“Mantsiboea Lapeng ke Eng?” Liahona, Phato 2022
Molaetsa oa khoeli Liahona, Phato 2022
Mantsiboea Lapeng ke Eng?
Mantsiboea lapeng ke nako e tśoauoeng hara beke bakeng sa lelapa la hau ho bokana. Nakong ena, le ka “ithuta evangeli, la matlafatsa mapaki, la aha likamano, ´me la thaba ´moho”(General Handbook: Serving in The Church of Jesus Christ of Latter-day Saints2.2.4, ChurchofJesusChrist.org). Mantsiboea lapeng e shebahala ka ho fapana lelapeng ka leng. Empa sepheo ke ho sebelisa nako ena ho atamelana le ho atamela Mopholosi.
Boitokisetso
Nahana ka papali eo lelapa la hau le e thabaelang le thuto ea evangeli eo u ka ratang ho buoa le ho ithuta ka eona ´moho. Hape, khetha letsatsi le nako ea beke eo boholo kapa kaofela litho tsa lelapa li ka kopanang. Kereke e khothalletsa litho ho tśoara mantsiboea lapeng ka bosiu ba ´Mantaha. Empa malapa a ka kopana ka nako e nepahetseng ho bona.
Thapelo
Malapa a mangata a qala le ho koala mantsiboea lapeng ka thapelo. Sena se mema Moea o Halalelang ka hare ho malapa a bona. Mantsiboea lapeng ke nako ea bohlokoa ho bana le batho ba baholo ho ithuta ho rapela ka hara sehlopha se senyane.
´Mino
Malapa a mangata hape a ba le pina e bulang le e koalang. Ha ngata ba khetha pina ka hare ho lifela kapa buka ea bana ea lipina. Kereke e na le lifela tse hatisitsoeng pianong ho music.ChurchofJesusChrist.org. Hape u ka shebella livideo tsa sehlopha sa Tabernacle Temple Square. Ho bina ka nako ea mantsiboea lapeng ho thusa litho ho ithuta lifela tse binoang kerekeng.
Thuto
Kereke e na le lisebelisoa tse ngata tse ka thusang ho etsa mantsiboea lapeng. U ka nka metsotso e fokolang ho bala le ho buisana ka sehlooho ho tsoa ho Liahona, Motsoalle, kapa Bakeng sa Matlafalo ea Bacha. Ena e ka ba nako ea ho shebella le ho buisana ka livideo tsa Kereke. Kapa u ka bala puo ea seboka se akaretsang, oa bala mangolo a halalelang, kapa la buisana ka palo ea beke ea Tlohong, le Ntatele.
Ho kenya letsoho ka lapeng
Bana ba ka nka karolo mantsiboea lapeng. Baka thusa ho rala lipapali, ho rapela, kapa ho khetha le ho phokola lipina. Baka boela ba ruta lithuto. Pele ho mantsiboea lapeng, u ka thusa ngoana oa hau ho bala pale ka hare ho makasine oa Motsoalle kapa pale ea lengolo le halalelang eo ba e ratang. ´Me ngoana a ka qoqa ka pale eo ho lelapa e le thuto. Bana ba bangata hape ba rata ho tśoantśisa lipale ka nako ea mantsiboea lapeng Lumella bana ba baholo ho rala thuto kapa ba khethe puo ea seboka se akaretsang eo ba ka ratang ho e bala. ´Me u ba tlohele ho etella pele puisano.
Liketsahalo
Lelapa la ka le rata ho etsa liketsahalo e le karolo ea mantsiboea lapeng. Liketsahalo tsa ka tlung li ka kenyelletsa ho bapala lipapali, mesebetsi ea matsoho, kapa ho pheha ´moho.
Bakeng sa liketsahalo tsa ka ntle u ka tsamaea, oa hloa lithaba, kapa la bapala papali ka ntle ´moho. Fumana ketsahalo eo litho tsohle tsa lelapa li ka e etsang, ´me li be le thabo ´moho. Qoba tlholisano e ka balehisang moea o halalelang.
Tśebeletso
Mantsiboea lapeng ke nako ea bohlokoa ba keng sa malapa ho sebeletsana. U ka thusa maqheku a bahaisane, oa fepa bahloki, oa ngolla barumuoa ba boruti lichabeng kapa oa hleka bohlasoa, ele mohlala.
© 2022 by Intellectual Reserve, Inc. All rights reserved. E hatisitsoe USA. Tumello ea Sekhooa: 6/19. Tumello ea phetolelo: 6/19. Phetolelo ea Monthly Liahona Message, Phato 2022. Sesotho. 18316 739