Bakeng sa Matlafalo ea Bacha
Ke Morutuoa oa Jesu Kreste
Pherekhong 2024


“Ke Morutuoa oa Jesu Kreste,” Bakeng sa Matlafalo ea Bacha, Pherekhong. 2024.

Molaetsa oa khoeli le khoeli Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha, Pherekhong 2024

Ke Morutuoa oa Jesu Kreste

U ka latela Mopholosi le ho hasa lentsoe la Hae ho ba bang.

Setśoantśo
Lets´oao la Mohoo oa Bacha la 2024

Na u kile oa ipotsa hore na ke hobaneng, kamor´a ho folisa batho, Jesu a ne a bolella ba bang ba bona ho se bolelle batho ba bang (bona Mareka 7:36)? Lebaka e ka ´na ea eba mofuta oa balateli bao A neng a ba hloka. U ne u ka nahana hore ha batho ba ne ba ka bua ka lipholiso tsa bona e ne e tla ba tsela e ntle ea hore Jesu a hohele balateli. Leha ho le joalo, Jesu o ne a sa hloke balateli feela. O ne a hloka barutuoa.

Jesu a re ho Petrose le Andrease, “Ntateleng” (Mattheu 4:19). Phetolelo ea Joseph Smith ea temana ena e baleha tjena, “Ke ´na eo ho ngotsoeng ka eena ke baporofeta; ntateleng” (Phetolelo ea Joseph Smith, Mattheu 4:18 [ho Mattheu 4:19, mongolo oa tlase leqepheng a]). Memo e ne e se ho ba le Eena nakoana. O ne a batla hore e be barutuoa ba Hae ka hosafeleng.

O ne a sa batle feela hore ba Mo shebelle ha a ruta batho, A rata batho, le ho etsa mehlolo. O ne a batla hore le bona ba etse se ts´oanang. O ne a batla hore mosebetsi oa Hae e be mosebetsi oa bona. Ho khetha Kreste ho ne ho bolela hore ba tla ithuta ho sebeletsa joaloka ha ne a A sebeletsa le ho nahana joaloka ha A ne a nahana. Ba ne ba tla itloaetsa ho phela kamoo A neng a phela kateng, ´me O ne A tla ba ruta le ho ba fa thuso eo ba e hlokang hore ba ts´oane le Eena haholoanyane.

Setśoantśo
Jesu Kreste

Lentsoe la Segerike le bolelang morutuoa ke mathetes. Le bolela ho feta molateli kapa moithuti. Hangata le fetoleloa e le moithuti ka mosebetsi. Mehleng ea Kreste, ka tloaelo barutuoa ba ne ba khetha monghali eo ba neng ba batla ho ithuta ho eena ka mohopolo oa hore e tla ba benghali le bona. Kreste ha a ka a latela mokhoa o tloaelehileng. A e fetola ´me a batla barutuoa ba Hae. Kajeno, Kreste O re bitsetsa ho tla ho Eena. O re bitsa hore re be barutuoa ba Hae le ho phatlalatsa lentsoe la Hae har´a batho ba Hae e le hore ba tle ba be le bophelo bo sa feleng (bona 3 Nefi 5:13).

Moroetsana e mong oa Haiti sebakeng sa Caribbean o ile a bonts´a takatso ea hae ea ho ba morutuoa oa Kreste ka ho memela motsoalle oa hae eo e neng e se setho sa Kereke ho tla le eena sebokeng sa FSY. Qalong ntate oa motsoalle oa hae o ne a sa batle ho lumella morali oa hae hore a tsamaee. Baetapele ba kereke ba ile ba hlalosa ka boikutlo bo monate bo neng bo mo emetse le baeletsi ba bacha ba babatsehang ba neng ba tla be ba mo hlokometse. Ntate o ile a lumella morali oa hae hore a be teng, ´me kamor´a ho bona phetoho eo sena se e entseng bophelong ba hae, o ile a boela hape a mo fa tumello ea ho ea likopanong tsa Kereke ´me—likhoeli tse ts´eletseng hamorao—a kolobetsoa.

Mohlankana e mong oa Argentina, Amerika Boroa, o ile a bonts´a takatso ea hae ea ho ba morutuoa oa Kreste ka ho arolelana pompong ea hae le motsoalle oa hae ha ba ntse ba palame bese ho ea sekolong. Ha a fihla karolong ea tatso ea kofi, o ile a hlalosa hore ha ho le ka mohla a kileng a latsoa tatso eo kaha ho ne ho se motho lelapeng la hae ea noang kofi. Seo se ile sa lebisa puisanong ka Kereke, e ileng ea lebisa memong ea ho tla likopanong, tse ileng tsa qetella li entse hore motsoalle oa hae a kene Kereke le ho sebeletsa e le morumuoa oa boruti lichabeng naheng ea Chile.

Ha se motho e mong le e mong eo u buang le eena ka Kereke kapa o mo memelang ketsahalong ea Kereke ea tla batla ho kena. Ho lokile. Ha se bohle bao Kreste a buileng le bona nakong ea bosebeletsi ba Hae lefats´eng ba ileng ba kena le bona. Leha ho le joalo, ha re khetha ho ba barutuoa ba Jesu Kreste le ho phatlalatsa lentsoe la Hae, O tla re fa sebete le thuso ea bomolimo. Re tla ithuta ho ba joaloka Eena haholoanyane, ´me ke seo barutuoa ba se etsang.