Motsoalle
Ruthe le Naomi
Loetse 2026


“Ruthe le Naomi,” Motsoalle, Loetse 2026, 46–48.

Molaetsa oa Khoeli Motsoalle, Loetse 2026

Ruthe le Naomi

Naomi le lelapa la hae

Lelapa la Naomi le ne le lula Juda. Ba ne ba se na lijo tse lekaneng ka lebaka la tlala, kahoo ba fallela Moabe.

Naomi, Ruthe le Orpa ba ts’elisana

Moabe, monna oa Naomi o ile a shoa ’me bara ba hae ba nyala basali ba bitsoang Orpa le Ruthe. Ba ile ba hlokomela Naomi ka lilemo tse 10. Empa joale banna ba Orpa le Ruthe ba ile ba shoa. Joale basali ba ne ba se ba le bang.

Ruthe o eteletse pele kamele eo Naomi a e palameng

Orpa a khutlela hae. Empa Ruthe o ne a batla ho sala le ho hlokomela Naomi. Ruthe le Naomi ba ile ba utloa hore naheng ea Juda ho se ho e-na le lijalo hape, kahoo ba ile ba etela teng.

Ruthe o bokella lijo-thollo ts’imong

Baile ba fihla nakong ea kotulo. Boase, eo e neng e le mong ka Naomi, o ne a e-na le masimo. O ile a lumella Ruthe ho khoatlapisa bakeng sa lijo. E ne e le mosebetsi o thata.

Ruthe le Boase ba ntse ba bua

Boase o ne a hlompha Ruthe ka hobane o ne a sebetsa ka thata ’me a ts’epahalla Naomi le Morena.

Ruthe le Boase

Ruthe a kopa Boase hore a monyale. Boaze o ne a tseba hore Ruthe ke mosali ea ts’epahalang ’me ea khabane. O ile a lumela.

Naomi, Ruthe, Boase le lesea

Ruthe le Boase ba ile ba nyalana ’me ba ba le ngoana oa moshemane. Lilemo tse ngata hamorao, Jesu Kreste o ile a tsoalloa lelokong lena.

Leqephe la ho Taka

Ka baka la Jesu Kreste, Nka Baka ’me ka Hloekoa

PDF ea leqephe la ho taka la mohlankana a fetisetsa sakramente ho ngoanana ea lutseng setulong sa kereke.

Lits´oants´o ka Audrey Day. Li ka qopitsoa bakeng sa ts´ebeliso ea kereke feela.

Ke eng se u thusang ho hopola ho etsa liqeto tse nepahetseng?