“Moporofeta Esaia,” Motsoalle Ts’itoe 2026, 46-47
Molaetsa oa Khoeli Motsoalle Ts´itoe 2026
Moporofeta Esaia
Ka letsatsi le leng ka tempeleng, Morena o ile a bitsa Esaia ho ba moporofeta. Esaia o ne a rata batho ebile a ba ruta ka ho tla ha Jesu Kreste.
Esaia o ile a ithuta hore Jesu Kreste o tla tla ka letsatsi le leng ho pholosa batho ba hae sebeng. Empa ha se e mong le e mong ea neng a tla mo bona e le Mopholosi oa bona. Esaia o ne a koatile hobane o ne a tseba hore batho ba bangata ba ke ke ba lumela ho Jesu.
Esaia o ile a boela a porofeta ka Ho tla ha Jesu Kreste Lekhetlo la Bobeli. Ka letsatsi le leng o ne a tla khutla ‘me e be Morena oa lefats’e lohle. O ne a tla phethahatsa morero oa Ntat’ae ka ho tlisa mosa le khotso ka ho sa feleng. Esaia o ile a bolela hore motho e mong le e mong o ne a tla tseba hore Jesu Kreste ke Mopholosi.
Leqephe la ho Taka
Jesu Kreste O Hlahetse Bethlehema
Lits’oants’o ka Audrey Day. Li ka kopitsoa bakeng sa ts’ebeliso ea kereke feela.
U ka keteka tsoalo ea Mopholosi joang?
© 2026 by Intellectual Reserve, Inc. All rights reserved. E hatisitsoe USA Tumello ea Sekhooa: 6/19. Tumello ea Phetolelo: 6/19. Phetholelo ea Monthly Friend Message, Ts’itoe 2026. Sotho (Southern). 20036 739