“Na Ke Phela “Ka Mokhoa oa Thabo”?,” Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha, Hlakola 2024.
Molaetsa oa khoeli Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha Hlakola 2023
2 Nefi 5
Na Ke Phela “Ka Mokhoa oa Thabo”?
Ena ke mehopolo e meng ea ho phela ka tsela eo Nefi a itseng sechaba sa hae se ne se phela ka eona.
Sets´oants´o ka Alyssa Gonzalez
Nakoana kamor´a kahohano le Balamane, Nefi o itse sechaba sa hae se ne se phela “ka mokhoa oa thabo” (2 Nefi 5:27). Ho nahana hore hone ho na le sehlopha se seng sa batho ba neng ba batla ho ba bolaea (bona 2 Nefi 5:1–6, 14), seo se ka makatsa. Ke mang ea ka thabang maemong a joalo?
Ea pele, hlokomela hore re ne re “phela ka mokhoa oa thabo” ha ho bolele hore Mo-Nefi e mong le e mong o ne a thabile nako eohle.” Ho bolela hore ba ne ba phela ka tsela e ′ngoe, ba etsa lintho tse ling, tseo ka kakaretso li neng li isa thabong. Ka kakaretso, ho sa tsotellehe liqholotso, ene e le nako ea thabo.
Joale “mokhoa oa thabo.”ke eng? Re ka o qopitsa joang maphelong a rona, a nang le liqholotso? Ha re shebe!
-
Eba le mamello ′Me re ile ra leka ho boloka … le litaelo tsa Morena (2 Nefi 5:10).
Ho phela evangeli ke mohato oa 1. U ka thaba nakoana sebeng, empa ha ho ise kae. Ho se mamele Molimo ka maikemisetso ha se “mokhoa oa thabo” (bona Alma 41:10).
-
Batla mangolo a halalelang. “´Me, ´na, Nefi, … ke ne ke tlile le lingoliloeng tse neng li ngotsoe holima matlapa a ts´epe e khubelu;(2 Nefi 5:12). “Ra… li lekola eaba re fumana li laba-labeha; ee, esita tsa boleng bo boholo ho rona” (1 Nefi 5:21).
Sechaba sa Nefi se ne na le mangolo a halalelang. ´Me ha ba ea ka ba ba le tsona feela—ba ile ba li batla.
-
Mamela baetapele ba susumelitsoeng. “Na, Nefi, ke hlohonolofalitse Jakobo le Josefa, hore e be baprista le baruti holim´a … sechaba sa ka” (2 Nefi 5:26).
Baruti ba na ba ne ba sebelisa mangolo a halalelang ho ba tataisa (bona 2 Nefi 4:15; 6:4).
-
E eang tempeleng (le libakeng tse ling tse halalelang). “′Me ’na, Nefi, ke ile ka aha tempele;(2 Nefi 5:16).
Ho bohlokoa ho ba le libaka tse halalelang joalo ka matlo a likopano le litempele bakeng sa barutuoa ho bokana le ho khumamela. (Re ka nahana hore Ba-Nefi ba ne ba se na feela temepele—ba ne ba e sebelisa.) Ha u sa ee temepeleng ka bo uena, u ka etsa mosebetsi oa nalane ea lelapa.
-
E ba mafolofolo. Ke ile ka ruta sechaba saka ho aha meaho, le hosebetsa … Ke ile ka etsa hore sechaba saka se be mafolofolo, le ho sebetsa ka matsoho a bona (2 Nefi 5:15, 17).
Karolo ea “mokhoa oa thabo” ke hore u be le seo u se etsang! Ho abeloa, mosebetsi, boikarabelo—se seng se u fang ho tsepama le sepheeo (le nako e nepahetseng ea ho phomola). Ho thata ho thaba ha u hlorile ka linako tsohle.
Na u ka re hajoale u phela ka mokhoa oa thabo? Haeba ha ho joalo, mohlala oa Nefi o ka u fa mehopolo ea hore na u ka ntlafala joang.
© 2023 by Intellectual Reserve, Inc. All rights reserved. E hatisitsoe USA. Tumello ea Sekhooa: 6/19. Tumello ea Phetolelo: 6/19. Phetholelo ea Molaetsa oa khoeli Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha Hlakola 2024. Language. 19276 739