Molaetsa oa khoeli Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha Hlakola 2025
Thuso e hlahang Mohloling o Phethahetseng
Ho sa tsotellehe mathata ao u tobenang le oona, Jesu Kreste o tla u thusa ha u tla ho Eena.
The Pattern[Mohlala], ka Jeanette Bourup
Ka nako e ´ngoe kapa tse ling bohle re hloka thuso. Ka nako e ´ngoe ke e ngata thuso. ´Nete ke hore, bophelo bo tsameea ha molemo haholo hau sa leke ho tsamaea u le mong.
Jesu Kreste ke mohloli o phethahetseng oa thuso, ts´epo, le matla. A ka u thusa ho u fetola ho ba molemo—mohlomong le ka litsela tse ling tseo u neng u sa nahane hore li ka khoneha.
Ho Fetoha ha Pelo
Na u kile oa rapela hore Molimo a nolofatse lipelo tsa lira tsa hau? Haeba ho joalo, u tseleng e lokileng (bona 3 Nefi 12:44; Moroni 7:48). Le haeba ha u na lira joaloka ka tsela eo ea Buka ea Mormone (u tseba, lira li hlometseng ka libetsa ´me li lokile ho hlasela), mohlomong o rapetse hore Molimo a nolofatse pelo ea motho e mong ea neng a sa u ts´oara hantle.
Empa na u kile ua rapella hore Molimo a nolofatse pelo ea hau? Mohlomong u utloa ho le thata ho ts´oarela e mong. Kapa u teneha joalo-joalo, le ha u sa batle. Kapa u batla ho ba le mosa ho bana beno ho sa tsotelle taba ea hore ba tena ka nako e ´ngoe.
“[Jesu Kreste] o tla fetola pelo ea hau le bophelo ba hau. Hanyane ka hanyane, u tla hola ´me u ts´oane le Eena. Khokahano ea hau ea selekane le Eena e tla u tlisetsa phihlello e kholo ho matla a Hae” (Bakeng sa Matlafalo ea Bacha; Tataiso ea Ho etsa Likhetho [2022], 8, khatiso e ekelitsoe).
Na hoo ha se ts´episo e kholo? Ho sa tsotellehe na u na le mathata a fe, le haekaba ke pelo ea hau, Jesu Kreste a ka thusa. U ka fetohela ho Eena joang?
© 2024 by Intellectual Reserve, Inc. All rights reserved. E hatisitsoe USA. Tumello ea Senyesemane: 6/19. Tumello ea Phetolelo: 6/19. Phetholelo ea Molaetsa oa khoeli Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha Hlakola 2025.. South Sotho. 19621 739