ngata tse fetileng. E boetse e bolela ka Jesu Kreste, Mora oa Molimo.