Molaetsa oa khoeli Bakeng sa Matlafalo ea Bacha Tlhakubele 2025
Re phela joang lefats′eng le “ho behella ka thoko lintho tsa lefats′e le”?
Barutuoa Bao A Ba Khethileng, ka Casey Childs
Morena o itse, “Le tla behella ka thoko lintho tsa lefats´e lena, ´me le batle lintho tsa tsa tse molemo” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 25:10). Sena ha se bolele hore re iphapanyetsa litlhoko tsa rona tsa nama le tsa lintho tse bonahalang, empa ho bolela hore ha re behe lipelo tsa rona maruong, matleng, maemong, kapa ho amoheloa ke lefats´e. Melaoana e meng eo re e rutiloeng mabapi le ho phela lefats´eng ke ena:
Beha lintho tsa Molimo pele. “Le batle pele ´muso oa Molimo le ho loka ha hae” (Mattheu 6:33). Lipelong tsa rona le bophelong ba rona, li taelo tsa Molimo le lilekane tsa rona le eena ke tsona tsa pele ho rona.
Batla ho ithuta “Ha u ntse u ithuta ka lefats´e le u potileng, ithute hape ka Mopholosi. … Ha u ntse u ithuta haholoanyane, u ka thusa haholoanyane ho aha ´muso oa Molimo le ho susumetsa lefats´e bakeng sa botle” (Bakeng sa Matlafalo ea Bacha: Tataiso Bakeng sa ho etsa Likhetho [2022], 31, 32).
Mosebetsi “Mosebetsi ke motheo oa bohlokoa oa evangeli O matlafatsa kholo le ho re nts´etsa pele. … Morena ha a batle feela hore re hlokomele ba malapa a rōna empa ho phathahana ka tjantjello mosebetsing o molemo’ [Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 58:27]” (“Employment,” Topics and Questions, Gospel Library).
© 2025 by Intellectual Reserve, Inc. All rights reserved. E hatisitsoe USA. Tumello ea Senyesemane: 6/19. Tumello ea Phetolelo: 6/19. Phetholelo ea Monthly For the Strength of Youth Message, Tlhakubele 2025. South Sotho. 19628 739