Bohle ba amohelehile. Etela kereke e haufi le uena.

Re sechaba se tsepamisitseng maikutlo ho Kreste, re etsa sohle se matleng a rona ho rata le ho sebeletsa ba bang. Hona le sebaka bakeng sa hau mona.
Fumana Kereke haufi le uena.
People in Lima, Peru: Attending Church

Lipotso tseTloaelehileng

Na litho tsa Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno ke Bakreste?

Ee! Re le litho tsa Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno, re lumela hore Jesu Kreste ke Mora oa Molimo ´me ke Mopholosi oa Lefats´e lohle. O re rata bohle ho feta ka moo re ka nahanang. Re inka joaloka balateli ba Jesu ba inehetseng. Le ha litumelo tse ling tsa rona li ikhethile, re lumela hore ka bophelo ba hae, bosebeletsi ba hae, sehlabelo sa hae, le ho tsoha bafung ha hae, Jesu Kreste o re pholosa sebeng, ts´otlehong le lefung.

Ithute haholoanyane ka litumelo.

Lits´ebeletso tsa kereke li joang?

Linako tsa ts´ebeletso ea kereke li fapana ho ea ka liphutheho. Le ha ho le joalo, kamehla u ka ts´epa ts´ebeletso ea khumamelo ea mantlha bakeng sa bohle, e lateloa ke lihlopha tsa bana, bacha, le batho ba baholo.

Ts´ebeletso ea bohle e bitsoa “kopano ea selallo.” Kopano ena e kenyeletsa lipina, lithapelo, le lithuto (kapa “lipuo”) tse fanoang ke litho tse fapaneng tsa phutheho beke le beke. Empa kopano ea bohlokoa ke ha re ja sacramente (eleng se ts´oanang le selallo) ho hopola Mopholosi.

Ithute haholoanyane ka ts´ebeletso ea Sontaha kapa fumana kereke haufi le uena.

Hobaneng Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno e na le litempele?

Ho Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno, tempele e fapane le meaho e meng ea kereke. Tempele ke sebaka seo Bahalaleli ba Mehla ea kajeno ba amohelang taelo e ikhethang ka Molimo le Jesu Kreste. Ka tempeleng, litho li etsa lilekane tsa bosafeleng (kapa lits´episo) le Molimo. Sena se kenyeletsa lits´episo tsa ho boloka litaelo, ho phela evangeli ea Jesu Kreste, ho ts´epahala lenyalong, le ho thusana ho hlokomelana ka ho arolelana seo re nang le sona.

Hape, hobane re lumela hore malapa ke a ka ho sa feleng, boholo ba mosebetsi o etsoang ka har´a tempele ke ho etsa khokahano ea malapa ho ba matla le ho feta. Manyalo ka tempeleng a etsoa hore ebe a bosafeleng.eseng feela “hofihlela le arohanngoa ke lefu.” Batsoali le bana eba malapa a bosafeleng tempeleng. Baholo-holo ba ka amohela lihlohonolofatso tsa tempele haeba e mong a etsa lits´ebeletso tse halalelang bakeng sa bona ´me ba amohela ketso eo ea ts´ebeletso. Litempele ke libaka tse phathahaneng.

Buka ea Mormone ke eng?

Buka ea Mormone ke buka ea mangolo a halalelang e susumelitsoeng e rutang ka Molimo le Jesu Kreste. E re thusa ho fumana tataiso bakeng sa bophelo ba rona ´me e ka re thusa ho ikutloa re le haufi le Jesu Kreste. Lebitso lee le tsoa hokae? Lilemo tsemakholo tse fetileng, moporofeta oa khale-khale ea neng a bitsoa Mormone o ile a bokella tlaleho ea batho ba habo. Ba ile ba tobana le liqholotso tse ts´oanang le tseo re tobanang le tsona. ´Me joaloka rona, ba ne ba fumana matla ha ba its´epela Jesu Kreste. Fumana selelekela sa Buka ea Mormone le barumuoa ba boruti lichabeng.

Buka ea Mormone e eme hammoho le Bibile ele e ngoe ea testamente ea Jesu Kreste le thomo ea hae e halalelang joaloka Mopholosi le Molopolli oa lefats´e. Hammoho, Bibele le Buka ea Mormone li fana ka kutloisiso e eketsehileng ea lerato la Molimo le leholo ho rona ´me li ka re thusa ho atamela ho eena. 

Ithute haholoanyane ka Bibele le Buka ea Mormone li sebetsoa joang hammoho.

Na re lumela ho Bibele?

Ee. Bibele ke lentsoe la Molimo, khatiso e halalelang ea mangolo a halalelang, me ho latela lithuto tsa eona ho tlisa thabo bophelong ba rona. ´Moho le Bibele, re boetse re fumana ts′usumetso libukeng tse ling tsa mangolo a halalelang tse ikhethang tsa Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno. Li sebetsa hammoho ho re ruta ka linnete ka Molimo le Jesu Kreste.

Ithute ho feta ka tumelo ea rona ka har´a the Bibele.

Bona Tse Ling

Atamela haufi le Molimo. Kopana le Barumuoa ba Boruti Lichabeng.

Kopana ka marang-rang kapa ka seqo. Re tla araba lipotso tsa hau me re u tsebise litho tsa kereke ea hau.

Kopa Ketelo
Two sister missionaries prepare to ride the subway in Hong Kong

Jesu Kreste, Mohlala Oa Rona Phethahetseng

“Re hloka ho rata le ho etsa hantle ho bohle. Re hloka ho qoba likhang ´me re be baetsi ba khotso lipuisanong tsohle tsa rona. Sena ha se bolele ho sekisetsa metheo le lintho tse tlang pele, empa ho emisa ho hlasela ba bang ka matla ka lebaka la etsa bona. Hoo, ke se entsoeng ke Mohlala oa rona o Phethahetseng boruting ba Hae. Hoo ke mohlala oo a re behetseng oona ha a re mema hore re mo latele.”
Leon Parson will be doing a painting of President Oaks and has requested photos of President Dallin H. Oaks as reference
Mookameli Dallin H. Oaks
Mookameli oa Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno

Sechaba sa Tumelo se Tsepamisitseng Maikutlo ho Jesu Kreste

Four Corners: Primary Children
Seo U Ka Se Lebellang Kerekeng
Kereke ke sets´abelo ho meferefere ea bophelo ba letsatsi le letsatsi —sebaka seo u ka khumamelang Molimo le balumeli ba bang ho leka ho feta ho ba joaloka Jesu. Re ka rata hore u re etele!
Pacific, New Zealand, Stock Photos
Litumelo tsa Rona
Litumelo tsa rona tsohle li tsepame ho Molimo le Jesu Kreste. Ithute haholo ka seo re se lumelang le kamoo litumelo tseo tsa mantlha li ka u susumetsang ho latela Mopholosi.
Fihlela Ho Re Tseba
Pacific, Tonga, Stock Photos
Fihlela Ho Re Tseba
U tla fumana litho tsa Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno hohle lefats´eng. Re metsoalle ea hau le bahaisane ba sebetsang hammoho ho leka ho etsa lefats´e e be sebaka se ntlafetseng.

Fumana litaba tsa morao-rao ka Kereke.

Lintho tse ntle lia etsahala ho potoloha le lefats´e. Fumana litaba tsa hajoale tsa mesebetsi ea kereke, liketsahalo, litlokotsi, liteko tsa lithuso, le tseling tse ngata.

Etela Phaposi ea Litaba
Chile: Family Life
Fumana Kereke
Haufi le Uena
Kopana le Barumuoa ba Boruti Lichabeng
Ithute Buka ea Mormone