“Ho Bolokeha Ka Har’a Mollo,” Motsoalle, Mphalane. 2026, 46–48.
Molaetsa oa Khoeli le Khoeli Motsoalle Mphalane, 2026
Ho Bolokeha Ka Har’a Mollo
Morena Nebukadnesare o aha sets’oants’o se seholo sa gauta ‘me a qobella sechaba sa hae ho se khumamela. Ha ba hana, ba ne ba tla lahleloa seboping sa mollo.
Shadrake, Meshake, le Abede-nego ba ne ba rata Molimo ‘me ba ne ba ke ke ba khumamela molimo oa bohata oa morena.
metsoalle e meraro e ile ea bolella morena hore ba tla khumamela Molimo feela. Ba ne ba lumela hore Molimo o tla ba ts’ireletsa. Empa leha a ne a sa ba pholosa, ba ne ba tla emela seo ba neng ba se lumela.
Morena o ne a halefile. O ile a akhela metsoalle eo seboping sa mollo. Empa ha morena a sheba ka hare ho sebopi sa mollo, o ile a makala ho bona lengeloi le le ka hare ho sebopi sa mollo le banna ba bararo.
Morena o ile a bitsa Shadrake, Meshake, le Abede-nego, ‘me ba ile ba tsoa kahar’a mollo. Mollo o ne o sa ba lematsa kapa hona ho chesa liphahlo tsa bona.
Shadrake, Meshake, le Abede-nego ba ile ba mamela litaelo tsa Molimo, leha bophelo ba bona bo ne bo le kotsing. Mohlala oa bona o thusitse morena hore a lumele ho Molimo.
Leqephe la ho Taka
Baporofeta Ba Bitsetsoa ho Bua Mantsoe a Morena
Lits´oants´o ka Audrey Day. Li ka kopitsoa bakeng sa ts´ebeliso ea kereke feela.
U latela baporofeta joang?
© 2026 by Intellectual Reserve, Inc. All rights reserved. E hatisitsoe USA Tumello ea Sekhooa: 6/19. Tumello ea Phetolelo: 6/19. Phetholelo ea Monthly Friend Message, Mphalane 2026. Sotho (Southern). 20061 739